Phutheho ea Jehova e Tsoela Pele—Na u Tsoela Pele le Eona?
U KE ke ua bala Mangolo a Bakreste a Segerike ntle ho ho khahloa ke ’nete ea hore Bakreste ba ne ba hlophiselitsoe borapeli. Ba ne ba hlile ba hlophiselitsoe ho bolela le ho jala litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo ka ho khethehileng.
Mongoli oa lipale oa mehleng ea joale H. G. Wells o hlokometse tjena ka Bokreste ba pele: “Phutheho feela ea bona e ne e le phutheho ea baboleli, ’me tšebeletso e khōlō ea eona e le polelo.” E, ho joalokaha moapostola Petrose a itse: “[Jesu Kreste] o re laetse ho bolella sechaba, le ho paka.”—Liketso 10:42; Mattheu 28:18, 19.
Empa ho thoe’ng ka boboleli mehleng ea rōna—‘mehleng ee ea ho qetela’ ea tsamaiso ee ea lintho? (2 Timothea 3:1-5) Jesu Kreste o hlile a bolela hore: “Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo bo hlahang.” (Mattheu 24:14) Kahoo, pele bofelo ba tsamaiso ena ea lintho bo e-tla, ho tlameha ho etsoa mosebetsi o moholo haholo oa ho bolela lefatšeng lohle. O etsoa ke phutheho efe?
Ka sebele, ho na le batho ba le bang ba hlophiselitsoeng morero oa ho etsa boboleli bona ba ’muso lefatšeng lohle. Ke Lipaki tsa Jehova. Mosebetsi oa bona oa ho bolela o atoloha lefatšeng lohle, linaheng tse 206. Ka 1981 ho ne ho e-na le Lipaki tse 2 361 896 tse kopanelang mosebetsing. Bana ke palo e phahametseng e neng e le teng ea baboleli ba ’muso lilemong tse fetileng tse leshome ka kotara ea millione!
Ho nka leoto le tšebetso e atolohang ea boboleli, Lipaki tsa Jehova, ka lilemo tse fetileng feela tse peli, li qetile kapa li qalile ho haha libaka tse ncha tse mashome a mabeli tsa ho hatisa libuka tsa Bibele. Hape, kholo e potlakileng e etsahala ntlo-kholo ea lichaba tsohle ea Lipaki tsa Jehova. Lekholong la pele la lilemo, Jerusalema ke moo ho neng ho tsamaisoa phutheho ea Bokreste teng. (Liketso 15:1, 2) Empa kajeno tsamaiso e joalo e tsoa Brooklyn, New York.
Mantsiboeeng a la 15 Tlhakubele selemong sena ho ile ha neeloa mehaho e ekelitsoeng ea ntlo kholo e Brooklyn. Ona ke Mohaho oa Liofisi o 25 Columbia Heights, o bonoang leqepheng le latelang. O entsoe ka mohaho o nchafalitsoeng le o hahiloeng bocha e kopantsoeng hammoho ho etsa mohaho o le mong.
Litho tsa lehae la ntlo-kholo ea Brooklyn tse fetang likete tse peli li ne li le teng bakeng sa lenaneo la neelano, le ileng la etsetsoa ka holong ea kopano ea lehae ka 6:45 mantsiboea. Empa lenaneo la boela la hlahisoa ka thelevishene ea lelapa Holong ea ’Muso le matlong a fapaneng ao ho jeloang ho oona molemong oa litho tsa lelapa tse moo. Ho phaella moo, litho tse fetang makholo a tšeletseng tse mapolasing a Watchtower, a hole ka limaele tse mashome a robong ka boroa ho New York, li ile tsa mamela ka ho hokahanngoa ka mehala.
Neelano e Phahamisa Katoloso
Kamorao ho thapelo ea Carey W. Barber, lenaneo la neelano la qala ka khutsufatso ea litaba ea John E. Barr ea thuto ea Molula-Qhooa ea beke eo, e neng e tobane hantle le taba ea neelano. Milton G. Henschel, molula-setulo mantsiboeeng ao, joale a mema Grant Suiter ho hlahloba “pale ea tsoelopele” ea phutheho ea Molimo ho tloha ka 1919 ho ea ka 1935.
Moena Suiter a qala ka hore: “Ha re nahane lintho tsena ka boikhohomoso re sa nahane ka Jehova, empa, ho fapana le moo, re nahana ka eena ’me re hlokomela hore o khahliloe ke ho sebelisa lelapa lena ka mashome-shome a lilemo.” Ha Lipaki tsa Jehova li fallela ka lekhetlo la pele Brooklyn ka 1909, lelapa la ntlo-kholo le ne le e-na le ba ka bang mashome a mararo ka palo.
Suiter a hlalosa hore ka Mphalane 1919 phutheho e ile ea qala ho hatisa makasine e ncha The Golden Age eo hajoale e bitsoang Tsoha! ’Me ka selemo se latelang, sebakeng se senyenyane se bitsoang Myrtle Avenue, lelapa la ntlokholo la qala ho hatisa libuka tse buang ka Bibele likhatisong tsa lona. Kahoo, Suiter a hlokomela hore ka selemo sa 1921 lelapa le ne le atolohile ho isa ho 107 ka palo. A re ka 1923 ba ne ba hatisa libuka tse likete tse hlano ka letsatsi.
Ho tsoela pele ha phutheho ea Molimo ho ne ho hloka lisebelisoa tse atolohileng. Kahoo, kamoo Suiter a hlalositseng, ka 1927 ha hahuoa lehae le leholoanyane bakeng sa lelapa la ntlo-kholo Columbia Heights, ’me sebaka sa khatiso sa ntlo e mekato e robeli sa hahuoa sebakanyana ho tloha moo 117 Adams Street.
Ho ntšetsa pele tlaleho ea “pale ea tsoelopele,” joale Lyman A. Swingle a bua ka mohato o tsoelang pele oa phutheho ea Jehova ho tloha ka 1936 ho ea ho 1950. A hlokomela hore: “Ka 1936 mahloriso a ne a phahama ho pota lefatše. Ho ne ho hahiloe likampo tsa mahloriso tsa Hitler.” Joale, a supa ka hlooho moo ho lutseng monna le mosali oa hae ba seng ba hōlile, a re: “Moena Poetzinger le mosali oa hae ba tšoaroa hona selemong seo, ba kenngoa likampong tseo ’me ha baa ka ba tsoa ka lilemo tse robong.” Ho sa tsotellehe mahloriso a joalo, bona le ba bang ba likete ba tsoetse pele ho nka leoto le phutheho ea Molimo.
Swingle a tsoela pele: “Tseo e ne e le lilemo tsa mathata. Ka la 1 Loetse, 1939, Hitler a kenya mabotho a hae Poland, ’me ha qhoma Ntoa ea II ea Lefatše.” Likhathatso tsa eketseha le United States. A re: “Mahoo-hoo a ipha matla naheng eohle. Liholo tsa ’Muso tsa rōna tse seng kae tsa chesoa lore. Makoloi a rōna a senngoa ka bongata. . . . Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe mathata ’ohle, ka 1940 bahoeletsi ba eketseha ka 40 lekholong!” Nakong ea ntoa ka boeona, a supa hore phutheho e ile ea imena habeli—ho tloha ho bahoeletsi ba ’muso ba 71 500 ho ea ho ba fetang 141 000.
Swingle a tsoela pele: “Ka 1946, kopano ea pele ea kamorao ho ntoa ea tšoareloa Cleveland, Ohio—ho le teng ba likete tse mashome a robeli.” Moo ha boleloa hore ho tla tsoeloa pele ka ho haha Columbia Heights le hore baena ba ka ho tšehetsa ka meneelo ea bona. Swingle a re: “Eaba re emisa mohaho o mekato e leshome [ho ekelletsa lehaeng le neng le le teng] ’me oa e-ba moholo hoo re neng re nahana hore ho ke ke ha hlola ho hlokahala hore ho hahuoe hape Brooklyn. Ka nako eona eo ra khomathiselelletsa ka mohaho oa mekato e robong 117 Adams Street. Mehaho ena ea neeloa mathoasong a 1950.
Ha a qetela, Moena Swingle a hopola: “Ka 1950—Kopano ea pele ea Yankee Stadium ea matsatsi a robeli. Ha tla baena ba tsoang linaheng tse mashome a tšeletseng a metso e supileng. Ba neng ba le teng ba e-ba 123 707.” Ruri e bile nako ea katoloso! “Ho tloha ka 1936 ho isa ho 1950 ra tloha ho bahoeletsi ba 50 000 ho ea ho ba 373 430—re hōla ka makhetlo a supileng le halofo ka lilemo tseo tse leshome le metso e mehlano!” Empa tlotla e leba ho mang ka nepo? Qetellong Swingle a qotsa mantsoe a Nehemia: “Tsa tseba hoba mosebetsi oo o entsoe ke Molimo oa rōna.”—Nehemia 6:15, 16.
Ha latela Moena Henschel ka boeena a koahela “pale ea tsoelopele ho tloha ka 1951 ho ea ho 1981.” Ha a kenyelletsa litlhaloso tsa hae, a re: “Jehova o etsa hore lintho li etsahale. Jehova o-oa melisa.” A qotsa mantsoe a moapostola Pauluse: “Re sebetsa ’moho le Molimo” ’me a botsa: “Na oo hase mohopolo o khothatsang haholo, ho tseba ho sebetsa le Molimo mosebetsing oa oona le ho bona liphello tseo Jehova a li hlahisang?”—1 Ba-Korinthe 3:6-9, Phet. e ncha.
Henschel a tsoela pele: “Bopaki bo teng, pale ea tsoelopele e bontša hore Jehova o ikarabella ka mosebetsi. . . . Re ile ra tlameha ho ba le bahoeletsi e le hore litaba tse molemo li ka tsejoa lefatšeng lohle. Eo ke kabelo ea rōna—‘ho bolela litaba tse molemo tsa ’muso.’” Joale a qotsa keketseho e kholo: “Bahoeletsi ba 798 000 ka 1958. Joale ka 1968 basebetsi ba 1 221 000. Ka 1978 ba 2 182 000 le ba 2 361 000 ka 1981.”
“Hore mosebetsi oa ho bolela o tle o etsoe ke basebetsi bana ba fetang 2 000 000,” Henschel a hlokomela hore, “thepa e ne e tlameha ho ba teng.” Ke mang ea neng a tla fana ka eona? Litho tsa lelapa la ntlo-kholo! Henschel a hlokomela hore “morao koana ka 1950 litho tsa lelapa li ne li le 355.” Empa, a totobatsa hore ha tlhokahalo ea libuka tsa Bibele e eketseha, ho bile joalo le ka lelapa la ntlo kholo—ho tloha ho ba 512 ka 1960 ho ea ho ba 678 ka 1965, ho tloha ho ba 1 228 ka 1970 ho ea ho ba ka bang 2 600 hona joale.
Hore basebetsi bana bohle ba be le moo ba lulang, ho ne ho hlokahala libaka tse eketsehileng. Henschel a hlalosa katoloso: Lehae le lecha la mekato e leshome le metso e ’meli le 107 Columbia Heights la neeloa ka Mphalane 1960. Lehae le leng le lecha la neeloa ka la 2 ’Mesa 1969 le hahiloe 119 Columbia Heights. Joale ha latela ho rekoa ha Towers Hotel e kholo ka 1975, e ileng ea bōptjoa bocha hore e be moo ho lulang litho tsa lelapa tse ka bang makholo a robong. ’Me koana mapolasing a Watchtower ha phethoa mehaho e mecha ea bolulo ka 1968, 1971 le 1973.
Henschel a bolela ka ho hahuoa le ho rekoa ha libaka tsa khatiso ho khahlametsa taba ea libuka tsa Bibele tse hlokahalang haholo. Ka 1956 ha hahuoa mohaho o mekato e leshome le metso e meraro 77 Sands Street. Ka mose ho seterata feela ha rekoa mohaho o mong (o mekato e leshome) ka 1958. Ka 1968 sebaka se secha sa khatiso se khomathisellelitsoeng moo se mekato e leshome le motso o mong sa phethoa. Eona hammoho le sebaka sa khatiso se 117 Adams Street, mehaho ena ea khatiso e nka libaka tse ’nè tsa bloko ba motse tse hokahantsoeng hammoho ka borokho bo hahetsoeng holimo. Ka pulungoana 1969 ha rekoa mehaho ea “Squibb” e sebakanyana ho tloha moo. ’Me, joalokaha Henschel a ile a hlokomela, mehaho ena ke e khahlehang haholo lenaneong lena la neelano, kaha Mehaho ea Liofisi ea 25 Columbia Heights ke karolo ea eona.
Ho sa le joalo, ho ne ho ntse ho atolosoa ho ea pele mapolasing a Watchtower a rekiloeng ka 1963. Henschel a pheta kamoo ka 1973 ho ileng ha phethoa sebaka sa pele sa khatiso moo. Joale ka 1975 sebaka sa bobeli se seholoanyane sa qala ho sebetsa.
Hoba a bolele ka tsoelopele e ’ngoe ea pale ea lilemo tse fetileng tse mashome a mararo, ho akarelletsa kopano ea Yankee Stadium le Polo Grounds ea 1958 eo ho eona ho bileng teng batho ba 253 922, Moena Henschel a kenyelletsa Max H. Larson le karolo ea hae ea lenaneo: “Litšobotsi tsa Kaho.” Moena Larson a bontša li-slide tse mashome a mane, tse neng li bontša ho heletsoa ha likarolo tsa mehaho eo e neng e le ea “Squibb” nakong e fetileng le ho hahuoa ha mohaho o mocha oa liofisi. Ba shebelletseng ba bona kamoo mohaho ona o mocha o tlamahantsoeng le sebaka se secha sa khatiso se neng se se ntse se le teng ’me se nchafalitsoe hore e be mohaho oa kajeno oa liofisi.
Larson a hlalosa: “Ka 1978 bohareng ha qaleha mosebetsi mohahong oa polokelo o 25 Columbia Heights ho o tlosa mohahong oa polokelo o etsoa mohaho oa liofisi tsa kajeno. Ho finyella mosebetsi ona ho ne ho hlokahala sekoata sa baena le likhaitseli ba ka bang 180 ho ea ho 200. Ho sa le joalo, ka Loetse 1979 ha qala hore ho heletsoe, joale ka Tšitoe 1979 ha qalisoa mohaho lehlakoreng le ka bochabela 25 Columbia Heights.
Franz o Neela Puo ea Neelano
Ho phetha lenaneo lena le susumetsang la mantsiboea, Moena Henschel a kenyelletsa mookameli oa Watch Tower Bible and Tract Society, Fred W. Franz. Moena Franz o qalile mosebetsi oa boboleli oa nako e tletseng ka 1914, ’me o sebelelitse e le setho sa lelapa la ntlo-kholo ho tloha ka 1920. Kahoo o bile le hona ho pheta phihlelo ka ntho eo a e tsebang ka lintlha tse ngata tse thabisang ka ho tsoela pele ha phutheho ea Jehova.
Le hoja mehaho e phethiloeng e 25 Columbia Heights e le eona e metle haholo, Moena Franz a hatisa hore ha e-ea etsoa ka morero leha e le ofe oa boithati. A hlokomelisa ka tlaleho ea Bibele ea Mareka 7:11-13, moo e bolelang ka monna ea neng a e-na le thepa, empa ho e-na le hore a e sebelisetse ho tlotlisa batsoali ba hae, joalokaha e le tšoanelo, a itšebelisetsa eona ka boithatelo ba hae. Kahoo a re ke “korbane (ke ho re, neo e etsetsoang Molimo).”
Leha ho le joalo, Moena Franz a re: “Baena ba rōna le likhaitseli ba liofising tsena tse ncha tseo re li neelang Jehova ha ba joalo. Ho e-na le hoo, ba sebelisa mehaho ena e mecha ho fana ka se molemo haholo ho Jehova Molimo. Ba sebetsa ka thata, e seng ho inyakalatsa ka boithati ka taba ea ho ba mehahong e metle hakaalo, empa hore ba phethe mosebetsi o eketsehileng le ka mokhoa o molemo haholoanyane.”
Ho sa tsotellehe ho hahuoa ka mokhoa o motle haholo le o thata ha mehaho ena e mecha, Moena Franz a hlokomela hore re hloka tšireletso ea Jehova, joalokaha Bibele e bolela ho Pesaleme ea 127:1: “Ekare ha e se Jehova ea hahang ntlo, ba e hahang ba sebeletsa lefeela.” Franz a hlalosa hore ho joalo le ka mehaho ena. Ntle leha Jehova a e sireletsa le ho hlohonolofatsa mesebetsi ea rōna ho eona boiteko ba rōna ke ba lefeela. Empa kamoo a ileng a bolela, pale ea batho ba Molimo ho theosa le lilemo, e paka hore Jehova o hlohonolofatsa le ho sireletsa batho ba hae.
Ha a phetha polelo ea hae, Moena Franz a qotsa mantsoe a Morena Davida: “’Na ke’ng, ’me sechaba sa ka ke’ng, hore re tle re tsebe ho u ntšetsa ntho tsa rōna joalo ka ho rata? Athe tsohle li tsoa ho uena, ’me ke letsoho la hao le re fileng seo re u neang sona.” (1 Likronike 29:14) Kahoo, kaha Jehova ke Mong’a lintho tsohle ’me thepa ena re e fumane ho eena, Franz a bolela hore sohle seo re se etsang ke ho li khutlisetsa ho Jehova ka ho li neela ho eena. Kahoo, ha a phetha letsatsi leo le monate le le hahang moeeng, a tsebisa hore: “Joale ke lakatsa ho bolela hore liofisi tsena li eme ka botlalo le ka ho feletseng li neeloa ho Jehova Molimo.”
Letsatsi le Feletseng la Mahlohonolo a Moea
Lenaneo la ho neeloa e ne e bile feela limomonyane tse qetellang liketso tsa letsatsi leo le khethehileng. Hoseng ho ne ho ile ha itšebeletsoa joaloka tsatsi le leng le le leng la mosebetsi ntlo-kholo ea Brooklyn, ka puisano ea temana ea letsatsi ea Bibele e qala ka 7 hoseng, e lateloa ke lijo tsa hoseng. Empa joale, ka 8 hoseng, boholo ba lelapa—ba sebetsang mehahong ea lehae le sebakeng sa khatiso—ba qala ho tsamaea le mehaho ea lifosi ea 25 Columbia Heights. Leha ho le joalo, ba sebetsang mehahong ea ofisi ba kena likabelong tsa bona tsa tšebetso tsa kamehla. Ho ne ho hatisitsoe bukana e maqephe a mashome a mabeli e thathamisang lenaneo la mohlang oo le kamoo ho tla tsamaisoa ba batlang ho bona sebaka. Ba neng ba bona sebaka ba ile ba bona eng?
Ba latela litaelo, ba kena phaposing e ntle e ncha ea 25 Columbia Heights ’me ba tsoela pele ho ea Lefapheng la Tšebeletso hona mokatong ona oa boraro. Mona ho amoheloa litlaleho tse ka bang 325 tsa balebeli ba potoloho beke le beke litafoleng tse leshome tsa tšebeletso. Mokatong oa bobeli, ba bonang sebaka ba bona Lefapha la Libaka le Tafole ea Bopula-maliboho. Tafoleng ena, ba ithuta hore ho ile ha khethoa bo-pula-maliboho ba bacha ba 5 578 ka 1981.
Ha ba tsoela pele ka “lift” ho ea holimo mokatong oa leshome le metso e ’meli, ba bonang sebaka ba etela liofisi tsa ba sebetsanang le lichelete tsa Mokhatlo. Mokatong oa leshome le motso o le mong ba bona Lefapha la Poloko ea Libuka tsa Litšenyehelo, moo ho hakanngoang theko bakeng sa tšebetso ea Mokhatlo, joaloka litšenyehelo tsa ho posa libuka. Tlase mokatong oa leshome ba etela Liofisi tsa Phethahatso, hammoho le kamore eo Sehlopha se Busang se kopanelang ho eona. Lefapha la Boqapi la bonoa mokatong oa borobong, ho akarelletsa pontšo ea mekhoa e sa tšoaneng ea boqapi e sebelisoang ke baqapi ba poheho ea libuka tsa Mokhatlo.
Khefu e latelang ea etsoa Lefapheng la Bongoli mokatong oa borobeli, moo limakasine, libuka le lingoliloeng tse ling tsa Mokhatlo li ngoloang. Ho e-na le ho sebelisa mechine ea li-typewriter, bangoli ba bangata joale ba sebelisa li-computer ka ho toba. Li hokelletsoe mochining oa khatiso oo ha o laeloa o tla ngola mantsoe ao o a fepetsoeng a ka bang 700 ka motsotso. Haufinyane, mehahong ena eohle ho tla ba le li-computer tse 149 bakeng sa tšebeliso e fapaneng ea ofisi le mechine ea khatiso e 20.
Joale leeto la nkela mokatong oa bosupa le Lefapheng la Boqapi ba Lifoto tsa se ngoloang. Mona ba bontšoa kamoo taba e simolohang Lefapheng la Bongoli e bōptjoang sebakeng seo e lokisoang ho sona ho fihlela ha e etsoa maqephe. Joale, Lefapheng le haufi le moo ba bona kamoo taba e ngotsoeng, hammoho le litšoantšo tse fetoloang ka mehato e sa tšoaneng ea lifoto ho etsoa lifilimi. Lifilimi tse hlahisoang ka mokhoa o joalo li kopanngoa hammoho ho etsa li-plate ’me li rōmeloa ka khatisong ho ea etsa li-plate tsa khatiso tsa “offset.” Mokatong oona ona oa bosupa lelapa la etela Lekala la Spanishe le la Tokiso ea Liphoso Khatisong. Joale, tlase mokatong oa botšelela moo ho lokisoang se ngotsoeng, ba bona mechine e meholo ea li-computer e bolokang le ho sebetsa boitsebiso bohle bo kenngoang ho eona bo hlaha liofising tse fapaneng.
Le hoja ho ne ho bonoe ho hongata hakana, tsela e ne e sa namile pele ho emisoa lapeng ho fumana lijo tsa motšehare ka 11:45 hoseng. Joale baeti ba leba Lefapheng la Ngollano le Lefapheng la Poloko ea libuka tsa khoebo mokatong oa bohlano. Eaba ba tšela borokho (boa bonahala setšoantšong se leqepheng la 18) bo kopantseng mehaho ea liofisi e 25 Columbia Heights le mehaho e ka mose o mong ho tsela. Karolong ena ba etela Ofisi ea Mohaho, Sekolo sa Gileade, Lefapha le etsang mabokose, hammoho le Lefapha la ho lila, sebaka sa tokiso ea matlalo, moo ho kopanngoang libuka li rokoa ka letsoho le moo ho lokisoang mechine.
Ba bangata ba fumana ntlo eo ho rekotoang litšoantšiso tsa likopano, ho balloang Bibele ka litheiping le moo ho rekotoang ’mino litheiping e le e khahlisang haholo. Joale e bile ho hapang ho bona Lefapha le etsang litheipi le sebetsa. Ho etsoa litheipi tsa “cassette” tse likete tse leshome le metso e mehlano tsatsi le leng le leng—tse fetang limillione tse robong ho tloha ka 1978 ha lefapha le theoa! Empa ho ne ho sa saletse Lefapha la tokiso ea mechine ea motlakase, Lefapha la Mongolo oa Lifofu, Ofisi ea Mohaho, Ofisi ea Boqapi, Ofisi ea Likopano, Lefapha la Lifoto, Ofisi ea Basebetsi, Karache le moo ho posoang libuka tse neng li tla bonoa pele ho lijo tsa motšehare.
Ebile leeto le feletseng le le tletseng thabo hakaakang la lihora tse tharo le metsotso e mashome a mararo! Hore phutheho ea Jehova ruri e tsoela pele ho utluoa ke bohle. Hoba ba buse mathe, lelapa la ea bona mehaho ea khatiso. Basebeletsi ba khatisong ba ne ba le libakeng tsa bona tsa tšebetso ka 12:30 ho bontša lelapa lohle hore na thepa ea bona e sebelisoa joang e amehang ho hatiseng le ho tlameng libuka tse buang ka Bibele. Ho neng ho khahleha haholo ke mechine e meholo e lebelo haholo e mecha—ho le teng e mehlano leetong leo, ho ntse ho lebelletsoe e meng e meraro e tla fihla selemong sena. O moholo ho eona kaofela, o hatisang Bibele, o molelele ka 33m.
Kamorao ho ho tsamaea le sebaka sa khatiso ka lihora tse tharo, lelapa la leba hae, ba khathetse empa ba thabile ke tlhohonolofatso e totobetseng ea Jehova katolosong. Ka 4 mantsiboea ba bokana kaofela libakeng tsa bona matlong a tšeletseng ao ho jeloang ho oona ho ea thabela lijo tse khethehileng. Joale, kamorao ho phomolo ea nakoana, bohle ba thabela lenaneo le khothatsang haholo la neelano ea mehaho.
Ho Tšehetsa Phutheho e Tsoelang Pele ea Jehova
Linaheng tse ling tse ngata, batho ba Jehova ba utloa oona moea ona oa thabo le cheseho ha ba bona bopaki ba tlhohonolofatso ea Jehova boitekong ba bona ba ho atolosa lisebelisoa tsa bona bakeng sa ho atolosa litaba tse molemo tsa ’muso oa hae. Linaheng tse ngata mehaho e mecha ea lekala e-ea phethoa kapa ke hona e ntseng e hahuoa.
Bonneteng, ho haha hona le ho atolosa lefatšeng lohle ho hloka chelete. Le hoja ho se mohla Lipaki tsa Jehova li kileng tsa qela likoleke, ba thahasellang ho kenya letsoho ho atoloseng lithahasello tsa ’muso oa Jehova ka lichelete ba ka rōmela meneelo ea bona ofising ea lekala ea Watch Tower Society naheng ea habo bona. Afrika e ka boroa meneelo e joalo e ka rōmeloa ho Watch Tower Society, Private Bag 2, Elandsfontein, 1406. Limpho tse joalo li amoheloa ka teboho.
Batho ba Jehova ba rōmiloe ka mokhoa o hlakileng hore ba bolele litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona pele bofelo bo e-tla. (Mattheu 24:14) Hore na Molimo o rerile ho atolosa merero ea hae ho fihlela kae hore ho phethoe mosebetsi ona, ha re tsebe. Empa u ka tšepa hore, ho sa tsotellehe hore na nako e tlang e tla le eng, phutheho ea Jehova e tla ’ne e tsoelepele e phetha taelo ea Hae.
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Mehaho eo e neng e le ea “Squibb” pele joale ke ea Lipaki tsa Jehova. Mohaho oa 25 Columbia Heights o ka letsohong le letona
[Litšoantšo tse leqepheng la 19]
Lehae la 124 Columbia Heights ka 1950
Sebaka sa khatiso sa 117 Adams Street ka 1950
[Litšoantšo tse leqepheng la 20]
107 Columbia Heights
Mohaho oa “Towers”
119 Columbia Heights
[Litšoantšo tse leqepheng la 21]
Mehaho ea khatiso Brooklyn
Mapolasi a Watchtower le libaka tsa khatiso le mehaho ea bolulo
[Setšoantšo se leqepheng la 22]
Fred Franz a fana ka puo ea neelano ea mehaho
[Litšoantšo tse leqepheng la 23]
Mohaho oa Liofisi oa 25 Columbia Heights, ho shebiloe tšebetso e fapaneng
1. Ho kenoa Mohahong oa 25 Columbia Heights
2. Ho bonoa kamore ea Sehlopha se Busang
3. Ho sheba kamoreng ea li-computer
4. Ho eteloa Ofisi ea Mookameli
5. Ho hlahlobjoa lipontšo tsa Lefapha la Boqapi
6. Ho shebiloe mocha oa Lefapha la Bongoli oa li-computer