Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 4/15 maq. 18-19
  • Bafu ba Kae?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bafu ba Kae?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Bo-mang ba Eang Liheleng?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Ha e le Hantle Lihele ke Eng?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Ho Etsahetse’ng ka Mollo oa Lihele?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Thuto e Iqapetsoeng ea 2: Ba Khopo ba Hlokofatsoa Liheleng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 4/15 maq. 18-19

Lentsoe la Molimo Lea Phela

Bafu ba Kae?

MONNA ea llang mona ke Jakobo. O mesarelong e meholo hobane o khotsoe hore mora oa hae eo a mo ratang haholo Josefa o bolailoe. Kobo e telele eo Jakobo a e tšoereng e mali ke ea Josefa. Jakobo o-oa lla, “Selalome se mo jele; jo! Josefa o harotsoe.”—Genese 37:33.

Batho ba bokanetseng Jakobo ke bana ba bang ba hae. Ba leka ho tšelisa ntat’a bona. Leha ho le joalo, joalokaha Douay Version ea Bibele ea K’hatholike e hlalosa: “O ne a sa tšelisehe, empa a re: Ke tla theohela ho mora oa ka liheleng, ke lla.”—Genese 37:35.

Jakobo o ne a lumela hore Josefa o hokae? Na o ne a lumela hore Josefa o ile sebakeng sa tlhokofatso ho ea phela teng ka ho sa feleng, hona na Jakobo o ne a batla ho ea moo ho teana le eena? Kapa, ho e-na le hoo, na Jakobo o ne a nahana hore mora ea ratoang oa hae o shoele ’me o lebitleng le hore Jakobo ka boeena o ne a batla ho shoa?

Bona monna enoa ea bohlokong bo boholo. Ke Jobo ea tšepahalang. Tsielehong ea hae o rapela Molimo: “Ke mang ea tla nkhauhela hore u ntšireletse liheleng, ’me u mpate ho fihlela bohale ba hao bo feta, ’me u mpeele nako eo u tla nkhopola ka eona?”—Jobo 14:13, Douay Version.

Ho hlakile hore Jobo o batla ho shoa ho balehela mahlomola a hae le bohloko. Joale o lumela hore o tla ba boemong bofe ha a shoele? Bafu ba kae? Jobo ha a lumele hore o tla be a phela sebakeng se bitsoang lihele ha a shoa, leha e le hore o tla hlokofatsoa moo ka mollo. Jobo o tseba hore ha motho a shoa o ea ho seo Bibele ena ea K’hatholike e se ’bitsang lihele, o mpa a ikela lebitleng la hae moo motho a sa ikutloeng ’me kahoo a sa utloe bohloko. (Moeklesia 9:5, 10) Lentsoe la mathomo le neng le sebelisoa Seheberung bakeng sa sebaka sena sa bafu ke Sheol, ’me le bolela lebitla le tloaelehileng la batho. Kahoo, ka mangolong a qotsitsoeng mona, Libibele tse ling, tse kang Authorized Version lentsoe ke “lebitla” ho e-na le “lihele.”

Na ba sa ikutloeng ba ka lebitleng ba na le tšepo? Na ba ka phela hape? E, Bibele e re: “Lefu le lebitla [lihele, Authorized Version, ka thoko ho leqephe] tsa ntša bafu ba ho tsona.” (Tšenolo 20:13, 14) Tsee ke litaba tse molemo hakaakang! Molimo o tla khutlisetsa batho ba shoeleng bophelong, o phethathatsa tšepo ea batho ba kang Jobo ba neng ba kholoa tsoho.—Jobo 14:14, 15.

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Ha Jakobo a bolella lelapa la hae hore mora oa hae o liheleng, o bolela’ng?

[Setšoantšo se leqepheng la 19]

Jobo a ka rapella ho ea liheleng hobane’ng?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela