Ho Tšehetsoa ha Tseko ea ’Muso Lefatšeng Lohle
“Jehova, u atisitse sechaba, u itlotlisitse, u suthisitse meeli eohle ea naha.”—ESAIA 26:15.
1. (a) “Sechaba” sa kajeno se phethahalitse Esaia 26:2 joang? (b) “Sechaba” sena se bapisoa joang le lichaba tsa lefatše?
KE SECHABA sefe seo Jehova a se hlohonolofatsang ka keketseho e kaalo? Ke “sechaba se lokileng, se bolokang botšepehi.” (Esaia 26:2) Ke sechaba sa moea sa Bakreste ba ’nete seo mothusi oa leholimo oa Jehova, “Jerusalema oa holimo,” a se tsoetseng “hang,” selemong sa mehla ena sa 1919. Ha se bapisoa le lichaba tsa lefatše le baruti ba tsona, tse ileng tsa loana Ntoa ea I ea Lefatše bakeng sa puso ea lefatše, “sechaba” se seholo sa Jehova se tšehetsa ’Muso oa Messia o theiloeng maholimong ka 1914 se sa sekisetse. (Ba-Galata 4:26; Esaia 66:8; Tšenolo 11:15-18) Jehova o kentse ‘sechaba sena se lokileng’ paradeiseng ea moea ea tšebetso ea ’Muso ’me o se beile hore se sebetse ho fana ka bopaki ba ho qetela ho lichaba le batho ba lefatše.—Mattheu 24:14; 25:31-33.
2. “Sechaba” see se thaba ka lebaka lefe?
2 Phethahatsong ea pina ea boprofeta ea Esaia 26:1-6, litho tsa sechaba se tsoetsoeng bocha li kene ka likhoro tse ahlameng ha li atamela “thabeng ea Sione, motseng oa Molimo o phelang, Jerusalema oa leholimo.” (Ba-Heberu 12:22) Majalefa ana a ’Muso ka thabo a hlokomela mantsoe a pina: “Le tšepe Jehova ka mehla eohle, hobane Jehova, Jehova, ke lefika la ka mehla eohle.” Jehova o “atisitse sechaba,” ho fihlela moo palo ea sona e fellang, ’me baahi bana ba sechaba se halalelang ba hooa hore Jehova ke “lefika” la bona le ‘Morena’ oa bona, ba khotsoe hore o tloha a phethisisa merero eohle ea hae e meholo.—Esaia 26:15; 25:8.
3. Jehova o tlotlisitsoe ho ea pele joang?
3 Lilemong tsa morao tjena Jehova o ‘suthisitse meeli’ ea naha ea hae ea puso ea leholimo ho ea pejana. Hona o ho etselitse ho bula sebaka bakeng sa “tse lakatsehang” tse tsoang lichabeng tsa lefatše—“bongata bo boholo” bo fetohang karolo ea batho ba hae ba ineetseng. Bana ba ‘tlatsa ntlo ea hae ka khanya’ ha le bona ba paka ka lebitso la hae le ’Muso.—Haggai 2:7; Tšenolo 7:9, 15.
Jehova o Atisa Sechaba ka 1982
4. (a) Ezekiele 9:1-11 e bea mohlala o motle joang bakeng sa ba kopanelang mosebetsing oa ho ‘tšoaea’ kajeno? (b) Ka lebaka la ho tlaleha ka botšepehi tšebeletso ea rōna, re ka khotsofalla eng?
4 Ha Lipaki tsa Jehova li tšehetsa tseko ea ’Muso ka pelo eohle, li ngola litlaleho tsa tsona tsa mosebetsi oa khoeli le khoeli. Ho sena, li tšoana le monna ea nang le lenaka la mongoli ea hlalosoang ho Ezekiele 9:1-11, ea rongoang ho ea tšoaea batho bakeng sa pholoho le ea ileng a khutlisetsa tlaleho ka botšepehi ho Jehova, a re, “Ke entse kamoo u ntaetseng kateng.” E ee e be ho khotsofatsang hakaakang Sebokeng sa Tšebeletso ho utloa lintlha tse ntle tsa tlaleho e feletseng ea phutheho e be u tseba hore tlaleho ea hao, le hoja mohlomong e ne e le ‘cheletana e nyenyane ea mohlolohali.’ e tlatsellelitse pheletsong eo! Hape, ha selemo le selemo re hlahloba kakaretso e khōlō ea mosebetsi tlalehong ea selemo le selemo ea lefatše lohle ea Lipaki tsa Jehova, hoa thabisa ho nahana ka ’nete ea hore litlaleho tsa rōna, le haeba li ne li le nyenyane hakae, ke karolo ea tlaleho eo e khōlō ea lefatše!—Mareka 12:42.
5. (a) Jehova o itlotlisitse joang mabapi le Tlaleho ea Selemo sa Tšebeletso sa 1982? (b) Mosebetsi oa ‘ho etsa barutuoa’ o beile litholoana joang?
5 Maqepheng a 18-21 u tla fumana “TLALEHO EA SELEMO SA TŠEBELETSO SA 1982 EA LIPAKI TSA JEHOVA LEFATŠENG LOHLE.” Lebitso la bohlokoa la Morena ea Phahameng Jehova ruri le tlotlisoa ke tlaleho ena e babatsehang ea mosebetsi! Ha re sheba lipalo tse akaretsang tlase ho leqephe la 21, re fumana keketseho e khothatsang haholo ea 4,2 lekholong palong ea ba ileng ba kopanela khoeli le khoeli tšebeletsong ea ’Muso kutlong ea thomo ea Jesu: “E-eang ke hona, le rute lichaba tsohle.” Hape, ho na le tlhoro eo e ncha e ntle ea Lipaki tse 2 477 608 tse ileng tsa kopanela ka nako e ’ngoe ea selemo ho boleleng litaba tse molemo “pontšeng le ka matlung.”—Mattheu 28:19; Liketso 20:20.
6. Ka thomo ea bona, ke tšepo efe e matla eo Lipaki tsa Jehova li nang le eona?
6 Leha ho le joalo, Lipaki tsa Jehova ha lia lebella ho sokolla lefatše. Ho e-na le hoo, thomo eo ba e filoeng ke Molimo ke ho “bolela ngoaha oa mehauhelo ea Jehova, le letsatsi la liphetetso tsa Molimo oa rōna.” Ke tšepo ea rōna e matla le thapelo hore ba limillione ba bang ba libillione tse phetheselang tsa lefatše ba tla nka bohato ka molaetsa oa ’Muso pele ‘mahlomola a maholo’ a tlosa mekha eohle e kotsi le e senyang. Joale, “lefatše le tla tlala tsebo ea Jehova, joale ka ha metsi a aparetse leoatle.”—Esaia 61:2; Mattheu 24:14, 21, 22; Esaia 11:9.
7. Phutheho ea Jehova e lokiselitse katiso e tsoelang pele joang?
7 Lipaki tsa Jehova li lebelletse katiso e ’ngoe e potlakileng ea mosebetsi oa ’Muso, li ile tsa tšoareha haholo ka lilemo tse ngata tse fetileng ho atolosa lisebelisoa tsa mokhatlo oa tsona. Ntlo kholo e Brooklyn, New York, e nchafalitse le ho atolosa liofisi tse 25 Columbia Heights, ’me tšebetso ea khatiso e Brooklyn le Mapolasing a Watchtower e kentsoe mechine ea li-computer le ho phahamisetsoa ho lumellana le khatiso e potlakileng haholo. Lefatšeng lohle, makala a ka fetang 30 a Mokhatlo a haha libaka tse ncha le tse atolositsoeng, tse ling tsa tsona li bontšitsoe leqepheng le latelang. Phutheho ea Jehova e lokiselitsoe katiso e tsoelang pele le katoloso!
8. Ka keketseho ea baboleli ba ’Muso, ke lintlha life tse khahlisang tseo u li fumaneng ha u hlahloba chate e maqepheng a 18-21?
8 Ke linaha tse 95 kaofela har’a tse thathamisitsoeng Tlalehong ea Selemo sa Tšebeletso tse finyelletseng tlhoro eo ho seng mohla li kileng tsa e fihlela palong ea bahoeletsi ba ’Muso ka 1982, ’me tse ling ho tsona li hlile tsa namalatsa. Ka mohlala, motse-moholo oa litilatile tsa batho oa Hong-Kong ka lekhetlo la pele o ile oa sebeletsoa ke liministara tsa ’Muso tse fetang 1 000. (Esaia 60:22) Brazil ea hatela pele, ka ba 133 377 tšimong e le tlhoro e ncha, bana ba fetoha “mohlape” oa Lipaki o moholohali ka ntle ho United States. (Mikea 2:12) E le sehlopha se seholo haholo sa bobeli sa bolumeli Italy ea K’hatholike, Lipaki tsa Jehova li ile tsa thabela keketseho ea 8 lekholong bakeng sa tlhoro ea bahoeletsi ba ’Muso ba 98 172. (Mareka 4:8, 20) Lihleke-hleke tsa leoatle, tse khōlō le tse nyenyane, ho tloha Australia ho ea Caribbean, li ngolisitse litlhoro tse ncha tsa bahoeletsi. (Esaia 42:10) Thabo e teng ea ho hlokomela tsoelo pele e ntle linaheng tse nang le mathata a khethehileng, tse kang Argentina, El Salvador, Pakistan le Uganda. (Pesaleme ea 91:9, 10) Linaha tseo ho tsona phutheho ea Jehova e leng khale e hlomiloe, le tsona li kopanetse bophahamong bo eang pele—Brithani, Canada, Riphabliki e Kopaneng ea Jeremane—hape le U.S.A., eo ka Phato e ileng ea fihla tlhorong ea baboleli ba ’Muso ba 613 007 tšimong, keketseho ea 8,8 lekholong.—Liketso 16:5.
Ho Sebetsa Joaloka Pula-Maliboho Litabeng tse Molemo
9. (a) Tlaleho ke efe ka keketseho ea bo-pula-maliboho? (b) Ke hobane’ng ha tokelo ee e khothalletsoa bohle ba nang le sebaka sa eona?
9 Ka baboleli bana ba lefatšeng lohle ba ’Muso, karolelano ea ba 172 859 e ile ea tlaleha joaloka liministara tsa “bo-pula-maliboho” khoeli le khoeli, ba sebelisa nako e ngata tsatsi le leng le le leng ba bolella ba bang litaba tse molemo. Ha ho bapisoa le selemo se fetileng, basebetsi bana ba nako e tletseng ba ile ba eketseha ka 14 lekholong! Ba bang ba bangata, le bona ba lokisetsa ho kenela tšebeletso ena e nyakallisang. Na u e mong oa bona? Kannete, ho tla u nolofaletsa ‘ho bea bopaki bo phethahetseng,’ bo tšoanang le ba baapostola, mabapi le mahlohonolo a khanyang a haufinyane bakeng sa bohle ba tlang ho Jehova ba “lumela ho Jesu Kreste, Morena oa rona.”—Liketso 2:40; 8:25; 10:42; 20:21, 24; 23:11; 28:23.
10. (a) Ke ka tsela efe bopula-maliboho kajeno bo ka bapisoang le tšebeletso ea Bonazare Iseraeleng? (b) Lipaki tsa Jehova li hlile tsa etsa ka matla joang linaheng tse sa tšoaneng?
10 Le hoja ba sa nke likano hore e be baboleli ba nako e tletseng, bo-pula-maliboho bana ba tšepahalang, ho akarelletsa “bo-pula-maliboho ba thusang” ba bangata (ba ka ’nang ba sebeletsa ba le joalo ka khoeli kapa tse peli) ba tšoana le Banazare Iseraeleng ea boholo-holo, ka hore hangata ba sebeletsa Molimo ka boitelo bo boholo. Linaheng tse ling bahlanka ba Jehova ba hlile ba entse ka matla ‘ka hore ba etsetse Molimo mahlabelo a poko ka mehla.’ Ka mohlala, ka ’Mesa, Venezuela e tlalehile bo-pula-maliboho ba thusang ba 2 464—keketseho ea 136 lekholong ho feta tlhoro e fetileng. ’Me Trinidad e bile le 51 lekholong ho bahoeletsi ba eona ba sebelitseng e le bo-pula-maliboho. Ka Phuptjoane, har’a lipula tse ngata Japane, ba 25 140 ba ne ba kopanela tšebeletsong ea bopula-maliboho—36 lekholong ho bahoeletsi bohle ba ’Muso naheng eo. Ke thabo e kaakang le khotsofalo tse fumanoang ke ho itela joalo hore motho a rorise Jehova haholoanyane!—Ba-Heberu 13:15; Numere 6:8; Luka 9:23-25.
11. (a) Ke hobane’ng ha ba sitoang ho bula-maliboho ba sa lokela ho nyahama? (b) Ke tlaleho efe e ntle ea tšebeletso le ho ba teng e bontšang hore Lipaki tsa Jehova hohle li bile mafolo-folo haholo?
11 Leha ho le joalo, hase bo-pula-maliboho ba ineetseng feela empa ha e le hantle, “sechaba” sohle sa Iseraele oa moea, hammoho le metsoalle ea bona e limillione ea “bongata bo boholo,” se entse boiteko bo babatsehang haholo ho boleleng ka ’Muso ka 1982. Bohle ba kentse letsoho tlhorong e ncha ea lihora tse 384 856 662 tse sebelitsoeng tšebeletsong ea tšimo ka selemo, ’me ba bangata ba nkile karolo ho tsamaisa lithuto tsa Bibele tse tšoaroang beke le beke malapeng a batho ba thabelang tse 1 586 293. Mohla Sehopotso sa lefu la Jesu, se entsoeng ka la 8 ’Mesa, 1982, ba bileng teng lefatšeng lohle, liphuthehong tse 44 953 ke batho ba 6 252 787—bongata bo boholo ka sebele! ’Me e se eka re ka ba masene ho tsoela pele re hlokomela ho fepa moeeng “likonyana” tsena tsohle!—Johanne 21:15-17.
12. Ke tlhohonolofatso efe e boleloang ho Numere 6:24-26, ’me joale e ka sebelisoa ho bafe?
12 Hang hoba a bolele molao o amang Banazare, Jehova a re Moshe a hlohonolofatse sechaba sohle, a re: “Jehova a u hlohonolofatse, ’me a u boloke. Jehova a u khantšetse sefahleho sa hae, ’me a u hauhele! Jehova a retelletse sefahleho sa hae ho uena, ’me a u fe khotso!” Mantsoe aa a sebetsa hantle hakaakang kajeno ho sechaba se halalelang sa Jehova sa Iseraele ea moea—hape le “letšoele le kopakaneng” le tsoang lichabeng tsohle le tlileng ho tla kopanela le bona ho sebeletseng Jehova! Ruri hoa thabisa ho tseba hore lipaki tse ncha tsa Jehova tse 138 540 li ile tsa kolobetsoa lefatšeng lohle selemong sena, keketseho ea 15,6 lekholong holim’a palo e kolobelitsoeng selemong se fetileng. Lebitso la Jehova le beiloe ho bana bohle, hammoho le ho ba bang bohle ba ka phuthehong, e le hore Jehova ka boeena o tlile ho ba ‘hlohonolofatsa.’—Numere 6:24-27; Exoda 12:38.
‘Ho Hlōla’
13, 14. (a) Boemo ba banab’abo rōna ba thathamisitsoeng tlas’a “linaha tse Ling tse 28” ke bofe? (b) Re ka khothatsoa ke eng mohlaleng oa bona?
13 Linaheng tse ngata Lipaki tsa Jehova li tlameha ho loana ntoa e matla ea tumelo tlas’a maemo a boima ka ho fetisisa. Ka lebaka la bohale ba sera, le ho sireletsa banab’abo rōna, tse ling tsa linaha tsena ha lia thathamisoa ka bomong tlalehong e entsoeng, empa likakaretso tsa tšebeletso ea bona li hlaha moleng o ka holimo ho oa kakaretso eohle, ka sehlooho: “Linaha tse ling tse 28.”
14 Lipaki tse emetsoeng tlalehong ena ruri ‘li hlola ka ho fetisisa ka ea li ratileng.’ (Ba-Roma 8:37-39) Ha re hetla mosebetsing oa bona o tšepahalang, e se eka re ka ikemisetsa hore le rōna re hlōle litšitiso tsohle e le hore re ka ’na ra sebeletsa Jehova ka ‘pelo eohle, moea, khopolo le matla’ tsa rōna, joalokaha ka lerato re thusa bao re ahisaneng le bona hore ba re etsise. Ka tsela ena re ka bontša hore ‘ha re hole le ’muso oa Molimo.’—Mareka 12:29-31, 34.
15-17. (a) Ke litlaleho life tse khothatsang tseo re nang le tsona tse tsoang likarolong tsa lefatše tse harasoaneng ke qhoebeshano? (b) Ke litlaleho life tse joalo tse ling tseo u li balileng selemong se fetileng? (c) Thapelo ea Lipaki tsa Jehova ke efe mabapi le babusi?
15 Mosali oa molebeli ea tsamaeang oa Lebanone o ile a ngola: “Tšebeletsong, neng le neng ha re utloa lithunya tse sireletsang sesoleng sa moeeng, re ema ka matlung ho itšireletsa hobane batho ba bahlano ba ile ba bolaoa ke makumane a liqhomane a oeleng sebakeng seo re neng re sebetsa ho sona ka ntlo le ntlo hona bekeng eo. Nako le nako lithapelo tsa rōna ho Jehova e ne e le tsa tlhoholofatso ea hae kopanong e tlang le baena ba rōna ba West Beirut. Kopano ea potoloho e ne e le ka la 13 Phuptjoane. Ra nyakalla ha ho boleloa seea-le-moeeng hore ntoa e emise letsatsi pele ho moo, ka la 12, eaba kopano e tsoella hantle.” ’Me hamorao litlaleho tsa bontša hore ha ho lea mong ho Lipaki tsa Jehova ea ileng a tsoa kotsi West Beirut ka nako eo.
16 Naheng ea Amerika e Hare, moo tšebeletso ea khotso ea Lipaki tsa Jehova e sa utloisisoeng ke ’muso o mocha, ho ile ha lelekoa baromuoa bohle. Banyalani ba bang ba baromuoa ba tšoaroa ’me ba patoa sekhukhung ka libeke tse peli, ho fihlela Lipaki tse tšepahalang tsa moo li ba fumana ’me li bolella moemeli oa Manyesemane hore na ba hokae, moo ho ileng ha etsoa litokisetso tsa hore ba tsamaee. Litlaleho tse hlahang sebakeng sena li bolela hore ba boholong ba batla “mohlanka ea khabane, ea bohlale” eo ba utloileng hore ke moeta-pele oa mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova.—Mattheu 24:45-47.
17 Naheng ea Afrika ea Zimbabwe, mohlanka ea phahameng oa ’muso o ile a bua tjena pitsong ea bopolotiki: “Hafeela e ntse e le Lipaki tsa Jehova ha re na bothata. Hase lira tsa rōna. Empa ha ba khaotsa ho ba Lipaki tsa Jehova joale ke nako ea hore re amehe.” Ke thapelo ea batho ba ’nete ba Molimo hore bahlanka bohle ba ’muso ba nke maikutlo a leseling joalo, e le hore bohle ho Lipaki tsa Jehova ba tle ba “iphelele khotsong le boiketlong ka borapeli bohle le ka bokhabane.”—1 Timothea 2:1, 2.
Likopano tsa Setereke tsa “’Nete ea ’Muso” Li Qala ho Hong
18. Ke buka efe e hlokomelehang e lokolotsoeng Likopanong tsa Setereke tsa “’nete ea ’Muso,” ’me morero oa eona ke ofe?
18 Ka khoeli ea Phuptjoane, 1982, letoto la machaba la Likopano tsa Setereke tsa “’Nete ea ’Muso” tsa Lipaki tsa Jehova le ile la qaleha, ’me likopano tsena tsa ’na tsa tsoela pele likarolong tsa lefatše. U.S.A. feela ho bile le tlhoro e ncha ea ba bileng teng ba 1 108 022.a Likopanong tsena tsa 1982 U.S.A., hammoho le libakeng tse ling tse ’maloa, ho ile ha lokolloa thuso e ncha ea ho ithuta Bibele. Buka ena e etselitsoeng litšoantšo tse ntle e maqephe a 256 e bitsoa U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng. Empa ena hase buka ea litšoantšso feela. Leha e le hore ke buka e etselitsoeng bana ka ho khethehileng. Litšoantšo tse ntle tsa eona li entsoe ka morero oa ho ruta batho ba lilemo tsohle, e le hore ba ka thusoa ho hlaolela tšobotsi eane e pholosang bophelo, TUMELO. E bile ka lebaka le TUMELO ea tsona e theiloeng ka tieo tsebong e nepahetseng ea Jehova, Lentsoe la hae le merero, lipaki tse tšepahalang tsa boholo-holo li bileng le hona ho hlōla litšitiso tse neng li bonahala li ke ke tsa hlōloa. Ke ka TUMELO “bongata bo boholo” ba batho ba sekametseng ho lokeng kajeno bo thulanang le phephetso ea ‘mehla ena ea qetello’ ’me bo tla khona ho pholoha ‘mahlomola a maholo’ ho kena Taolong e Ncha ea Jehova.—Tšenolo 7:9, 14; 2 Timothea 3:1; Ba-Heberu 10:38, 39; 11:32-38.
19. U na le tlhaloso efe ka buka ee uena?
19 Hlooho e ’ngoe ea lelapa, e ileng ea amohela buka ena ka thabo, ea hlalosa hore: “Ruri ke mpho e tsoang ho Jehova eo ho seng e kang eona lilemong tse 25 ke ne ke kopane le ’nete. Mokhoa oo e ngotsoeng ka oona o ka ipiletsa ho mang kapa mang. Litšoantšo li susumetsa hoo u bonang boikutlo boo li bo emelang. Merero ea ’Muso oa Molimo e phuthuloha ka mokhoa o kholisang.” Buka ena eo ho seng e lekanang le eona e se e hatisitsoe ka lipuo tse 21, ho sa ntsane ho tla latela tse ngata-ngata.
20 Tšepo e teng hore batho ba limillione lefatšeng lohle la rōna ba sa ntsane ba tla ithuta ’nete ka maqephe a buka ena e ncha, U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng, le hore bana ba tla ema ba tiile ho tšehetsa tseko ea ’Muso ha ho phethahatsoa mantsoe a qetellang a “pina” ea Esaia 26 haufinyane: “E-ea sechaba sa ka, kena kamoreng ea hao, u koale monyako ka mora’ hao! U ipate ho se hokae, ho fihlela khalefo e feta. Hobane bona, Jehova o se a ea tloha nqalong ea hae ho putsa ba ahileng lefatšeng ka ho lekaneng le bokhopo ba bona.” Ha ’Musi e Moholo Jehova a se a phahamisitse lebitso la hae le leholo ka Harmagedone, “sechaba se lokileng, se bolokang botšepehi,” hammoho le metsoalle ea “bongata bo boholo” ba barapeli, se tla tsoa se sa thetsoa ke letho, ho kena bonneteng ba litšepiso tseo tsohle tse khōlō tse “Jehova” a li tlalehileng ka botšepehi hakana Lentsoeng la hae.—Esaia 26:2, 4, 20, 21; Tšenolo 7:9, 14; 16:13-16.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lefatšeng lohle, Likopanong tsa Setereke tsa “Botšepehi ’Musong” tsa 1981, ho bile teng ba 4 147 256, ho kolobetsoa Lipaki tse ncha tse 44 357.
Ka phethahatso ea kajeno ea “pina” ea boprofeta ea Esaia 26:
◻ Isa 26 Temana ea 2: Ke bafe ba pele ba tšehelitseng lefatšeng tseko ea ’Muso, joang, hona ka phello efe?
◻ Isa 26 Temana ea 4: Mantsoe aa a lokela ho kenya tšepo efe ho mohlanka oa Jah?
◻ Isa 26 Temana ea 15: Lintlha tse kholo tsa Tlaleho ea Selemo sa Tšebeletso sa 1982 li bontša ho phethahala ha eng?
◻ Isa 26 Temana ea 20: Jehova o fana ka sebaka sefe sa tširelo, hona ka nako e kae?
◻ Isa 26 Temana ea 21: Hona ho re nea khatiso efe ka lebaka la hore Jehova a lihe kahlolo?
20. (a) Ke hobane’ng ha takatso e le hore ba bang ba limillione ba ithute ’nete ka kofuto ee? (b) Ba elang hloko Esaia 26:2, 4 ba ka tloha ba fihla ’neteng efe?
[Lebokose/Setšoantso se leqepheng la 25]
Lipaki tsa Jehova lefatšeng lohle li ile tsa thabela ho lokolloa ha buka e nang le litšoantšo e maqephe a 256, U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng Likopanong tsa Setereke tsa “’Nete ea ’Muso” tsa tsona. Buka ena, e ngotse lithuto tsa motheo tsa Bibele ka ho hlaka, e ipiletsa ho batho ba baholo le banyenyane ka ho tšoana, ba batlang lintho tse molemo bakeng sa lefatše la rōna. E lebelletsoe hore e nke karolo ea sehlooho ho phahamiseng mosebetsi oa Lipaki oa lefatše lohle oa ho khothalletsa ho ithuta Bibele malapeng.
[Chate e leqepheng la 18-21]
TLALEHO EA SELEMO SA TŠEBELETSO SA 1982 EA LIPAKI TSA JEHOVA LEFATŠENG LOHLE
(Sheba boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle khatisong)
[Litšoantšo tse leqepheng la 17]
E meng ea mehaho ea makala ea Watch Tower e hahiloeng Europe ka 1982
ENEBAKK, NORWAY
HOLBÆK, DENMARK
AJALVIR (MADRID), SPAIN
SELTERS, GERMANY