“Jarisa Jehova Phahlo Tsa Hao”—Joang?
KE DAVIDA, morena ea tsebisahalang hantle oa ’muso oa meloko e 12 ea Iseraele ea boholo-holo ea re khothalitseng tjena: “Jarisa Jehova phahlo tsa hao, ’me o tla u tšehetsa; a ke ke a lumela hore ea lokileng a ’ne a sisinngoe.”—Pesaleme ea 55:22.
Ke hobane’ng ha keletso e joalo e loketse haholo ha e tsoa ho Morena Davida? Hona u ka e ela hloko joang?
Davida o ile a sebeletsa Jehova Molimo tlas’a liketsahalo tse ngata. Boshemaneng ba hae o ile a bolaea tau, bere le senatla Goliathe. Davida ea e-ba mohlabani ea hloahloa, a atolosa meeli ea Iseraele ea boholo-holo ho fihla moo Molimo o ne’ng o e batla teng. Ho feta moo, ho ne ho se ea mo fetang ka ho qapa lipina le ho ngola lithoko. Empa Davida ha a ka a latsoa feela menyaka ea katleho le nala empa hape le likhopiso tsa masoabi le bohloko.—1 Samuele 16:18; 17:34-36; 18:7.
Lebaka Leo Davida a ‘Jarisitseng Jehova Phahlo ea Hae’
Ha Davida a ne a re “Jarisa Jehova phahlo tsa hao,” o ne a bolela eena ka boeena. Re bua tjena joang? Hobane ho ea ka boitsebiso bo potolohileng taba ena ho totobetse hore Davida o qapile thoko ena ha litokelo tsa hae tsa borena li ne li theohetse tlase. Ke nakong eo ka eona mora oa hae ea meharo Absalome a neng a batlile a atleha ho ikhapela terone ea ntat’ae.
Koluoa ea masisa-pelo ea Davida e totobala mantsoeng a qalang a Pesaleme ea 55:1: “Oho, Molimo, u sekehele thapelo ea ka tsebe, u se ke ua furalla lithapelisiso tsa ka; u nkutloe, ’me u nkarabe! Ke timeletsoe, ke sisa pelo, kea luma-luma.” Litemaneng tse latelang tse tšeletseng o ntse a pheta sona sena.
Ke hobane’ng ha Davida a ile a iphumana a le boemong bona? Ka lebaka la lira tsa hae. Joale o rapela Molimo hore o nke bohato ka lira tsa hae, haholo o qoolla motsoalle oa hae ea neng a fetohile moeki oa hae. Ntle ho pelaelo e ne e le Akitofele, eo ho neng ho ka boleloa hantle tjena ka eena: “Hola ke sera se ’nyelisang, . . . empa ke uena, monna eo u leng mokan’a ka le motsoalle oa ka; uena motšepuoa eo re neng re buisana le uena hamonate, eo re neng re ea le uena ka tlung ea Molimo re e-na le sechaba!”—Litemana 12-14.
Hoba a hlalose boemo ba hae le se bo bakang, karolong e ’ngoe ea taba Davida o bua tjena ka tšepo ea hae ho Jehova: “Ha e le ’na, ke ntse ke hoeletsa ho Molimo, ’me Jehova o tla mpoloka.” (Temana ea 16) Joale kamor’a hore a ikeletse a re, ‘jarisa Jehova phahlo ea hao,’ Davida o phetha thoko ka eona tšepo eo ho Ea Holimo-limo, a re: “Uena, Molimo, u tla ba lihela tlase-tlase sehokong; . . . Empa ’na, ke beile tšepo ea ka ho uena.” ’Me mantsoe a Davida a ipakile e le ’nete hakaakang! Mora oa hae ea meharo Absalome le moeletsi oa hae ea mano Akitofele ba shoa ba sa rera, ha Davida a ’nile a busa e le morena ea tlotsitsoeng ke Molimo.—Litemana 22, 23.
Liphahlo kapa Boikarabelo
Pele re ka nahana ka keletso e bululetsoeng ea Davida ka hore na re ka jarisa Jehova liphahlo tsa rōna joang, ho bonahala ho loketse ho hlokomela hore ho na le boikarabelo bo bong boo re lokelang ho bo jara ka bōrōna. Moapostola oa Mokreste Pauluse o ile a ngola: “E mong le e mong o tla jara phahlo ee e leng ea hae.” (Ba-Galata 6:5) ‘Liphahlo’ tse joalo ke boikarabelo ba rōna hobane re banna, basali, batsoali, bana, basebetsi, Lipaki tsa Jehova kapa, ka mohlala, baholo ba khethiloeng ka phuthehong ea Bokreste. Ha rea lokela hore ho hang le ka ho hloka boikarabelo re jarise Jehova liphahlo tse joalo empa re ithaopele ho li jara e le rōna. Ho joalo ha ho fihloa tabeng ea ho etsa liqeto. Lentsoe la Molimo le fana ka melao le metheo, empa re tlameha ho e sebelisa mathateng ao re talimaneng le oona. Koana, re tšoanetse ’me re lokela ho kōpa Molimo bohlale, matla le moea oa oona o halalelang hore li re thuse ho jara liphahlo tsena tsa rōna, empa re se leke ho itlhohlolla tsona.
E be joale liphahlo tseo re ka li jarisang Jehova ke life? Ke lipelaelo, matšoenyeho, masoabi le tšabo e mabapi le nako e tlang, tse kang tseo Davida a ileng a feta har’a tsona. ’Me hape li akarelletsa liphahlo tse amang mefokolo ea rōna le boikutlo. Tsena ke liphahlo tseo re lokelang ho li jarisa Jehova, hobane moapostola Petrose o re: “Lahlelang lipelaelo tsohle tsa lōna holim’a oona.” Hobane’ng? “Hobane oa le hlokomela.”—1 Petrose 5:6, 7.
Jesu Kreste o fane ka keletso e joalo Thutong ea hae ea Thabeng. Mohlomong u botsa hore na “Joang?” Ha a ka re bolella feela hore re se ke ra belaela ka hore na re tla ja’ng, re tla noa’ng le ho apara’ng empa hape a re bolella lebaka leo re sa lokelang ho ba le lipelaelo tse joalo ka lona. Jesu a tiisa hore: “Molimo ha o apesa . . . joang ba naha, . . . na haholo o ke ke oa le apesa, lōna batho ba tumelo e nyenyane? . . . Ntat’a lōna ea maholimong o tseba hoba le hloka lintho tseo tsohle.”—Mattheu 6:25-33.
Ka Thapelo
Leha ho le joalo, ke joang re ka hlang ra ‘jarisa Jehova phahlo tsa rōna’? Tsela e ’ngoe ke ka hore ka mehla re ee ho eena ka thapelo. Na hase ’nete hore e ’ngoe ea liphahlo tseo re tlamehang ho li jara letsatsi ka leng ke ho hlokomela hore ha re tlōle litlhokahalo tse lokileng tsa Molimo? E, empa ka ho ea ho Molimo ka thapelo re ka lopolloa moroalong ona. Jesu o ile a tšoantšetsa sena ka molekhetho eo, ka lebaka la ho rapela Molimo ka boikokobetso le ka tieo hore a be khabane ho Molimo, a ileng a pakoa hore o lokile ho feta Mofarisi oa moikaketsi. Ka mantsoe a mang, molekhetho ka lebaka leo a lopolloa mojarong oa hae oa ho ikutloa a le molato. Empa hlokomela: Ho itšetlehile ka boemo ba rōna ba moea, botebo ba sebe sa rōna le hore na molato oa rōna ke oa mofuta ofe, mohlomong re tla tlameha ho batla thuso ea ba bang, ba kang baholo ba phutheho, e le hore re ka lokoloha moroalong oa rōna.—Luka 18:9-14; Ba-Galata 6:2; Jakobo 5:14-16.
Haeba lithapelo tsa rōna e le tse tla re thusa hore re jarise Jehova liphahlo tsa rōna, re tlameha ho ba ba tiileng, ka sebele re tiee tabeng eo re buang ka eona. Ke ka lebaka leo re laeloang hore: “Le se ke la belaella letho; empa nthong tsohle seo le se batlang, le ke le se tsebise Molimo ka thapelo le ka kōpo e nang le teboho.” Hona ho tla thusa ho re imolla, hobane kahoo ‘khotso ea Molimo, e fetisang kutloisiso eohle, e tla boloka lipelo tsa rōna le mehopolo ea rōna.’—Ba-Filippi 4:6, 7.
Ka kōpo u hlokomele hore Pauluse o bolela likōpo hammoho le lithapelo. Likopo ke eng? Ke lithapelo tse chesehang. ’Me ho cheseha ke eng? Lentsoe lena le tsoa motsong o bolelang “ho chesa, ho bela.” Kahoo ho cheseha ho bolela ho chesa, boikutlo bo mofuthu, tieo. Ke tsela eo lithapelo tsa rōna li lokelang ho ba ka eona haeba ke ka tsona re tla atleha ho ‘jarisa Jehova liphahlo tsa rōna.’
Haeba re hlile re tiile lithapelong tsa rōna, re tla be re tiisetse le thapelong. Hoba a bapise hore hoa hlokahala ho tiisetsa thapelong, Morena oa rōna Jesu Kreste o ile a phehella: ‘Ke re ho lōna, Le ’ne le kope, ’me le tla fuoa; le ’ne le batle, ’me le tla fumana; le ’ne le kokote, ’me le tla buleloa, hobane e mong le e mong ea kōpang o tla fuoa, ’me e mong le e mong ea batlang o tla fumana, ’me e mong le e mong ea kokotang o tla buleloa.’ (Luka 11:2-19, NW) Ka sebele, le ’ne le kōpe, le batle, le kokote, ’me Ntate oa rōna oa leholimo o tla inkela liphahlo tseo a li jarisoang ka tšoanelo.
Tumelo le Mesebetsi
Ka lithapelo tsa rōna, joaloka tšobotsi e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo ba rōna ba Bokreste le tšebeletso, ho sebetsa motheo ona: “Le etsetsoe kamoo le lumetseng kateng.” (Mattheu 9:29) Re tlameha ho ba le tumelo e khahlisang Molimo. Ha rea lokela ho lumela ka pelo eohle feela hore o teng empa hape re tlameha ho tšepa hore o putsa ba mo batlang ka tieo. (Ba-Heberu 11:6) Re tlameha ho ba le tumelo ea hore Molimo o-oa re utloa.
Ho ba le tumelo e matla joalo, ho hlokahala re ithute Lentsoe la Molimo. Re leke ho le bala le libuka tse amanang le lona tsa Bokreste tsatsi le leng le le leng. Ho bonolo ho lebala litiiso tse khōlō tsa Bibele le likeletso. Re bokanetsoe ke lintho tse ngata haholo tsa lefatše! Empa ke feela ka hore kamehla re iphepe ka Lentsoe la Molimo re ka tloaelanang ka ’nete le Jehova, litšobotsi tsa hae tse babatsehang le litsela tsa hae tseo a sebelisanang le bahlanka ba hae ba lefatšeng ka tsona. Lentsoe la Jehova le phahamisa hakaakang tlhokomelo ea hae e lerato bakeng sa batho ba hae! Nako le nako re bala kamoo a ileng a arabela lithapelo tsa bahlanka ba hae. (Genese 20:17; Liketso 12:5, 17) Le ka mohla u se lebale hore Jehova e ntse e le “ea utloang merapelo” ea tšepahalang kamehla.—Pesaleme ea 65:2.
Ho thusang ka litsela tse ngata ke ho tseba ka hlooho litemana tsa Bibele, haholo tse re tiisetsang tlhokomelo e lerato ea Molimo. Har’a tsona ke tse qotsitsoeng ka holimo, hammoho le lipesaleme tse ling, tse kang Pesaleme ea 23 le ea 103. Ekaba ke tsela efe e molemo ea ho tlatsa mehopolo ea rōna le ho leleka menahano e faposang ho feta ho tseba ka hlooho le ho pheta karolo e ’ngoe ea Lentsoe la Molimo! Ka ho hopola litemana tsa Bibele re ka iphepa ka Lentsoe la Molimo leha re se boemong ba ho bala Bibele. Ka mohlala, re ka thuisa ka Mangolo ha re hlobaetse bosiu. (Bapisa Pesaleme ea 63:3.) Ka sebele, sena sohle ke thuso ea ho ‘jarisa Jehova phahlo tsa rōna.’
Ho feta moo, ‘ho jarisa Jehova phahlo tsa rōna’ ho akarelletsa hore re phethe karolo ea rōna. Hopola hore “tumelo, ha e se na mesebetsi, e shoele.” (Jakobo 2:26) Jesu o bontšitse ho hongata joalo Thutong ea hae ea Thabeng, hobane kamor’a hore a eletse hore re se ke ra belaela empa re be le tumelo hore Molimo o-oa hlokomela, a laela: “Le mpe le batle ’muso oa Molimo le ho loka ha oona pele; ’me lintho tseo tsohle le tla li ekeletsoa.” Ka sebele, ho mamela keletso eo ho tla re thusa ho lokoloha lipelaelong.—Mattheu 6:33.
Thuso e ’ngoe ke ho ithuta ho khalemela menahano ea rōna. Mohlomong re itloaelitse menahano e sa haheng. Ha re beile kōpo ea rōna ka pel’a Jehova le ho mo jarisa lipelaelo tsa rōna ka tieo re lokela ho li tlohela moo re sa itšoenye ka tsona. Hape re lokela ho ikhalemela ka mantsoe a rōna le liketso. Re tsoele pele ’me re se ke ra etsa liphoso li le ling nako le nako. Ho e-na le hoo, re tšoane le moapostola Pauluse ’me re ‘laee ’mele ea rōna, re e sebetse joaloka makhoba.’ Hape re ele hloko keletso ea Jesu ea hore ‘re falimehe, re rapele ka mehla,’ hobane “moea o mafolo-folo, empa nama eona ea fokola.”—1 Ba-Korinthe 9:27; Mattheu 26:41.
E be joale u ka ‘jarisa Jehova phahlo tsa hao’ joang? Ka hore u tiisetse ka tieo thapelong, ka hore kamehla u iphepe ka Lentsoe la Molimo, ka hore u qale ka ho batla ’muso oa Molimo le ka ho ikhalemela. Joale, ’neteng ea seo Molimo o se tšepisitseng, o tla u boloka ’me ha ho mohla a tla u tlohela hore u sisinngoe.