Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 3/1 leq. 6
  • Lebitso la Molimo “Testamenteng e Ncha”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebitso la Molimo “Testamenteng e Ncha”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Lebitso Jehova, le Lokela ho Hlaha Testamenteng e Ncha?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • “New World Translation”—Ke ea Boleng bo Phahameng Thutong le Botšepehing
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Ntlha ea Bohlokoa Bakeng sa Barati ba Lentsoe la Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Na Testamente ea Khale e Siiloe ke Nako?
    Tsoha!—1988
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 3/1 leq. 6

Lebitso la Molimo “Testamenteng e Ncha”

LIPHETOLELO tse ngata tsa “Testamente e Ncha” ha li sebelise lebitso le khethehileng la Molimo o Matla ’Ohle. Hobane’ng? Na ke hobane ka bofofu ba latela liphetolelo tsa Segerike? Ka moo ho bonahalang mabakeng a mangata oo ha se morero oa bona o moholo, hobane le teng ha ba sebelise lebitso leo “Testamenteng ea Khale.” Leha ho le joalo Seheberung sa boholo-holo, ho phaella mantsoeng a joaloka Morena le Molimo, lebitso le loketseng la Molimo le hlaha ka makhetlo a ka bang 7 000.

Leha ho le joalo bafetoleli ba bang ba hlokometse hore, lebitso la Molimo ke la “Testamente e Ncha” haeba e se ka tlas’a lebaka le leng la hore e qotsa ka ho toba Mangolo a Seheberu moo lebitso leo le sebelisitsoeng. Kahoo hoa thabisa hore, puong ea Sejeremane, bonyane ho na le liphetolelo tse hlano tsa “Testamente e Ncha” tse nang le lebitso la Molimo.

E ’ngoe ea tsona, phetolelo ea Dominikus von Brentano ea 1796, e sebelisa lebitso la Molimo ka makhetlo a mabeli temaneng ea eona ea pele, e ne e ntse e sebelisoa libukeng tsa Watch Tower nakong e fetileng. Liphetolelo tse peli tse tlatseletsang tseo li sebelisa lebitso leo ho Mareka 12:29—e ’ngoe ke phetolelo ea Stolz, e hatisitsoeng Zurick, Switzerland, ka 1781, ’me e ’ngoe, ke phetolelo ea Moprofesa Dr. Johann Barbor, e hatisitsoeng Vienna, Austria, ka 1805. Ho na le Bibele e ’ngoe e bitsoang Bonner Bible, e fetoletsoeng ke Moprofesa D. P. Dausch ’me ea hatisoa Bonn, Jeremane, ka 1932, e sebelisa “Jahve” ho Luka 20:37.

Phetolelo e ’ngoe ea Sejeremane e sebelisa lebitso Jehova, ka makhetlo a leshome “Testamenteng e Ncha.” Ena ke phetolelo ea meqolo e ’meli e bitsoang New Testament of the Holy Scriptures e hlahileng Munich, Jeremane, ka 1789 le ka 1790. Le hoja ho sa ngoloa lebitso la mofetoleli, buka Die Bibel in Deutschland (Bibele ea Sejeremane), leqepheng la 281 e re: “Phetolelo ena ke ea [Sebastian] Mutschelle. Ea hlahileng ka la Pherekhong 18, 1749, mane Allerhausen bei Freising, o ile oa ingolisa sehlopheng sa bolumeli sa Jesuit a sa le monyenyane.”

Lebitso la Molimo le hlaha liphetolelong tsa “Testamente e Ncha,” e seng ka Sejeremane feela empa le ka lipuo tse ling tse mashome a mahlano, ho kopanyeletsa le Seheberu.

[Lebokose le leqepheng la 6]

Lebaka le Etsang hore le u Ame

‘Motho a ka ’na a botsa, ’empa ho etsa phapang efe ha re sebelisa lebitso la Molimo leha re sa le sebelise?’ Ho na le phapang e kholo! Nahana: “Testamenteng e Ncha” ho boleloa hore Molimo “o tla etela lichaba ho ikhethela har’a tsona sechaba se ikhethetseng lebitso la oona.” (Liketso 15:14) Haeba u sa tsebe lebitso leo ’me u sa le sebelise, na u ka kopanyeletsoa le batho bao Molimo o ba khethileng e le ba hae? Ha rea lokela ho tseba lebitso la Molimo feela empa re lokela ho le rorisa ho ba bang, joaloka ha Jesu a entse ha a le lefatšeng.—Mattheu 6:9; Johanne 17:6, 26.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela