Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 3/15 maq. 4-6
  • Na U Tla ke U Phele Lefatšeng le Thabileng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U Tla ke U Phele Lefatšeng le Thabileng?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Seo ’Muso o Tla se Etsa
  • Ho Hong ho Hocha Sebakeng
  • Thabo e ka Fetohang ea Hao
  • Lefatše le Lecha le Haufi!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • ’Muso oa Molimo ke Eng?
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Leholimo le Lecha le Lefatše le Lecha
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
  • ’Muso O Tla Tlisa Paradeise
    ’Muso O Tla Tlisa Paradeise
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 3/15 maq. 4-6

Na U Tla ke U Phele Lefatšeng le Thabileng?

BA IPAKANG hore ba rata Molimo—“sechaba sa oona”—ba na le mabaka a utloahalang a ho lokisetsa ho phela lefatšeng le thabileng. (Ba-Roma 15:10) Le hoja nako e tlang e haufinyane ho bonahala e le lerootho bakeng sa lefatše la batho, Molimo oa leholimo o na le “Evangeli e khanyang” ea oona e boleloang lefatšeng ka bophara, ’me ruri ke molaetsa o khothatsang. (1 Timothea 1:11) Haufinyane, ’muso oa leholimo oo e leng khale o tšepisitsoe oa Messia Morena Jesu Kreste o tla etsolla liphetoho tse tšosang tse totobetseng haholo hakana lefatšeng kajeno ’me o tla felisa mathata a hlasetseng batho hona joale. ’Muso oo o tloha o kenya lefatše le thabileng.

Seo ’Muso o Tla se Etsa

Na kameho e teng ka hore baahi ba lefatše ba tloha ba e-ba bangata ho tlōla? Hoo ho ke ke ha tsietsa Jehova Molimo kapa Morena Jesu Kreste. E ne e le morero oa Molimo tšimolohong hore batho ba ‘tlale lefatše,’ e seng ba khaphatsehe holim’a lona. Ho sa tsotellehe hore na ho finyelloa ka mokhoa ofe, re ka tiea hore thato ea Molimo e tla finyelloa tabeng ena lefatšeng.—Genese 1:27, 28; Esaia 45:18.

Tlas’a puso ea ’muso oa Molimo, na ho tla ba le lekhalo le tepeletsang pakeng tsa ba ruileng le mafutsana? Che. Ho e-na le hoo, ho hlile ha boleloa ka mokhoa o tšepahalang ka Mangolong hore morena ea molemo oa Molimo “o tla boloka ea lesitsi.”—Pesaleme ea 72:1, 12, 13.

Na ho na le mabaka a ho hlomoha ka baka la mehloli ea lintho e ntseng e senyeha le hore sebaka se lahleheloe “ke boholo ba matla a ho ikhona bophelong”? Na re lokela ho hlomoha hobane theko ea lintho e ntse e phahama hoo e imelang motho ea itekanetseng feela bophelong? Ha nako e tlang e haufi e sa bontše molemo oa letho o moholo lintlheng tsena, Lentsoe la Molimo, Bibele, lea tšepisa: “Nala ea mabele e tla ba teng lefatšeng holim’a lithaba, liqoapi tsa ’ona li hoase.” (Pesaleme ea 72:16) Na hoo ho utloahala eka ke lefatše le haelloang ke mehloli ea lintho, ka tikoloho e haelloang ke “matla a ho ikhona bophelong”? Kapa na tšepiso eo ea Mangolo e bontša hore lintho tse hlokahalang li tla haella hoo bophelo bo khotsofatsang bo ke keng ba e-ba teng lefatšeng? Le hanyenyane.

Tlas’a puso ea ’muso, na lefatše “le tla kenelloa habonolo ke likoluoa tsa tlhaho hammoho le likhathatso tse bakoang ke batho”? Che, hobane haufinyane Molimo o ‘tla felisa’ lintoa ka ho sa feleng. Ho feta moo, tlas’a tsamaiso ea ’muso mahoatata a tla tlala lipalesa, ’me lintho tse kotsi li ke ke tsa hlola li bea bophelo ba batho kotsing. Thabo e se nang moeli e tla nka sebaka sa mathata a nang le mahlomola.—Bapisa Pesaleme ea 146:1, 9; Esaia 35:1-10; 65:25.

Ho Hong ho Hocha Sebakeng

Har’a boprofeta bo bongata bo khothatsang bo hlileng bo bolelang pele ho nako mahlohonolo a hlollang bakeng sa batho ke bo ngotsoeng ke moapostola Johanne oa Mokreste ka mantsoe ana:

“Eaba ke bona leholimo le lecha le lefatše le lecha; hobane leholimo la pele le lefatše la pele li ne li fetile, le lona leoatle le ne le se le le sieo. Eaba ke bona motse o halalelang, Jerusalema e mocha, o theoha leholimong ho Molimo, o itokisitse joale ka monyaluoa ea itlhophiselitseng monna oa hae. Ka utloa lentsoe le phahameng le e-tsoa teroneng, le re: Bonang, tabernakele ea Molimo e har’a batho: o tla aha le bona: e tla ba lichaba tsa oona, ’me Molimo o tla ba le bona ka sebele sa oona, e be Molimo oa bona. Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona: lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng: ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko: hobane tsa pele li fetile.”—Tšenolo 21:1-4.

Puo e ’ngoe mona ke e tšoantšetsang ka mokhoa o phahameng haholo, empa khopolo ea mahlohonolo a maholo eona e hlakile. “Leholimo le lecha” ke ’muso oa leholimo oa Jesu Kreste le marena a mo tlatsitseng a 144 000 le baprista. (Ba-Roma 8:16, 17; Tšenolo 14:1-4; 20:4) Ho e-na le qitikoe e ncha e lefatše, “lefatše le lecha” ke mokhatlo o mocha oa batho lefatšeng lona lena, kaofela ha bona e le bafo ba ’muso oa Kreste ka botlalo ho se likarohano tsa merabe, lichaba kapa puo. (Bapisa Pesaleme ea 96:1.) Hona ho tla tla kamor’a ho timetsoa ha “leholimo” le “lefatse” tsa joale tsa tšoantšetso. Moloko o tšepisitsoeng oa lefatše le lecha o tla loka hobane, leha leoatle la sebele le tla hlola, “leoatle” la tšoantšetso la batho ba morusu, ba marabele le banyefoli le ke ke la hlola le e-ba teng. Marena a tlatsitseng Kreste a leholimo a thea “Jerusalema e Mocha,” phutheho e ka sehloohong ea mokhatlo o lokileng oa batho. Molimo o tla aha le batho bana lefatšeng ka boemeli ho fihlela ha ba boelana le eena ka ho feletseng ka Kreste, “Konyana ea Molimo,” kamorao ho letsatsi la kahlolo la lilemo tse sekete.—Johanne 1:29, 36; Tšenolo 20:6.

Tlas’a puso ea ’muso, mabaka a ho thaba a tla ba mangata-ngata. Ho lla, ho bokolla le bohloko ka baka la mabaka a sa tšoaneng ho tla tlosoa. Lefu le jalehileng ho tloha ho motho oa pele oa moetsalibe, Adama, le tla fela. (Ba-Roma 5:12) Ho tla be ho tlohile thaba e kaakang e bakang lillo lefatšeng ka bophara! ’Me e tla tla e e-ba thabo e kaakang ha bafu ba tsoha ho fapana le ho shoa ka baka la Adama, ha bana ba hae ba lopollotsoe liphellong tsa sebe sa hae, leha bophelo bo phethahetseng ba ’mele bo nkile sebaka sa maloetse a hlasetseng batho hona joale! Joale, ka sebele, “tsa pele li [tla be li] fetile.”

Motho e mong a ka ’na a re ‘Ke takatso feela!’ Ha ho joalo, hobane kamor’a hore moapostola Johanne a bone “leholimo le lecha” le “lefatše le lecha” tse tla tlisetsa batho mahlohonolo a maholo, o phaelletse ka hore: “Joale ea lutseng teroneng [Jehova Molimo] a re: Bonang, ntho tsohle ke li etsa tse ncha. A ntoo re ho ’na: Ngola; hobane lipolelo tseo li tiile; ke tsa ’nete.” (Tšenolo 21:5) E, rea li kholoa.

Kannete, lefatše le kahosele le sebakeng. Boteng ba lona bo ke ke ba itšetleha ka hore batho ba fetole ‘mekhoa ea bona ea pontšeng’ e reretsoeng ho lopolla batho liphellong tse bohloko tsa “menyetla e lahlehileng.” Che, empa lintho tsohle tse molemo tse tšepisitsoeng ka Mangolong li itšetlehile ka ho phethahatsa thato e ke keng ea hanyetsoa le e atlehang kamehla ea Molimo.

Thabo e ka Fetohang ea Hao

Ke bo-mang ba tla thabela mahlohonolo aa ’ohle a tsoang ho Molimo? Ke bo-mang ba tla ba le lebaka la thabo ea ka ho sa feleng? Ke bohle ba iketsang hore ba fumanehe tokisetsong ea Molimo ea bophelo bo sa feleng! Tlhohonolofatso ena e hlollang e fumaneha ka baka la Jehova, “Molimo o lerato,” ka Mora oa hae, Jesu Kreste.—1 Johanne 4:8, 9; Johanne 3:16.

Ke “Evangeli” ea lintho tse khōlō joalo eo Lipaki tsa Jehova li lekang ho e arolelana le batho ba lipelo li tšepahalang. Ke ka baka leo li pakang ka ntlo le ntlo ka mokhoa oa baapostola ba Jesu le barutuoa ba bang ba hae. (Liketso 5:42; 20:20) Ntle ho pelaelo u bona lebaka leo ka lona Lipaki li susumeletsehang hore li bolele molaetsa o thabisang oa ’muso ka cheseho le thabo ea pelo. Ke litaba tse molemo ka ho hlollang!

Empa u tla etsa joang ka litaba tse khothatsang hakaale? Ho bonolo hore u thabele bophelo bo sa feleng thabong lefatšeng la paradeise tlas’a puso ea ’muso. Leha ho le joalo, hona ho hloka tsebo e nepatseng ea Bibele. Kahoo, haeba ha u s’o e fumane, ke hobane’ng ha u sa iphe monyetla oa ho buisana ka Mangolo le Lipaki tsa Jehova? Jesu o boletse hore ho rua tsebo e nepahetseng ka Ntate oa hae oa leholimo le eena ka boeena ho bolela “bophelo bo sa feleng.”—Johanne 17:3.

Haufinyane ho larile lefatše le thabileng. Empa le hona joale u ka ba le mabaka a utloahalang a ho thaba. Hase mahlohonolo ’ohle a tsoang ho Molimo kapa mabaka a thabo a tlang ho bonoa feela nakong e tlang. Nakong ea hona joale ho bonolo ho ‘sebeletsa Jehova ka pelo e thabileng,’ ’me haeba re khahlisa Molimo ha ho lebaka la pelaelo hore ‘re ka thaba ka matsatsi ’ohle.’ Ithute lebaka ka ho bala lihlooho tse maqepheng a borobeli ho isa ho mashome a mabeli.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela