Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 3/1 maq. 4-5
  • Molimo o Batla Hore Lebitso la Oona le Tsejoe

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Molimo o Batla Hore Lebitso la Oona le Tsejoe
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Molimo o na le Lebitso
    Ithute ho Mosuoe e Moholo
  • Ho Tseba Litsela Tsa Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Sehlahla se Tukang
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Buka ea Bibele ea 2—Exoda
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 3/1 maq. 4-5

Lentsoe la Molimo Lea Phela

Molimo o Batla Hore Lebitso la Oona le Tsejoe

NA U ua tseba hore Molimo o na le lebitso? Jesu eo u ’monang mona a rapela le barutuoa ba hae, o re ho Molimo: “Ke ba tsebisitse lebitso la hao, ’me ke tla ’ne ke ba tsebise lona.” (Johanne 17:26) Re se ke ra makatsoa ke taba ea hore Molimo o na le lebitso. Motho e mong le e mong o na le lebitso, ho kopanyeletsa le Mora oa Molimo, Jesu.—Luka 1:30-32.

Batho ba rata ho bitsoa ka mabitso a bona. ’Me Molimo le oona o batla hore batho ba tsebe lebitso la oona. Ke ka baka leo o ileng oa susumetsa mongoli oa Bibele hore a ngole mantsoe ana: “Ba tle ba tsebe hore uena, eo lebitso la hao e leng Jehova, u rena u notši lefatšeng lohle.” (Pesaleme ea 83:18) Boholo-holo Molimo o ile oa bonahatsa bohlokoa ba lebitso la oona ho Moshe.

Ka tsatsi le leng ha Moshe a ntse a sebetsa joaloka molisa naheng ea Midiane, a lisitse linku, a bona mohlolo. E ne e le sehlahla se tukang, empa se sa che! Ha a atamela ho se shebisisa, joalokaha u ’mona, lentsoe la tsoa mahareng a sehlahla se tukang, la hoeletsa: “Moshe! Moshe!”

E ne e le Molimo o neng o bua. O ne o batla hore Moshe a ee ho Faro, morena oa Egepeta, ’me a ntše batho ba oona Egepeta. Empa Moshe a re ho Molimo: “Ke tla ea ho bana ba Iseraele, ’me ke tla re ho bona, ‘Molimo oa bo-ntat’a lona o nthomile ho lona;’ etlare ha ba re ho ’na, ‘Lebitso la oona ke mang?’ Ke tla re’ng ho bona? Molimo oa bolella Moshe hore a ba bolella hore: “Jehova Molimo oa bo-ntat’a lona . . . o nthomile ho lona.”—Exoda 3:1-15.

Ka baka leo, ha Moshe a ea Egepeta ho ea buisana le Faro, Baegepeta ba nahana hore Jehova ke molimo-ngoana oa bana ba Iseraele. Ba ne ba sa kholoe hore ke Molimo oa lefatše lohle. (Exoda 5:2) Ka hona Molimo oa bolella Moshe hore a bolelle Faro hore o tla etsa hore ‘lebitso la oona le tume lefatšeng lohle.’ (Exoda 9:16) Na ua tseba hore Jehova o entse joang hore sena se etsahale?

Jehova Molimo o ile a etsa hore Moshe a etelle-pele sechaba sa hae ho tsoa Egepeta, empa Baegepeta ba ba lelekisa. Ha ba fihla Leoatleng le Lefubelu ha bonahala ho se kamoo ba ka phonyohang Baegepeta ba ba phalletseng. Empa Jehova a laela Moshe hore a otlolle lere la hae holim’a metsi, ’me metsi a arohana ho etsa hore Baiseraele ba balehang ba tsamaee moo ho omileng. Kamor’a moo Jehova a re Moshe a otlolle lere la hae hape holim’a metsi, joalokaha u bona mona, ’me metsi a koahela Baegepeta, ba khangoa kaofela ha bona. Litaba tsa ketsahalo ena e kholo tsa phatlalla hole le haufi hoo batho libakeng tsohle ba ileng ba ithuta lebitso la Molimo.—Exoda 14:21-31; Joshua 2:9-11.

Kajeno teng? Na Molimo o ntse o batla hore lebitso la oona le tsejoe lefatšeng lohle? E. ’Me ke habohlokoa hore batho ba kajeno ba ithute ka Jehova ’me ba mo sebeletse. Ho seng joalo, joalokaha ho ile ha etsahalla Baegepeta ba manganga ba ileng ba hana ho tseba Jehova, ba tla felisoa “mohla morena Jesu a bonahalang a e-tsoa leholimong . . . ho iphetetsa ho ba sa tsebeng Molimo.”—2 Ba-Thessalonika 1:7-9.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela