Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 2/1 maq. 4-5
  • U ka ba le Tšepo Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U ka ba le Tšepo Joang?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Batla Bophelo bo Sireletse- Hileng
    Tsoha!—1998
  • Ke Topollo Efe e Teng Hona Joale?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Na Batho ba ka Tlisa Khotso le Tšireletseho Tsa Kamehla?
    Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—U Ka Li Fumana Joang?
  • Tlokotsi ea—ho Hloka Mosebetsi
    Tsoha!—1996
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 2/1 maq. 4-5

Na o Ikutloa u e-na le Tšepo?

U ka ba le Tšepo Joang?

NA U lekile lipotso tsa rōna tse leqepheng la 3? U lumellane le tse kae? Haeba u arabetse ka “E” ho e le ʼngoe kapa ho feta lipotsong tseo, hase uena feela ea ikutloang a feletsoe ke tšepo. Baahi ba bangata ba lefatše ba phela nakong ea hona joale e sa qaqang ʼme le bokamoso ba bona ha boa hlaka hantle.

Tlhahlobo e latelang e khutšoanyane e ka u thusa ho utloisisa boima bo lefatšeng lohle ba mathata ana.

KHAELLO EA MESEBETSI: Boholo ba Europe bo hlasetsoe ke khaello ea mesebetsi, ho etsang hore malapa a baloang ka limillione a hloke tšepo. Ho joalo le United States, moo batho ba fetang limillione tse robong ba sa sebetseng. Ka khaello ea mesebetsi e ntseng e phahama, Ivor Richard, komishenare ea Europe ea litaba tsa batho, o lemositse hore: “Hona ho tlameha ho sitisa mokhoa oa tulisano tsamaisong ea rōna. . . . [Ho] ka ʼna ha bea kotsing metheo ea mekhatlo ea rōna e lokolohileng le ea puso ea sechaba ka sechaba.” Na u ikutloa u e-na le tšepo ha u sa sebetse?

HO PHAHAMA HA THEKO: Na chelete ea hao e reka ho honyenyane ho feta lilemong tse fetileng tse leshome? Tlokotsi ea oli lilemong tse fetileng tse leshome e ile ea tiisa hore hoo e ka bang naha e ʼngoe le e ʼngoe e be kotsing ea ho phahama ha theko. Ka mohlala, Brithani liphahlo tse neng li rekoa ka £1 ka 1961 hona joale li atamela £6. Linaha tse ngata theko ea tsona e phahame hole ho feta moo. Mohlomong ea h’eno ke e ʼngoe ea tsona. Haeba chelete ea hao e se e reka ho honyenyane, na u ka ikutloa u e-na le tšepo ka nako e tlang?

TLŌLO EA MOLAO: Ke mang ea sa tsamaeeng a tšohile ho oela liatleng tsa batlōli ba molao? Ke seoa lefatšeng ka bophara. Lihlooho tsa litaba tsa Japane haufi tjena li tsoa phahamisa bothata ba naha eo: “Botlokotsebe ba Bana bo Phahama ka Mokhoa o Tšosang ʼMuso,” “Ho Ameha ha Bana Tlōlong ea Molao ho Roba Rekoto.” Baahloli ba sa tsitsang le menyako ea toka e bulehang habonolo ka potlako li khutlisetsa batlōli ba molao literateng tsa linaha tse ngata. Taba e ʼngoe ea mohlophisi oa Spanishe e ile ea phahamisa potso e makatsang, “E be ha ho sa na melao e otlang linokoane?”

MATLO A BOEMO BO TLASE: Malapa a baloang ka limillione lefatše lohle a sa ntsane a lula matlong a tletseng likhoto le a nyeunyang maphele le a se nang metsi ka tlung. Ha re fane feela ka tlhaloso e tloaelehileng e bontšoang ka ba kotsameng literateng tsa Bombay, India, kapa ba lulang mabitleng Cairo, Egepeta. Ho thoe’ng ka mek’huk’hu e tsofetseng le matlo a lirutha metseng e meholo lichabeng tsa Bophirima tse “tsoetseng pele?” Tlaleho e ʼngoe e tsoang morerong oa kaho ea matlo oa Cabrini-Green Chicago, USA, e re: “Hang ha ba kena ka tlung, beng ba matlo ba loantšana le likhoto tsa litonana le maphele a sebeselang ka mehahong e mengata ea Cabrini-Green.” Ho mafutsana a mangata, ha ho ho hong ho molemo. Bokamoso bo lefifi.

TLALA: Mohloli oa litaba o bolela hore karolo tse peli ho tse tharo tsa ba lapileng ba lefatše li linaheng tse robong tse emelang karolo ea 27 lekholong ea baahi ba lefatše. London Financial Times, tlas’a sehlooho “Bafumanehi ba Fumaneha ho ea Pele,” ea hlalosa: “Mohlomong bothata bo fetisisang, matla a Afrika a ho fepa baahi ba ntseng ba eketseha ba eona khale a felile, ʼme lekhalo le ntse le ahlama.” Le linaheng tse tsoetseng pele meputso e sa lekaneng le bofuma li khothalletsa tlala le moo nala e leng teng. Na u litlallong tsa bohobe ba tsatsi le leng le le leng?

NTOA KA MALAPENG: Ho tlalehoa hore USA ho qhalana manyalo a karolo e ka bang ea 40 lekholong. Naheng eona eo bana ba ka bang limillione tse leshome le metso e ʼmeli ba ka tlase ho lilemo tse leshome le metso e robeli batsoali ba bona ba hlalane. Likarolong tse ngata tsa lefatše batho ba baholo ba limillione ba phelang hammoho ha ho mohla ba kileng ba nyalana ka molao. Bopaki ba ho tsekoloha ha lelapa moo bo bonoa ka palo ea basali ba nyetsoeng ka mokhoa oa moo ba lahliloeng le bana ba matšèo. Na batho ba baholo le bana ba ka ikutloa ba e-na le tšepo ha lebanta la lenyalo le tlamoloha?

HO AMEHA KA BANA: Merusu likolong ke bohloko bo atang. Ka 1981 motse oa New York ka lekhetlo la pele oa bea balebeli ba likolo ba hlometseng ba 420 likolong tsa oona tse tlase ka boiteko ba ho fokotsa ho hlaseloa ha matichere le bana ba sekolo. Likolo tsa Brithani le tsa Japane le tsona li mahlomoleng a merusu. Ka taeo e oele joalo, na u ka ikutloa u e-na le tšepo ka thuto ea ngoana oa hao?

HO NGONGOREHA: Toronto Star ea Canada e ile ea bolela hore: “Limillione Amerika Leboea li mamelletse ka khutso bohloko bo kōkōnang manyalo, mesebetsi—le bophelo. . . . Ho ngongoreha ke bohloko ba seoa bo senyang haholo har’a batho.” Koranta eona eo ea qotsa ngaka ea mafu a kelello Emmanuel Persad a re: “Bafuputsi ba bangata ba lumela hore ho ngongoreha ho fetohile seoa lilemong tsa morao ka baka la ho oa ha boemo ba lichelete, ho tsekoloha ha malapa, le ho itšehla thajana ha batho.” Na ho ngongoreha ho atileng hase bopaki ba tlokotsi ea hore ha ho tšepo?

LITHETHEFATSI: Ba bangata ba itšehelitse ka ho lemalla lithethefatsi. Lichelete tse ngata li senngoa tsatsi le leng le le leng ka koae le tšebeliso e mpe ea tahi le lithethefatsi. Na hoo ho bontša hore tšepo e teng?

NTOA E ʼNGOE E KHŌLŌ—E TLA TLA, E KA ʼNA EA TLA KAPA E KE KE EA QOJOA? Baeta-pele ba bang ba lefatše ba fihlela maikutlo a hore ntoa ea libetsa tse kotsi e ka loanoa ea ba ea hlōloa, ho fapana le maikutlo a nakong e fetileng a hore e tla ba larita. Na u-ua tiisa hore ho tla ba le ntoa e ʼngoe e khōlō?

Boemo bona bo se nang tšepo bo fetang joaloka baesekopo bo bontša eng? Na u hlile u ikutloa u na le tiiso ka bokamoso ba hao le ba lelapa la hao? Na u na le boikhethelo bo bong ntle ho ho tšepa baeta-pele ba lipolotiki le ba sesole le baruti ba batšelisi? Na ho na le tsela e tiileng ea tšepo? Lihlooho tse latelang li tla fana ka likarabo.

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Na u na le tšepo ka bokamoso ba bana ba hao? Bohobe ba bona ba letsatsi le letsatsi? Thuto ea bona? Hona ho pholoha ha bona?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela