Lipotso Tse Tsoang ho Babali
■ Ke hobane’ng ha mantsoe “ea leng leholimong” a siiloe ho Johanne 3:13 ho New World Translation le liphetolelong tse ling?
Liphetolelong tsa khalenyana tsa Bibele Johanne 3:13 e batla e baleha tjena [joaloka Bibeleng ea Sesotho]: “Ha ho ea kileng a nyolohela leholimong, ha e se ea theohileng leholimong, e leng Mor’a motho, ea leng leholimong.” (Mongolo o motenya o ekellelitsoe) Empa khang e ’nile ea e-ba teng ka hore na Jesu o hlile a bua mantsoe ao a ngotsoeng ka mongolo o motenya.
Tabeng eo ho neng ho buuoa ka eona, Jesu o ne a hlalosa hore ho ne ho le thata ho ’musisi oa Mojode Nikodema ho utloisisa ka lintho tsa leholimo. Leha ho le joalo, Jesu ka boeena o ne a utloisisa lintho tsena kaha o ne a theoha leholimong. Na u nahana hore ke ho utloahalang hore Jesu ka nako eo o ne a ka bolela hore ‘o leholimong’?
Batho ba neng ba lumela hore Jesu ke karolo ea molimo oa boraro-bo-bong, ba na le maikutlo a hore mantsoe ana a lokela mona ’me a bontša botho bo habeli ba Jesu, ba nama le ba bomolimo. Hona ho fana ka maikutlo a hore ha Jesu a le lefatšeng e le motho oa nama e ne e ntse e le karolo ea hlooho ea molimo leholimong. ’Me batho ba nang le maikutlo a joalo ba ka ’na ba supa libukeng tse ling tsa khale tsa Segerike, kapa liphetolelo tsa pelenyana tse akarelletsang mantsoe [ana], e le motheo oa hore ba a akarelletse le liphetolelong tsa morao tjena.
Leha ho le joalo, libuka tse ngata tsa boholo-holo tsa Segerike ha li na na mantsoe ana. Tsena li akarelletsa “Sinaitic Manuscript” e hlomphehang le “Vatican Manuscript No. 1209,” ka bobeli e le tsa lekholong la bone la lilemo. Kahoo, mantsoe a belaetsang a ile a lahloa ke liithuti B. F. Westcott le F. J. A. Hort ha ba lokisa mangolo a bona a bohlokoa a Segerike, ao New World Translation of the Christian Greek Scriptures e theiloeng ho oona. Ka ho tšoanang, mantsoe a siiloe ho The Greek New Testament (khatiso ea boraro, 1975) ea Mokhatlo o Kopaneng oa Bibele. Ha a hlalosa ka ’nete ena, Dr. Bruce M. Metzger o-oa ngola: “Boholo ba Komiti, bo khahliloe maikutlo ke botle ba bopaki bo hlahang ka ntle bo tšehetsang [ho siuuoa ha mantsoe ao], ba nka mantsoe [“ea leng leholimong”] e le mokhabiso oa batoloki, o bontšang phetoho e hlahileng hamorao tlhalosong ea bophelo ba Kreste.” Ke hore, ho totobetse hore mantsoe a ekelitsoe ke bangoli hamorao, mohlomong kamor’a hore ho latoe bolumeling boo e seng ba bokreste thuto ea molimo o hararo.
Ka lebaka le letle, he, liphetolelo tse ngata tsa kajeno tsa Bibele li sia mantsoe kapa ba a ngola tlase ho leqephe. Mehlala ea sena ke Today’s English Version, The Riverside New Testament, New American Standard le Revised Standard hammoho le liphetolelo tsa James Moffatt, Edgar J. Goodspeed, R. A. Knox le J. B. Phillips.
■ Na Pauluse o ne a bua ka Bajode kapa Balichaba ha a re ho Ba-Roma 1:25 ba bang ba ‘ba rapetse tse bōpiloeng ho e-na la ’Mōpi’?
Tlhaloso ena e ne e ka ’na ea sebetsa ho Bajode kapa bao e seng Bajode kaha ba ne ba le molato oa sena ka bobeli. Empa khang ea moapostola Pauluse ho Baroma khaolo ea pele e ne e hlile e bua ka Iseraele ea boholoholo e koenehileng.
Pōpo e paka haholo ka boteng ba Molimo o Matla ’Ohle le ’Mōpi. Le bona Balichaba ba ne ba ntse ba se na lebaka la ho rapela litšoantšo tse entsoeng ka ho tšoana le liphoofolo tse itseng, empa Molimo o ne o hlile oa lemosa Baiseraele ka ho rapela litšoantšo ’me kahoo bona ba ne ba le molato ka ho fetisisa.—Ba-Roma 1:18-23; Deuteronoma 4:15-19; 5:8, 9.
Ho ntse ho le joaIo, Baiseraele ba ne ba atisa ho hlokomoloha ’nete eo ba e tsebang ka Molimo ’me ba rapele ‘tse bōpiloeng ho e-na le ea li bōpileng.’ (Ba-Roma 1:24, 25) Ka mohlala, ba etsa sebe ka molimo oa mosali Ashtarothe (ea tšoantšetsoang e le mosali ea tsotseng ea nang le litho tsa botšehali tse fetelelitsoeng) le namane ea gauda. (1 Marena 11:5,33; 12:26-28; 2 Marena 10:28, 29) Hona ho bile ha ba isa mekhoeng e oeleng ea botona le botšehali le maemong ao e seng a bomolimo. Kahoo, Baiseraele bana ba neng ba tseba “kahlolo ea Molimo” ea ho loka ka libe tse joalo ba ne ba le molato ka ho hlokahala hore ba lumele topollong ea Kreste.—Ba-Roma 1:26-32.