Bibele—Na ka Sebele e Tsoa ho Molimo?
HONA ke ’nete. Hore u amohele hore buka e tsoa ho Molimo, e tlameha ho ba le ’nete ’me e nepahale ho sohle seo e se bolelang. Na ha u lumele hore batho le libaka tseo e buang ka tsona li lokela hore e be ka sebele li kile tsa e-ba teng? Bibele e ema joang ntlheng ee?
Nka mohlala o le mong feela. Bibele e khetholla Ponse Pilato hore e ne e le ’musisi oa Judea nakong ea tšebeletso ea lefatšeng ea Jesu Kreste. (Luka 3:1, 2) Empa na ka sebele Pilato o kile a phela, ’me, haeba ho joalo, na kannete e ne e le ’musisi oa Judea?
Ka nako e telele ho ne ho se letho le tiisang sena. Eaba ka 1961 ho epolloa ntho ea bohlokoa Sesarea. Ha epolloa lejoe le ngotsoeng leo peleng e neng e le karolo ea tempele e neng e hlompha ’musisi Tibere. Mongolo oa Selatine o re: “Ponse Pilato, ’Musisi oa Judea, o etselitse batho ba Sesarea tempele tlotlisong ea Tibere.” Ho nepahala ha Bibele historing ha tiisoa! ’Me ho na le mehlala e meng e mengata haholo e bontšang hore Bibele e nepile le hore ke e ka tšeptjoang historing le boithutong ba lefatše.
Mohlomong u re, ‘Butle. ’Nete ea hore buka e nepile ha e pake hore e tsoa ho Molimo!’ Ke ’nete. Ho nepahala ha Bibele ka bohona ha ho pake hore e bululetsoe ke Molimo. Leha ho le joalo, Bibele e na le bopaki bo pakang hore ke buka e phahametseng ho nepahala feela historing. Kahoo, liithuti tse ngata tsa Bibele li kholisehile hore ruri Bibele e tsoa ho Molimo. U lokeloa ke ho bona hore na ke eng e ba kholisitseng joalo. Re ka ka ra hlahloba bopaki ka mefuta e mehlano e sa tšoaneng.
Ho Lumellana ka Boeona
Nahana ka batho ba 40 ba kopuoa ho ngola likarolo tsa buka. Semelo sa bona se sa tšoane. Ba bang ba rutehile haholo, ha ba bang e le balemi ba tlase kapa balisana. Ho feta moo, ba bang ho bona ba sa tsebane. Ha e le hantle, boholo ba bona bo phetse ka linako tse sa tšoaneng historing le libakeng tse sa tšoaneng. Monyetla oa hore seo ba se ngolang se ka lumellana kahohle, le ka lintlha tse nyenyane, ke ofe? Na u re, ‘Ho thata?’ E, ana ke oona maemo a potolohileng ho ngoloa ha Bibele.
Joale nahana ka mohlala o le mong feela oa tumellano ea bangoli kamoo ba hlalosang Jehova Molimo ka mokhoa o lumellanang. Joalokaha u ka bala ka Bibeleng, likarolo tse sa tšoaneng tsa eona li fana ka tlhaloso e lumellanang ea Jehova Molimo ka boleng ba hae le botho ba hae. Ke oa ka mehla le mehla. (Pesaleme ea 90:2; Habakuke 1:12; Tšenolo 10:6; 15:3) Ha a bonahale mahlong a batho. (Exoda 33:20; Johanne 1:18; 1 Timothea 1:17) Bangoli ba Bibele, ha ba neoa lipono tsa boteng ba hae, ba hlalosa tlhompheho e khōlō le boholo hammoho le bokhabane, taolo le botle. (Exoda 24:9-11; Ezekiele 1:26-28; Tšenolo 4:1-3) Hohle ka Bibeleng litšoaneleho tse laolang tsa Molimo li bontšoa khafetsa e le lerato, bohlale, toka le matla.
Ka sebele, ho lumellana ha Bibele ka boeona—ho sa tsotellehe ho ngoloa ke bangoli ba bangata—ke pontšo ea hore e tsoa mohloling o phahametseng motho.
Ho Nepahala Litabeng tsa Mahlale
Joale re ke re nahaneng ka tlhaloso e le ’ngoe kapa tse peli tsa Bibele litabeng tsa mahlale. Ke hobane’ng ha e le tsa bohlokoa? Ka mabaka a mangata: (1) Li lumellana le linnete tsa thuto ea mahlale; (2) Li bontša tsebo e neng e phahametse tsebo eo batho ba neng ba e-na le eona ka nako ea ha e ngoloa; ’me (3) li lokolohile ho hang maikutlong a fosahetseng a neng a le teng ka nako eo.
Mohlomong u utloile hore Bibele e bolela hore lefatše la rōna le leketlile sebakeng le hore le pilikoechana. (Jobo 26:7; Esaia 40:22) Mohlomong u ipotsa hore na ‘ke hobane’ng ha hoo e le habohlokoa?’ U hopole hore litlhaloso tsena tsa Bibele li lumellana le ’nete e nang le bopaki ea bahlalefi ’me kaofela li hanana le lipolelo tsa boholo-holo ka sebopeho sa lefatše le hore na le tšehelitsoe ka eng. E, ho tla fihlela lilemong tse seng kae tse fetileng tse makholo batho ba bangata, ho akarelletsa le ba amehang thutong ea mahlale, ba ne ba lumela hore lefatše le bataletse! Kahoo ha hoa tloaeleha hore e be bangoli ba Bibele ba ne ba ka tseba linnete tsena ka lefatše lilemo tse likete tse fetileng ’me e le ntle ho lisebelisoa tsa bohlalefi tsa kajeno!
Mohlala o mong ke ona. Mehleng ea Moshe e ne e le tloaelo Egepeta ho sebelisa mantle a batho kapa a liphoofolo e le pheko bakeng sa maloetse a itseng. Ho feta moo, Moshe o ne a hōletse Egepeta ’me a ‘rutiloe bohlale bohle joa ba-Egepeta.’ (Liketso 7:22) Empa litlhaloso tseo a faneng ka tsona ho Deuteronoma 23:12, 13 ho hang ha li na mekhoa eo e thetsehileng—hantle-ntle e kotsi ea meriana ea Egepeta. Ka mantsoe ana, Iseraeleng ea boholo-holo mantle a motho a ne a nkoa a le litšila, a lokela ho epeloa hore a se ke a ba sebakeng seo ho pheloang ho sona le mehloling ea metsi. Joalokaha u tseba, bohlale ba meriana ba kajeno boa lumela.
Na mehlala ena hase pontšo e tsoelang pele ea hore boitsebiso bo ngotsoeng ke bangoli ba Bibele bo tlile bo tsoa mohloling o ba phahametseng?
Ho Hloka Bolotsana
Ntho e ’ngoe hape e khethollang Bibele joaloka e tsoang ho Molimo ke ho hloka leeme ha bangoli ba eona. Hobane’ng? ’Nete ke hore, ho hanana le tlhaho e oeleng ea motho ho lumela liphoso tsa hae, haholo ka ho li ngola. Ho sena, Bibele e ikhetha libukeng tse ling tsa boholo-holo. Empa, ho feta moo, ho hloka leeme ha bangoli ba eona ho re tiisetsa hore ho hang ba ne ba tšepahala. Ha e le hantle, ba ne ba ke ke ba senola mefokolo ea bona eaba joale ba qala leshano ka lintho tse ling, na ba ne ba ka ho etsa? Haeba ba ne ba tla qala leshano ka eng kapa eng, na e ne e ke ke ea e-ba ka litaba tse seng monate ka bona? Kahoo, ho hloka leeme ha bangoli ba Bibele ho phaella matleng a ho ipolela ha bona hore ba ne ba tataisoa ke Molimo ho seo ba se ngotseng.—2 Timothea 3:16.
Re ke re nahaneng ka Moshe bakeng sa mohlala oa ho hloka leeme ho joalo. Le hoja e ne e le moeta-pele oa sechaba sa Iseraele, ’muelli oa selekane sa Molao, moprofeta le moahloli, ha a ka a honyelletsa Iseraele Lefatšeng la Pallo. Hobane’ng? Ho ea ka Numere 20:1-13, Moshe o ile a etsa phoso e khōlō. Ipalle kamoo a ileng a sitoa ho ‘tlotlisa’ ’me “a bua ka molomo oa hae ka potlako,” a sitoa ho tlotlisa lebitso la Molimo. Tlaleho e ngotsoe ke mang bukeng ea Numere? Moshe, eo ka bonnete a entseng tlaleho ea ka mehla ea mefokolo ea hae!—Deuteronoma 32:50-52; Pesaleme ea 106:32, 33.
Joale nahana ka mefokolo ea baapostola ba Jesu Kreste. Ka linako tse ling ba ne ba lieha ho utloisisa (Mattheu 16:5-12), ba bontša tumello e nyenyane (Mattheu 17:18-20) ’me ba senola tšekamelo ea ho batla botumo. (Mattheu 18:1-6; 20:20-28) E, ba bile ba lahla Jesu bosiung boo a tšoeroeng ka bona! (Mattheu 26:56) Na u hlokometse hore mefokolo eo kaofela e ile ea ngoloa ke Mattheu, e mong oa baapostola ba 12?
Na u hanyetsa hore ho hloka leeme ha bangoli ba Bibele ke bopaki bo bong ba hore Bibele hase buka e simolohileng ho batho ’me ka ho totobetseng e na le ‘lentsoe la Molimo e seng lentsoe la batho’?—1 Ba-Thessalonika 2:13.
Poloko
Ho bolokoa ha Mangolo le hona ho bontša hore Bibele ka Sebele e tsoa ho Molimo. Nahana ka mabaka ana a mabeli:
(1) Kaha qalehong ea litaba bangoli ba Bibele ba ne ba ngola holim’a ntho e senyehang, Mangolo a ne a tlameha ho ’na a kopitsoa ka letsoho ka makhetlo a mangata hore a bolokeloe meloko e tlang. Ke hobane’ng ha hona ho tsoteha hakana? E seng feela hobane kotsi e ne e le teng ea hore motho a ka fosa empa hape hobane ho ne ho e-na le boiteko bo etsoang ka boomo ho silafatsa mangolo. Empa leha ho le joalo Bibele e fihlile ho rōna ka ho nepahala ho tsotehang, joalokaha ho tiisoa ke ho sibolloa ha mangolo a boholo-holo a Bibele.a
(2) Ho bolokoa ha Bibele ke ho hlollang ka ho fetisisa ha re nahana hore e pholohile khanyetso e matla. Ka linako tse ling bo-papa le makhotla ba ne ba hanela ho baloa ha Bibele ka kahlolo ea ho amoha motho litšoanelo. Barati ba bangata ba Bibele ba chesoa lifateng. Empa Bibele ea pholoha khanyetso ena eohle ’me ea fetoha buka e rekisoang haholo ho feta tsohle lefatšeng.
Ha ho buka e ’ngoe ea pale ea motho e pholohileng e ntse e nepahetse ho sa tsotellehe ho kopitsoa ke batho ba sa phethahalang ebile e hanyelitsoe ke lira ka makholo a lilemo. Na hona hase bopaki bo kholisang ba hore Bibele e na le “lentsoe la Morena,” le ‘hlolang ka ho sa feleng’?—1 Petrose 1:24, 25.
Boprofeta
Mohlomong bopaki bo matla ka ho fetisisa ba hore Bibele e tsoa ho Molimo ke ho phethahala ha boprofeta bo bongata ba eona. Na ho na le motho eo ka nepo le ka kotloloho e feletseng a ka bolelang lilemo tse makholo, kapa tse likete pele ho nako hore na ho tla etsahala kamoso ke hofe? Batho ba thatafalloa ke ho bolela pele ho nako ka boemo ba leholimo ho feta lihora tse seng kae pele!
U ka ’na ua botsa hore na ‘Empa re tseba joang hore boprofeta ba Bibele bo hlile ba ngoloa pele ho nako?’ Ho arabela seo, phetla Esaia 13:19, 20 ’me u bale boprofeta ba Esaia mabapi le ho timetsoa ha Babylona ea boholo-holo. Hlokomela hore Esaia ha a ka a bolela pele ho nako ka ho timetsoa ha Babylona feela. A boetse a re: “Batho ba ke ke ba aha teng [Babylona].” Babylona ha e na baahi ho tla fihlela kajeno. Esaia o ne a ka ngola boprofeta ba hae joang kamor’a hore bo phethahale?
Ho feta moo, le hoja Babylona e ile ea haptjoa ke Bamede le Bapersia ka 539 B.C.E., boprofeta ba Esaia bo ne bo sa phethahala ka ho feletseng ka nako eo. Haele hantle, ho ne ho sa ntsane ho e-na le batho ba phelang Babylona ho tla fihlela lekholong la pele la lilemo C.E. (1 Petrose 5:13) Kamoo ho bonahalang, ha e-ea ba ho fihlela lekholong la bone la lilemo C.E. moo Babylona e qetelletseng e le lesupi, kahoo e phethahatsa mantsoe a Esaia ka ho feletseng. Ha ho pelaelo ea hore Esaia o ngotse buka ena pele ho moo, hobane le Meqolo ea Leoatle le Shoeleng (Mengolo ea Bibele e sibolotsoeng ka lekhetlo la pele ka 1947) e na le kopi ea Esaia e behetsoeng nako e qalang lekholong la pele kapa la bobeli la lilemo B.C.E.
Bibele e na le boprofeta bo bong bo bongata ba nako e telele bo ileng ba phethahala. Ho feta moo, ho ithuta Bibele ho senola hore e na le boprofeta boo u bo bonang bo phethahala kajeno. (Nahana ka lebokose le mona.) Na pelaelo e ka ba teng ea hore bangoli ba Bibele ba buisitsoe ke Molimo?
Ha re hlahlobile bopaki, qeto ea hao ke efe? Na bonyane Bibele ha e lokeloe ke hore u ka e hlahloba? Ho na le lebaka le tlamang la hore u e hlahlobe. Joalokaha re hlokometse sehloohong se fetileng, ha ho leha e le neng kapa neng paleng moo ho kileng ha hlokeha tataiso e tšepahalang hakana litabeng tsa batho. Bibele e na le metheo eo, haeba e sebelisoa, e ka u thusang ho loana ka katleho le mathata a moruo, ho phela ka khotso le batho ba bang le ho haha bophelo bo thabileng ba lelapa. Ka mathata a lefatše lohle ao motho a ke keng a a laola e re’ng? Bibele e thathamisa pheko ea ka ho sa feleng e tla sebelisoa ke ’muso oa Molimo tlas’a Kreste haufinyane.
Na u rata ho fumana ho eketsehileng ka lintho tsee? Ke eng ha u sa iteanye le Lipaki tsa Jehova motseng oa heno kapa u ngolle bahatisi ba makasine ena? U tla fumana melemo e mengata-ngata.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona buka Aid to Bible Understanding, maqephe 1106-1110, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
[Lebokose le leqepheng la 7]
Boprofeta ba Bibele Boo Re Boneng ha bo Phethahala
1. Lintoa tsa Lefatše (Tšenolo 6:3, 4)
2. Tlala e sebaletseng, ka theko e phahameng haholo ea lijo (Tšenolo 6:5, 6; Mattheu 24:7)
3. Ho phahama ha botlokotsebe le tlōlo ea molao (Mattheu 24:12; 2 Timothea 3:1-5)
4. Keketseho ea litšisinyeho tsa lefatše (Luka 21:11)
5. Ho senngoa ha lefatše, ho kang ho etsoang ka tšilafatso e bolaeang (Tšenolo 11:18)
6. Ho boleloa ha litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo lefatšeng lohle ho etsoang ke lipaki tsa Jehova (Mattheu 24:14)
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Batho ba tsamaileng khoeling kapa ba ileng ba potoloha lefatše ba tiisa bonnete ba Bibele litabeng tsa mahlale
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore e be Moshe o ile a tlaleha phoso ea hae e tebileng?