Lipotso tse Tsoang ho Babali
■ Tšenolo 7:17 e ka sebelisetsoa Bakreste joang kajeno, hobane re sa ntsane re lla ka linako tse ling?
Tšenolo 7:17 e bua tjena ka “bongata bo boholo” bo nang le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng: “Konyana e har’a terone e tla ba alosa, ’me e tla ba isa lilibeng tsa metsi a bophelo; ’me Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona.”
Moapostola Johanne o ile a bolelloa hore bongata bo boholo bo ‘tsoa mahlomoleng a maholo.’ (Tšenolo 7:9-14) Kahoo re utloisisa hore Tšenolo 7:14-17 e sebetsa ho batho ba emeng ka lehlakoreng la Molimo, ba amohelang mali a Kreste le ba tla pholoha ha tsamaiso ena ea hona joale ea lintho e fela “mahlomoleng a maholo.”
Tšenolo e re “ba hlatsoitse liaparo tse telele tsa bona, ba li soeufalitse maling a Konyana. . . . Ha ba sa tla hlola ba lapa, leha e le ho nyoroa; ha ba sa tla hlola ba batoa ke letsatsi, leha e le ke lebatana le leng,” ’me “Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona.” Mantsoe ana ha a lokela ho nkoa joalokaha a le joalo ka mokhoa oa sebele. Hobane’ng? E, ha baa hlatsoa ka sebele liaparo tsa bona maling a Konyana. ’Me ka linako tse ling ba hle ba lape le ho nyoroa, joalokaha ho ne ho le joalo ka Jesu ea phethahetseng. (Luka 4:2; Johanne 4:7, 8; 19:28, 29) Kahoo tšebeletso e khōlō ea Tšenolo 7:14-17 e tlameha e be ke ea tšoantšetso, kapa ea moea.
Buka “Then Is Finished the Mystery of God,” maqepheng a 207 le 208, e hlalosa litemana tsena. E bontša hore bongata bo boholo hona joale ha boa lapa kapa hona ho nyoroa moeeng; bo iphepa ka Lentsoe la Molimo ’me bo nka karolo tšebeletsong ea oona, tse ka fetohang Iijo le lino bakeng sa bona, joalokaha ho ne ho le joalo ka Jesu. (Johanne 4:32-34) Ha ba otloe ke lebatana la ho se amohelehe ho Molimo, leha e le hore ho tla ba joalo mahlomoleng a maholo. Hape ha bo sa bokolla (joalokaha ho ka ’na ha etsahala hore e be ho ne ho le joalo nakong e fetileng) ka ho se tsebe Molimo kapa ka ho ba le kamano e mpe le oona. Ka kutloisiso ena, Molimo o se o ‘hlakotse meokho eohle mahlong a bona.’
Empa hamorao, ho Tšenolo 21:3, 4, re tiisetsoa hore ha mahlomola a maholo a se a fetile leha ho se ho hlomiloe tsamaiso e ncha ea ho loka batho ba tšepahalang ba tla tseba mahlohonolo a bonahalang a tla akarelletsa ho se bokolle, ho se lle kapa bohloko. Joale ruri bohloko bo llisang, masoabi le mahlomola li tla be li fetile.