Maemong a Pele
’Mali oa Molula-Qhooa o ngolile: “Ha re ile Pontšong ea Choctaw Indiana Philadelphia, Mississippi, ka Phupu 1981, re bile le monyetla oa ho bona pontšo e thahasellisang ea mesebetsi ea matsoho ea Maindia. Ha re talima tse hapileng meputso ra hlolloa ke ho fumana maemong a pele har’a libuka tsa bolumeli e le Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele.”
Re ikutloa hore le uena u tla nkela holimo buka ena e etselitsoeng litšoantšo tse ntle le e ngotsoeng ka mongolo o moholo. Litlaleho tsa eona tsa Bibele tse 116 li nea ’mali maikutlo a hore na Bibele e bua ka’ng. Lipale tsena li hlaha ka ho latellana ha liketsahalo tsa tsona paleng. U tla fumana hona e le thuso e khōlō hore na liketsahalo tse ling li etsahetse neng kamanong le tse ling. Fumana buka ena ea bohlokoa e maqephe a 256 ka ho tlatsa le ho rōmela setlankane sena.
Ka kōpo nthomelleng, poso e lefelletsoe, buka e sekoahelo se thata Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele, ke kentse R3,00 bakeng sa eona.