Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 3/15 leq. 32
  • Ke ea Bohlokoa le ho Feta ho ea Kerekeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke ea Bohlokoa le ho Feta ho ea Kerekeng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 3/15 leq. 32

Ke ea Bohlokoa le ho Feta ho ea Kerekeng

Ke eng eona eo? Ka monna ea phelang Italy, ho bala makasine ea Molula-Qhooa ho joalo. A ngola:

“Ke fumane mpho ea peeletso ea makasine ea lōna ea Molula-Qhooa ho e mong oa batho ba lōna ’me ke e bala hang ha e fihla.

“Ruri ke tlameha ho le leboha ka lihlooho tse babatsehang tse ka makasineng ona. Le hoja boitsebiso bo tebile, bo hlalosoa ka mokhoa o hlakileng ’me, ho feta tsohle, bangoli ntle ho pelaelo ba itšoarella lengolong la Bibele.

“Le hoja ka nako e ’ngoe ke ne ke ee ke phete thapelo ho ’Mōpi oa ka hang ha ke phaphama hoseng, hona joale ke bala sehlooho makasineng ea lona e be joale ke nahanisisa ka se ka ho sona.

“Ke motho ea phelang ka temo ea lulang a le mong, empa haesale ke tsebana le Lipaki tsa Jehova ho bonahala ke e-na le metsoalle e mengata haholo. Ha li fihla li tsoa Asti li nketetse ho tšoana leha ke etetsoe ke e mong oa baapostola. Ke tlameha ho lumela hore ke ithutile ho hongata ka Bibele likhoeling tse fetileng tse seng kae ho feta lilemong tse mashome a mahlano tseo ke ileng kerekeng ka tsona.”

Haeba u lakatsa ho ithuta haholoanyane ka lithuto tsa Bibele, re ikutloa re tiile hore u tla ananela Molula-Qhooa. Ke feela R4,00, u romelloa e mashome a mabeli a metso e mene lapeng ka likhoeli tse tlang tse leshome le metso e ’meli.

Ka kopo nthomelleng Molula-Qhooa. Ke kentse R4,00.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela