Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 5/1 maq. 3-4
  • Bibele—Na Rea E Hloka?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bibele—Na Rea E Hloka?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Batho ba ka Tlisa Khotso le Tšireletseho Tsa Kamehla?
    Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—U Ka Li Fumana Joang?
  • Ho Ata ha Tlhalo
    Tsoha!—1992
  • Ke Hobane’ng ha Tlōlo ea Molao e Atile Hakaale?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Tlhalo—Litholoana tsa Eona tse Babang
    Tsoha!—1992
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 5/1 maq. 3-4

Bibele—Na Rea E Hloka?

“Ho THATA ho busa lefatše ka nepo ntle ho Molimo le Bibele.” Ke kamoo ho ileng ha bolela George Washington, mookameli oa pele oa United States. Na le uena u re ho Joalo? Nahana ka se etsahalang ho u potoloha.

Ho Nyoloha ha Theko: Haesale ho ne ho qhome Ntoa ea II ea Lefatše, matla a ho reka a chelete ea linaha tse ngata a felile, joalokaha e ka ’na eaba ke hoo u ho hlokomelang habohloko. Ho latela U.S. News & World Report, matla a kokonang a ho nyoloha ha theko dolareng a phahamiselitse theko haufi le 579% ho tloha ka 1939.”

Ntoa: Lintoa tse peli tsa lefatše tsa lekholo lena la lilemo li bolaile batho ba limillione—har’a masole le ba sa loaneng. Ho tloha ka 1945 ho ea ho 1978 ho bolailoe masole a limillione tse mashome a mabeli a metso e mehlano lintoeng tse ka bang lekholo le mashome a mahlano. Hona joale, lichaba li senya ho fetang $500 ea libillione ka selemo mesebetsing ea sesole, kapa hoo e ka bang lidolara tse millione ka motsotso!

Tlhalano: Japane ho na le ba hlalanang ka metsotso e meng le e meng e mene. United States lenyalo le le leng ho a mang le a mang a mabeli le qetella ka tlhalano. Russia ke a 30 ho a 100. Hona ke pontšo ea phetoho eo e leng kobo-anela lefatšeng.

Tlōlo ea Molao: Tlōlo ea molao e etsoang ka mabifi e ntse e phahama linaheng tsohle. Mohlala o le mong feela ke hore United States tlōlo e le ’ngoe ea molao e etsoang ka mabifi e etsahala ka metsotsoana e meng le e meng e 24. Ho na le motho ea bolaoang ka metsotso e meng le e meng e 23, ea betoang ka metsotso e meng le e meng e 9, bosholu ka metsotsoana e meng le e meng e 58. ’Me ho bonahala tlōlo ea molao e putsa, hobane ke karolo ea 19 lekholong feela ea tlōlo ea molao e rarolloang le batlōli ba molao ba tšoaroa.

Litlala: Le hoja lijo tse hlahisoang ke lefatše li eketsehile butle-butle ka lilemo tse fetileng tse 30, hona joale ho na le batho ba eketsehileng ba sohlokoang ke tlala ho feta neng kapa neng. Batho ba ka bang limillione tse makholo a mahlano—kapa ho feta a le mong ho ba bang le ba bang ba robong—ba kenoe ke phokolo e matla; bothata bo teng le linaheng tse “tsoetseng pele.”

Mathata ana ’ohle a teng a bile a ntse a eketseha ho sa tsotellehe boiteko ba ba sebetsanang le moruo, mapolotiki, baeletsi ba manyalo, lingaka tsa mafu a kelello le litsebi tse ling tse ngata. Na ha hoa totobala hore rōna ka bōrōna, hammoho le lefatše ka kakaretso, re hloka tataiso e tsoang mohloling o phahametseng motho?

Bibele e ipolela hore e ka fana ka tataiso e joalo: Mongoli oa Bibele Davida o itse: “Moea oa Jehova o bua ka ’na.” (2 Samuele 23:2) Moapostola Petrose eena a phaella ka hore baprofeta ba Bibele “ke ka tšusumetso ea Moea o Halalelang . . . ba buileng.”—2 Petrose 1:20, 21.

Mohlomong u ka ’na ua hlokomela ’nete ea hore hore buka e ipolela hore e tsoa ho Molimo ha e pake hore ho joalo. Ka hona u lokela ho nahana: Na ho na le bopaki, bopaki bo khotsofatsang, hore ka sebele Bibele e tsoa ho Molimo?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela