Ho Phehelloa Baromuoa ba Bacha: “Tšepahalang ka Mehla!”
SONTAHA sa la 12 Loetse, 1982, e ne e le letsatsi le futhumetseng le mongobo Motseng oa New York. Empa sehlopha se seng sa ba ka bang likete tse peli ha sea ho lemoha hakaalo-kaalo. Bana ke ba ileng ba tsohella hoseng Holong ea Kopano ea Lipaki tsa Jehova e lebatooeng la Queens ho ea bona ha ho fanoa ka mangolo ho sehlopha sa mashome a supileng a metso e meraro sa Sekolo sa Bibele sa Watchtower sa Gileade.
Hantle ka hora ea leshome hoseng, molula-setulo oa letsatsi leo, Leo Greenlees, setho sa Komiti e Rutang sa Sehlopha se Busang, a re bohle ba khutse. Lerata la thola, e mong le e mong a fumana moo a lulang, ’me ha qaloa tšebetso ka pina ea thoriso ho Jehova le thapelo. Lipolelong tsa hae tse qalang Moena Greenlees a hopotsa liithuti hore ke “ba tšoasang batho.” (Mattheu 4:19) Ho tla fihlela joale, a re, boholo ba ho tšoasa ha bona ho bile ’metsing a hae mona.’ Joale ba ne ba e-ea libakeng tse hole ‘ho ea tšoasa moo metsi a tebileng maoatleng.’ Gileade e ba neile mahlale a hlokahalang a ho tšoasa ha mofuta ona.
Joale Moena Greenlees a bitsa Moena Grant Suiter, setho sa Komiti e Hatisang. Sebui sena sa supa boprofeteng ba tsosoloso ba Hosea khaolo ea 2 litemana tsa 21 ho ea ho 23. A bolela hore liithuti li lehlohonolo haholo hore e be li kena lebaleng la boromuoa ka nako eo ka eona ho jaloang le nako ea ‘ho arabana’ ka sebele pakeng tsa Jehova Molimo le batho ba hae.
Ha latela Calvin Chyke oa Komiti ea Fektring a khothalletsa liithuti ho tsoela pele ho hola ‘borapeling.’ (1 Timothea 4:7, 8, 12) A re: “Matla a boineelo ba lona borapeling, a tla susumelletsa ba bang hore ba rate ho ikopanya le lona tšebeletsong e halalelang.”
Ha latela moemeli oa Komiti ea Basebetsi Dan Sydlik. A hlalosa hore likamano tse mofuthu tsa botho pakeng tsa batho ha li tle ka mohlolo. Motho o lokela ho sebeletsa hore li be teng. A re, “le ntho e nyenyane le e sa rekoeng joaloka ho bososela e ka thusa.”—Ba-Roma 12:13.
Komiti ea Bongoli ea emeloa ke Lloyd Barry, ea ileng a khothalletsa baromuoa ba bacha ho tiisa hore ba akarelletsa moea o motle ha ba phutha thoto ho ea likabelong tsa bona. Hape a ba eletsa ka mantsoe a moprofeta Haggai, “Khothalang, . . . le be le sebetse.”—Haggai 2:4.
Joale sebaka sa neoa barupeli ba babeli ba Sekolo sa Gileade ho fana ka keletso ea ho qetela. Eo e neng e le moromuoa Jack Redford a hlokomelisa liithuti: “Bohle re na le nako ea ho thaba le ea bohloko. Motho mang kapa mang a ka sebetsana le ho thaba. Ke kamoo u sebetsanang le bohloko ho tla lekanyetsa hore na u mamella joang tšebeletsong ea boromuoa.” ’Me mongoli oa Sekolo Ulysses Glass a phehella liithuti hore li talimane le mathata ao li tla oelana le oona likabelong tsa oona joaloka batho ba hōlileng tsebong, ba jeleng.
Qetellong, mookameli oa Sekolo, Frederick Franz, a buisana le liithuti. Sebui sena, hajoale se le lilemo tse mashome a robong, sa li hopotsa hore li sebeletsa Molisa e moholo eo hape e leng morena oa lefatše. A ba phehella hore ba lule ba kopane, ba tšepahala mohlapeng o lefatšeng lohle ’me a phetha ka hore: “E se eka Molimo o Holimo-limo ka Molisa oa hae, Jesu Kreste, a ka le hlohonolofatsa le ho le sebelisa ka matla likabelong tsa lona.”
Liithuti tsa neoa mangolo a tsona, ’me molula-setulo a koala lenaneo bakeng sa lijo tsa motšehare. Joale, ka 2:15 mantsiboea, Don Adams oa Komiti ea Lehae la Bethele a tšoara thuto ea makasine ea Molula-Qhooa ea nako eo, ka liithuti li fana ka litlhaloso. Kamorao ho moo, tsa bontša lenaneo le letle la ’mino le liphihlelo, ’me tsa qetella ka tšoantšiso e molemo le e khothatsang ea Bibele.
Ka 4:30 mantsiboea lenaneo la phethoa. Joale, ka mantsoe ana a matle a keletso a ntse a luma ka litsebeng tsa tsona, liithuti tsa itokisetsa ho ea ‘tšoasa batho’ likabelong tsa tsona tse hole tsa boromuoa.