’Nete e Fumanoe Sebakeng se Tšopholi
Lengolo le latelang le tsoang ho monna e mong Hartford, Connecticut, le amohetsoe ntlo kholo ea Lipaki tsa Jehova:
Ho ea amehang:
Ke rata ho tseba haeba buka e nyenyane ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng e hatisitsoe ke Lipaki tsa Jehova. Ka kopo ’ngolleng ’me le mpolelle hore na buka eo ke ea bolumeli bofeng. Ke thahasella ho tseba hobane hoseng ho hong ha ke ntse ke theosa seterata se seholo Hartford, ke fumane buka ena e nyenyane e lahletsoe litholeng. Ke sehlooho se nkhapileng maikutlo. . .
Ke Mok’hatholike hobane boo ke bolumeli boo batsoali ba ka ba ntsebisitseng bona, empa e seng hobane letsoalo la ka le mpolella joalo. Ho seo ke se bonang bukeng ena, ke lumela hore ke fumane seo ke ’nileng ka se batla ka lilemo tse telele—’Nete. ’Me ke e fumane qubung ea lithole—ka Labohlano le leng ka hora ea 9 hoseng, ka la 4 Tšitoe, 1981. Ka kōpo nthomelleng aterese ea Hartford ea kereke ea bolumeli boo buka ena e leng ea bona.
Ke le lakaletsa lehlohonolo la selemo se secha,
Oa lona Kannete,
A. C. G.
U ka amohela buka e maqephe a 192 “’Nete e isang Bophelong bo sa Feleng” ka ho tlatsa le ho romela leqetšoana le ka tlase.
Ka kopo nthomelleng, poso e lefelletsoe, buka e sekoahelo se thata ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng. Ke kentse lisente tse 90.