Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 4/15 leq. 20
  • Na Bana ba Batla Melao?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Bana ba Batla Melao?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Hobane’ng ha ke Beheloa Melao e Mengata Hakaale?
    Tsoha!—2006
  • Ke Hobane’ng ha ke Beheloa Melao e Mengata Hakaale?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
  • Batsoali—Koetlisang Bana ba Lōna ka Lerato
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Beha Melao e Hlakileng ea Lapeng ’me U e Sebelise Hang-hang
    Tsoha!—2007
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 4/15 leq. 20

Na Bana ba Batla Melao?

DR. Harry Mendelsohn, motsamaisi oa bongaka ba lelapa sepetleleng sa New York sa Montefiore le setsi sa Bongaka, o re, “Ho sa tsotellehe hore na ngoana o bonahala a hōlile hakae kelellong, e ntse e le ngoana.” ’Me melao eona e ntse e hlokahala. O hlalosa hore: “Motsoali o lokela ho laela. Lelapa hase puso ea lentsoe la bohle, le hoja ho lokela hore ho khothalletsoe ngoana e mong le e mong hore a tlatsetse. Empa qetellong liqeto tsohle li tlameha ho lula ho batsoali. Melao e lokela ho etsoa, ’me e hlake ’me e ’ne e phetoe. Bana ba se ke ba e-ba le boikarabelo ba ho etsa melao eo e leng ea bona.”—New York Daily News, la 13 Loetse, 1981.

“Bana ba tseba ho qhekella haholo,” kamoo ho bolelang motsamaisi oa setsi sa bacha. “Ba tla latola hore ha ba hloke melao, empa haeba u qhala maqiti ao, u fumana ho fapaneng le hoo. Botebo ba taba ke hore ba nahana hore melao e utloahalang ke pontšo ea lerato.”

Na bana baa lumela? Ka sehlopha sa “Melao bakeng sa Batsoali e entsoeng ke Bashemane ba Sekolo sa Khalemelo,” tse ling tsa lintho tseo ba li buang ke tsena!

“Le re koatise hanyenyane. Le tiee ’me le tsitse ha le tšola khalemelo. Le re bontše hore na seeta ho lla sa mang. Ho re etsa hore re ikutloe re sireletsehile ho tseba hore re tšehelitsoe ka matla.

“Hotetsang lebone; le re bontše tsela. Re bolelleng hore Molimo o-oa phela, ha o-oa robala, kapa ha o phomolong. Re batla ho lumela ntho e ’ngoe e kholoanyane le e matlanyana ho re feta.

“Ha le re tšoara re qala leshano, re utsoa kapa re le sehlōhō, etsang hore re tsebe hore na ke hobane’ng ha seo re se entseng se fosahetse. Ha ho hlokahala hore re khalemeloe, re tšoleleng hona, empa le etse hore re ’ne re tsebe hore lea re rata.

“Le re batle bopaki. Le se ke la hloka ’nete ’me le se ke la tšosoa ke litšokelo tsa rōna hore re tla tlohela sekolo kapa re tlohe lapeng. Emang le tiile. Bana ha ba hlile ha ba batle ntho e ’ngoe le e ngoe eo ba e kōpang.”

Hona hohle ho hlalositsoe ka polelo e khutšoanyane ke e mong ea bohlale ho feta batsoali bohle, e moholo ho batsamaisi bohle ba katleho ea bana, Jehova Molimo. Lentsoeng la hae le bululetsoeng, Bibele, ho thoe: “Lōna bo-ntat’a bana, le se ke la halefisa bana ba lōna; le mpe le ba hōlise ka ho ba laea le ka ho ba rutela Moreneng.” (Ba-Efese 6:4) ’Mōpi ha a utloisise feela se hlokoang ke bana empa hape le se hlokoang ke batsoali. Ebang u mocha kapa u motsoali, ela hloko lintlha tse thusang lihloohong tse peli tse latelang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela