Lipotso tse Tsoang ho Babali
▪ Jesu o ne a bolela’ng ha a re: “Lebone la ’mele ke leihlo; ka baka leo, ha leihlo la hao le lokile, ’mele oohle oa hao o tla ba le leseli.”
Ba bang ba na le khopolo ea hore mantsoe ana a Mattheu 6:22 a bolela ho hong ho amanang le bophelo ie meriana, joalokaha eka leihlo ke eona tsela e ka sehloohong ea ho lemoha maloetse kapa mefokolo ea ’mele. Leha ho le joalo, hoo ha ho lumellane le se potolohileng taba. Jesu o ne sa tsoa lemosa ka ho ‘bokella matlotlo lefatšeng.’ ’Me ha a qeta mantsoe a hae ka “leihlo,” a phehella ho sebeletsa Molimo ho e-na le maruo.—Mattheu 6:19-24.
Ho totobetse hore taba eo Jesu a neng a e hlakisa ke hore barutuoa ba hae ba be ie leihlo le ‘lokileng’ le hlileng le tobileng ntho e le ’ngoe ho e-na le ho faposoa ke ntho e kang leruo. Mokreste eo kelello ea hae e lutseng ho etseng thato ea Molimo o-oa ‘khanya,’ hobane khanya ea hae e fetela ho ba bang tlotlisong ea Molimo.