Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 12/15 maq. 10-11
  • Jesu Kreste—Na ke Lesea Kapa Morena ea Busang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jesu Kreste—Na ke Lesea Kapa Morena ea Busang?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jesu le Balepi
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Jesu le Balepi
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Balepi ba Linaleli ba Etela Jesu
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Ke Mang ea Ileng a Romela “Naleli”?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 12/15 maq. 10-11

Lentsoe la Molimo Lea Phela

Jesu Kreste—Na ke Lesea Kapa Morena ea Busang?

KA NAKO ea Keresemese batho ba bangata ba nahana ka Jesu e le leseanyana le ka sejelong. Ho bontšoa “banna ba bohlale” ba tlisetsa lesea le sa tsoa tsoaloa limpho. Batho ba re Jesu o ile a hlaha ka nako ena ea selemo. Na ke sona se boleloang ke Bibele?

Ke eng ha u sa phetle Bibele ea hao ’me u bone hore na e hlile e re’ng. Bala ka hloko Luka 2:1-20 le Mattheu 2:1-16. Joale, na Bibele ha e bolele ho re balisa ba ne ba le masimong ba alositse mehlape ea bona ha Jesu a hlaha? Kaha ka Tšitoe Palestina ke nako ea lipula, le lirame, ha ho bonolo hore balisa ba ne ba ka ba meraka le mehlape ea bona ka nako eo ea selemo.

Hape u hlokomele hore ena e ne e le nako eo ka eona ho neng ho hlokoa hore batho ba tsamaee ho ea metseng ea habo bona ho ea ngolisa teng. Ho hang ha ho bonahale babusi ba Roma ba ne ba ka laela batho ba neng ba sentse ba batla ho ba fetohela hore ba nke leeto leo la ho ea ngolisa har’a mariha. Bopaki bo bong, hape, bo paka hore Jesu ha a ka a tsoaloa ka nako ea Keresemese. (Bona leqephe 10.)

Na hape u hlokomela hore ha bao ho thoeng ke banna ba bohlale ba ne ba mo tlisetsa limpho, Jesu e ne e se e se lesea ka sejelong? Bibele e bolela hore “Ha ba kena tlung, ba fumana ngoana le ’m’ae, Maria.” (Mattheu 2:11) “Banna ba bohlale” bana ba sa kang ba tsamaisoa ke mangeloi empa ke naleli ke bafe? E ne e le Magi, kapa balepi ba linaleli. ’Me le hoja bolepi ba linaleli bo rateha har’a batho ba bangata, Molimo o-oa bo nyatsa.—Esaia 47:12-15.

Joalokaha tlaleho ea Bibele e bontša, balepi bao ba linaleli ha baa ka ba tobisoa pele Bethlehema ho Jesu ke naleli empa ho Morena Heroda oa ’molai Jerusalema. Joale, haeba Molimo o ne o sebelisitse naleli ho tsamaisa balepi ba linaleli, na o ne a tla ba tobisa pele Jerusalema e le hore ba ka kopana le morena eo ea kotsi? Ho totobetse hore ha ho joalo!

Eare ha naleli qetellong e fihlisa balepi ba linaleli ho Jesu, Molimo oa kena tabeng ’me oa lemosa banna bao torong hore ba se khutlele ho Heroda. Ka lebaka leo Molimo oa pholosa bophelo ba Jesu. Re tseba joang? Hobane eitse ha Heroda a utloa hore balepi ba balehile ba sa mo tlalehela, a batla ho bolaea Jesu. Empa ka nako eo Molimo o ne o se o lokisitse hore Jesu a balehe. Kahoo naleli eo e ne e hlile e le leano la Satane Diabolose hore a bolaee Jesu!

E sa le morero oa Diabolose kajeno ho leka ho etsa hore batho ba nahane ka Jesu e le lesea le se nang thuso. Empa ha ho joalo! Pele Jesu a tsoaloa, lengeloi Gabriele le ile la bolella ’mè oa hae ka eena, hore: “O tla busa . . . ’me borena ba hae ha bo ka ke ba e-ba le bofelo.” (Luka 1:33) Hona joale Jesu Kreste o busa e le morena ea matla oa leholimo, ’me haeba re tla amohela bophelo tlas’a puso ea ’Muso oa hae, ke habohlokoa hore re hlokomele ’nete ena.—Esaia 9:6, 7.

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Ke eng e phoso ponong ee?

[Litšoantšo tse leqepheng la 11]

“Banna ba bohlale” ba latela naleli—e ne e tsoa hokae?

U nka Jesu e le eng?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela