Lefatše la Hosesane ke la Mofuta Ofe?
HO NA le eng sebakeng? Lefatše le fapaneng.
Eo ke khakanyo e entsoeng ka bokamoso ke boemeli ba United States joalokaha e fumaneha ho “The Global 2000 Report to the President.” Moqolo oa Pele, o entsoeng ke Lekhotla la Tikoloho ea Sebaka le Lekala la Naha, o re: “Ka 2000 lefatše le tla fapana le lefatše la kajeno ka litsela tsa bohlokoa.” Ka litsela life?
Har’a lintho tse ling, tlaleho e bolela sena pele ho nako:
● “Batho e tla ba boieane. Bakeng sa batho ba bang le ba bang ba babeli ba neng ba le teng ka 1975 ho tla ba le ba bararo ka 2000.”
● “Lekhalo le pakeng tsa ba ruileng haholo le ba futsanehileng haholo le tla be le eketsehile.”
● “Mehloli ea lintho e tla be e fokotsehile haholo.”
● “Tikoloho e tla be e lahlehetsoe ke boholo ba matla a ho ikhona bophelong.”
● “Theko e tla be e phahame haholoanyane.”
● “Lefatše le tla be le kenelloa habonolo ke likoluoa tsa tlhaho hammoho le likhathatso tse bakoang ke batho.”
● “Qetellong, ho hatisoa hore haeba mekhoa ea batho e ntse e tsoela pele e sa fetoha lefatše le tla ba kahosele ka baka la menyetla e lahlehileng.”
Ntle ho pelaelo u tla lumela hore litebello tsena li bosula. Ho hang hase motheo oa thabo e khōlō.
Empa leha ho le joalo Mangolo a khothalletsa thabo, a re: “Lōna ba-lichaba le nyakalle le sechaba sa oona.” (Ba-Roma 15:10; bapisa Deuteronoma 32:43) Sechaba seo ho buoang ka sona mona ke batho ba rapelang Molimo ka tsela e amohelehang ho oona. Ba ho etsa ka “moea le ka ’nete.” (Johanne 4:23, 24) Empa kaha hona joale re talimane le mathata a mangata hakana, na kannete ho na le lebaka leha e le lefe la ho nahana hore u tla ke u phele lefatšeng la thabo?