Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 6/1 maq. 22-24
  • Lengolo la Pauluse ho Bagalata—Molaetsa oa Litaba Tse Molemo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lengolo la Pauluse ho Bagalata—Molaetsa oa Litaba Tse Molemo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Batho le Mathata a Bona
  • Pauluse o Sireletsa Boapostola ba Hae
  • Tumelo e Feta Mesebetsi ea Molao
  • Ema u Tiile Tokolohong ea Bokreste
  • Mesebetsi e Molemo
  • Buka ea Bibele ea 48—Ba-Galata
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Emang le Tiile Tokolohong ea Bokreste!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Bakreste ba Pele le Molao oa Moshe
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 6/1 maq. 22-24

Lengolo la Pauluse ho Bagalata—Molaetsa oa Litaba Tse Molemo

HOBA a boke likhomo moapostola Pauluse a ngolla Bagalata: “Ke maketse kahobane le setse le tlohetse ea le bitsitseng . . . Ho fetela Evangeling esele.” Joale hamoraonyana o-oa tsota: “Jo! ba-Galata, maoatla ting! na le loiloe ke mang?”—Ba-Galata 1:6; 3:1.

Ke hobane’ng ha Pauluse a ne a khathatsehile hakaale ke Bagalata? E ne e le batho bafe, hona Pauluse o kopane joang le bona? Molaetsa oa Evangeli oo a neng a ba neile oona ke ofe? Hona ke oa molemo ofe ho rōna kajeno?

Batho le Mathata a Bona

Bagalata haholo-holo e ne e le ba mothapo oa Macelt ba simolohang Gaul. Empa hape ba ne ba akarelletsa batho ba lichaba tse ling. Setereke sa Roma sa Galatia bonyane se ne se entsoe ka metse e meholo e mene e ngotsoeng ka Bibeleng: Ikone, Lystra, Derba le Antioke oa Pisidia. Ena e ile ea eteloa ke Pauluse leetong le hae la pele la boromuoa, ’me ha theoa liphutheho libakeng tsena. (Liketso 13:14–14:23) Timothea e monyenyane ke e mong oa Bakreste ba pele ba Galatia.—Liketso 16:1, 2.

Hoba Pauluse a etele ka boromuoa Galatia ka lekhetlo la pele, sehlopha se busang sa baapostola le baholo sa kopana Jerusalema ka 49 CE ’me sa etsa qeto ea hore lebollo ha le hlokahale bakeng sa Bakreste. (Liketso 15:1-29) Kamorao ho seboka sena Pauluse le Silase ba fana ka tšobotsi ena ea evangeli liphuthehong tsa Galatia.—Liketso 16:1-6.

Nakoana kamorao ho moo, leha ho le joalo, Pauluse a tšoha ke ho utloa hore ba bang Galatia ba tsitlella hore Bakreste ba lokela ho bolla. Batho bana e ne e le Bajode ba neng ba leka hore Bakreste ba Balichaba ba lumellane le litšobotsi tsa molao oa Moshe. Hape ba ne ba khukhunela matla a Pauluse e le moapostola.

Ka hona e ne e le ka morero oa ho sebetsana le boemo bona bo bobe Pauluse a ileng a ngolla Bagalata, kahoo a ba phehella hore ba hlaphoheloe likelellong. Mohlomong o ngotse lengolo ha a ntse a le leetong la hae la bobeli la boromuoa, mohlomong a le Korinthe, kapa hang hoba a fihle Syria oa Antioke. Ka baka leo, mohlomong lengolo le ngotsoe hoo e ka bang mathoasong a selemo sa 50 CE kapa mohlomong morao ka 52 CE.

Pauluse o bolella Bagalata hore Bajode bana ba leka ho sotha evangeli. ’Me, kamoo Pauluse a bolelang, evangeli ena e bua ka Kreste Jesu. E, ke evangeli e buang ka tokoloho e tlisoang ke Kreste—tokoloho bohlankeng ba sebe se futsitsoeng hape le tokoloho bohlankeng ba molao oa Moshe. Ka baka leo ka makhetlo a mabeli Pauluse o pheta temoso ea hore haeba mang kapa mang, le haeba e le lengeloi le tsoang leholimong, le ka bolela evangeli e ’ngoe ntle ho evangeli eo a e boletseng “a neeloe anathema.”—Ba-Galata 1:7-9.

Kahoo, he, lengolo la Pauluse le finyella eng? Pele, ka ho hlakileng le tiisa matla a hae joaloka moapostola. Sa bobeli, ka mokhoa o motle le tšehetsa qeto ea sehlopha se busang tabeng ea lebollo. ’Me le hanana le mesebetsi ea nama ha e bapisoa le tholoana ea moea, le hlokomelisa ka mesebetsi e khahlisang Molimo.

Pauluse o Sireletsa Boapostola ba Hae

Qalehong feela Pauluse o hlokomelisa ka matla a hae, a re: “Pauluse, moapostola, e seng ka batho, leha e le ka motho, empa e le ka Jesu Kreste, le ka Molimo Ntate, . . . Evangeli eo ke le boleletseng eona, ha e ee ka ho ea ha motho; hobane ha kea ka ka e amohela ho motho, leha e le ho e rutoa ke motho; empa e bile ka tšenolo ea Jesu Kreste.”—Ba-Galata 1:1, 11, 12; Liketso 22:6-16.

Pauluse o pheta ka bokhutšoanyane kamoo a neng a tumile kateng Bojodeng, empa kamor’a hore a sokolohele ka mohlolo ho Kreste, a ea ho ea bolela Evangeli Arabia le Damaseka. Joale Pauluse o bolela ha a etela Petrose Jerusalema ka matsatsi a leshome le metso e mehlano (ka 36 CE). Ha e-ea ba ho fihlela lilemo tse leshome le metso e mene hamorao, ka 49 CE, ha Pauluse a khutlela Jerusalema bakeng sa seboka tabeng ea lebollo. (Ba-Galata 1:13-24) O bitsa balumeli bao ba Bajode ba buellang lebollo “baena ba bohata” ba neng ba leka ‘ho tuba’ Bakreste ba tšepahalang. Empa a re: “Ha rea ka ra ba suthela sebaka, leha e le ho ba lumella le ka nakoana e le ’ngoe, ’nete ea Evangeli e tle e lule ho lōna e tiile.”—Ba-Galata 2:1-5.

Ha re ho nahana, ruri Pauluse o re beetse mohlala o motle oa boikokobetso. Le hoja e ne e le Mokreste ea khethiloeng ka ho toba ke Jesu Kreste, o ile a bea Evangeli eo a e bolelang ka pel’a sehlopha se busang, a hlokomela matla a sona. Na kajeno re bontša hlompho e loketseng bakeng sa banna ba khethiloeng ke Sehlopha se Busang le ho sebelisana le bona ho boleleng litaba tse molemo?

Hamorao Pauluse a tiisa matla a hae a boapostola ka ho hanana le moapostola Petrose mahlong. O ho entse hobane Petrose o ile a khaotsa ho ja le Bakreste ba Balichaba ka baka la ho tšaba batho. Ha a pepesa phoso ea Petrose, Pauluse a mo botsa: “Hleka uena, u leng mo-Jode, ha u etsa ka mokhoa oa ba-lichaba, e seng ka oa ba-Jode, le phehellela’ng ba-lichaba ho etsa ka bo-Jode na?”—Ba-Galata 2:11-14.

Tumelo e Feta Mesebetsi ea Molao

Ha a phehella Bagalata hore ba hlaphoheloe likelellong, Pauluse oa botsa: “Ana le nkile Moea ka mesebetsi ea molao, kapa a ke ka polelo ea tumelo na?” Kaha karabelo e totobetse, o-oa ba botsa: “Ere le qalile ka Moea, joale le . . . phethella ka nama na?” O ba hopotsa ka Abrahama eo, le hoja a ne a se tlas’a molao, “a lumetse ho Molimo, ’me tumelo ea hae a e balloa, ea e-ba ho loka.” Molao oa eketsoa hamorao ho totobatsa litlōlo. Ha e le hantle o ne o ahlolela lefung ba lekang ho o boloka. Empa, joalokaha Pauluse a hlalosa, Kreste o shoele e le motho ea rohakiloeng e le hore balateli ba hae ba ka holloa molaong ’me ba phela ka tumelo. Leha ho le joalo, molao o sebelelitse morero o molemo oa ho ba ‘molisa oa rōna ho re isa ho Kreste.’—Ba-Galata 3:1-29.

Kaha Bagalata ba fumane ho ba bara ba moea le bolokolohi ka Kreste, Pauluse o botsa hore na ke hobane’ng ha ba batla ho khutlela botubong ba molao, ba boloka matsatsi le likhoeli le linako le lilemo. O re balumeli ba Bajode, “leha ba le chesehetse, ha ba le chesehela hantle; ba mpa ba rata ho re koallela ntle.” Leha ho le joalo, Pauluse o hlalosa kameho ea hae e lerato, a re: ‘Ke boela ke le utloela bohloko ba ho tsoala, Kreste a tle a be a bōpeloe ka ho lōna.’—Ba-Galata 4:1-20.

Joale Pauluse o sebelisa papiso ho bapisa bokhoba mesebetsing ea molao le tokoloho ea ’nete ea Bokreste. Lekhabunyane la Sara Agare le emela selekane sa molao ’me “o tšoantšoa le Jerusalema oa joale; ’me ke ea tlamiloeng, le bana ba hae.” Sara, ka lehlakoreng le leng, o emela selekane sa Abrahama, ’me o tšoantša ‘Jerusalema oa holimo, ’m’a rōna.’ Joalokaha Ishmaele a ile a hlorisa Isaaka, ka ho joalo Bajode ba ne ba hanyetsa Bakreste ba ’nete, bana ba mosali ea lokolohiIeng.—Ba-Galata 4:21-31.

Ema u Tiile Tokolohong ea Bokreste

Motheong oa papiso ena, Pauluse o-oa khothatsa: “Emang ke hona tokolohong eo Kreste a re lokolotseng ka eona, ’me le se ke la boela la bofshoa jokong ea bohlanka.” Pauluse o hatisa hore haeba motho a bolla, e tla be e se ha molemo oa letho. Motho ea etsang joalo o tla tlameha ho boloka molao kaofela ’me kahoo a haelloe ke ho fumana ho loka ho tlang ka tumelo. Ka ho hlonama Pauluse o re: “Hojane ba le ferekanyang ba ka ikhaola le hona.”—Ba-Galata 5:1-12.

Le hoja Bakreste ba lokolohile, kotsi e teng ea hore tokoloho ena e ka sebelisoa hampe ho khotsofatsa litakatso tsa nama ea bona e sa phethahalang. Kahoo Pauluse o-oa lemosa: “Ha e le lōna, banab’eso, le bilelitsoe ho lokoloha, empa feela le se ke la etsa tokoloho eo sebaka sa ho phela ka nama, le mpe le sebeletsane ka baka la lerato. Hobane molao oohle o phethahetse tabeng e le ’ngoe, e reng: Rata oa heno joale ka ha u ithata.”—Ba-Galata 5:13, 14.

Empa Pauluse o supa hore re na le ntoa e sa feleng pakeng tsa ho phethahatsa se hlokoang ke nama le ho tsamaea ka moea. O bapisa mesebetsi ea nama le tholoana ea moea. Mesebetsi ea nama ke “ho feba, le ho bōka, ke bonyala, . . . le lintho tse joalo, . . . Empa tholoana ea Moea ke lerato, le thabo, le khotso, le sebete, le khauho, le molemo, le botšepehi, le bonolo, le boitšoaro.” Pauluse o bontša hore Bakreste ba tsamaeang hantle ka moea hape ho hlokahala ba qobe “boithoriso ba lefeela, ka ho phephetsana, le ka ho honohelana.”—Ba-Galata 5:15-26.

Mesebetsi e Molemo

Khaolong ea ho qetela, Pauluse o thathamisa mesebetsi e molemo eo Mokreste a ka tšoarehang ho eona, e kang ho thusa ba fosang le ho jarelana liphahlo. Haeba motho a jalla nama, Pauluse o hlalosa hore o tla kotula ho bola nameng ea hae. Empa haeba a jalla moeeng, moea o tla mo kotulisa bophelo bo sa feleng. Kahoo Bagalata ba phehelloa hore: “Ka baka leo, ha re sa na le sebaka, a re etseng bohle hantle, empa haholo ba ntlo ea tumelo.” Joale, ha a qetela, Pauluse o totobatsa sepheo sa balumeli ba Sejode ba batlang hore ba bolle. Ke hore ‘ba ikhahlise ka nama ea lōna.’ Empa Pauluse o re o tla ikhahlisa feela ka “sefapano sa Morena oa rōna Jesu Kreste.”—Ba-Galata 6:1-14.

Ka ’nete, lengolo la Pauluse le eang ho Ba-Galata le hlakile ha le tobana ka ho otloloha le likhang tsa mehleng ea hae. Hore na le tla ipaka le le molemo hakae ho rōna kajeno, ho itšetlehile ka hore na re latela keletso e ntle e ka ho lona hakae.

[’Mapa o leqepheng la 23]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle sheba sengoliloeng)

Korinthe

Antioke

GALATIA

Ikone

Lystra

Derbe

Antioke

SYRIA

Leoatle le Leholo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela