Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 11/15 maq. 30-31
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kamoo re Lokelang ho Tšoara Motho ea Khaotsoeng Kateng
    “Le Ipoloke Leratong la Molimo”
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Bontša Botšepehi ba Bokreste ha Mong ka Uena a Khaotsoe
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
  • Ho Khaoloa ke Tokisetso e Lerato
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 11/15 maq. 30-31

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

■ Ke joang re ka thusang ba ka phuthehong ea rōna ba nang le mong ka bona ea khaotsoeng?

Ho hotle ha baholo le ba bang ba nahanela ka lerato le ka mofuthu Bakreste ba boemong bona, hobane ka ho bontša mosa le kutloisiso ba ka thusa ho loantša boima maikutlong le moeeng bo ka hlahang. Empa Bakreste ba nang le mong ka bona ea khaotsoeng, le ba batlang ho thusa, ho hlokahala ba be le pono e hlakileng le e loketseng ka ho khaola.

Lentsoe la Molimo le laela hore ho lelekoe bao ka ho se bake ba itloaelitseng ho etsa sebe. (1 BaKorinthe 5:11-13) Hona ho sireletsa phutheho ka kakaretso hore e se silafatsoe ’me ho phahamisa lebitso le letle la eona. Empa motheong oa botho Bakreste ba tšepahalang ka lapeng, le ba bang ba batlang ho ba thusa, ho hlokahala hore le bona ba sireletsoe. Re ka ho ananela hore na ke hobane’ng ha re nahana ka hore na ho khaoloa ha motho ho senola eng ka boemo ba pelo ea hae. Hlokomela maemo a mabeli a latelang mabapi le ho khaola:

Pele, ha motho a entse sebe se tebileng seo a ka ’nang a lahleheloa ke mohau oa Molimo ka lebaka la sona ’me a khaoloa, komiti ea baholo ba moea e kopana le eena. Mohlomong a se a hlokometse ho fosahala ha tsela ea hae, a bakile pelong ea hae ’me o qalile ho etsa “mesebetsi e tšoanelang pako.” (Liketso 26:20) Ha ho le joalo, baholo ba tla mo nyatsa ka Lentsoe la Molimo, ba fane ka keletso ea Bibele hore ‘a lokise litsela tsa maoto a hae’ ba mo rapelle le ho rapela le eena. Kaha o bakile, ha ho hlokahale hore a be a lelekoe kapa a talingoe e le ea khaotsoeng ke lelapa kapa ba bang.—1 Timothea 5:20; Ba-Heberu 12:13; Jakobo 5:14-16.a

Sa bobeli, mohlomong eitse ha komiti e kopane le moetsalibe, o ne a e-so ho bake. Ka nako eo ho kopanoeng le eena mohlomong baholo ba ka ’na ba honyella pelo ea hae, a hlakeloa ke botebo ba sebe sa hae. (Bapisa 2 Samuele 12:1-13.) Empa, kaha ho tla fihlela ka nako eo ha s’o hlahise ‘tholoana e tšoanelang pako,’ baholo ba lokela ho ba hlokolosi haholo ho tiisa hore ha a soaba kapa ho ba lihlong feela hobane a se a fumanoe. (Luka 3:8) Ba amehile ka phutheho, ba hle ba kholoe hore joale o bakile kannete ’me o loketse ‘ho sokolohela ho Molimo, a etsa mesebetsi e tšoanelang pako.’ (Liketso 26:20) Haeba ba kholisehile hore o bakile, a ka lula ka phuthehong ’me a thusoa ke baholo, lelapa le ba bang.

Ke hobane’ng ha ho boleloa lintlha tsee tse peli? Ke ho bontša hore haeba motho a khaoloa, o tlameha hore e be kannete pelo ea hae e ne e le mpe ka ho feletseng ’me mohlomong o ne a ikemiselitse ho phehella tsela e hlomphollang Molimo. Petrose o re boemo ba motho ea joalo bo bobe le ho feta ha a qala ho ba Mokreste; o tšoana le ‘kolobe eo hobane e hlatsuoe e boetseng e ipitikileng seretseng.’ (2 Petrose 2:20-22) Hona ho lokela ho thusa beng ka motho ba Bakreste le ba bang ho talima motho ea khaotsoeng ka tsela eo Molimo o mo talimang ka eona.

Empa maikutlo a botho le kamano li ka ba le phello e matla, li thatafalletsa batho ho sebetsa tumellanong le taelo ea ho khaoloa haeba ho ameha mong ka bona. (Bapisa Numere 16:16-33.) Ka mohlala, mosali ea tšepahalang oa Mokreste o hlokomela hore ho khaoloa ha monna oa hae ho bolela hore Iitlamano tsa moea tse neng li le teng li khaotsoe. Ka boitšoaro ba hae le liphello tsa bona, o khaotse tlamo ea moea pakeng tsa hae le Bakreste ba ’nete. Mosali oa hae o tla ’ne a mo hlomphe le ho mo rata joaloka monna le hlooho ea lelapa, joaloka basali bao banna ba bona ho seng mohla ba kileng ba lumela. (1 Petrose 3:1, 2) Empa ho ke ke ha e-ba bonolo ho ba le botsoalle ba moea le eena, a kopanela le eena meqoqo ea Bibele le thapelo joaloka pele. (Liproverbia 28:9) Mona teng mosali o tla utloa ho lahleheloa.

Tahlehelo e ’ngoe e ka utluoa ke batsoali ba batsoali ba Bakreste bao bana ba bona ba khaotsoeng. Mohlomong ba ne ba tloaetse ho etelana le bana ba bona, nako le nako ba fumana monyetla oa ho thabela litloholo tsa bona. Joale batsoali ba se ba khaotsoe ka lebaka la ho lahla Iitsela le litekanyetso tsa Jehova. Joale lintho ha li sa le joaloka pele ka lapeng. Koana, batsoali ba batsoali ba lokela ho lekanyetsa haeba litaba tse ling tse hlokahalang tsa lelapa li hloka kopano e lekanyelitsoeng le bana ba khaotsoeng. ’Me ka linako tse ling ba ka ’na ba etsa hore litloholo li ba chakele. Ke ho bohloko hakaakang, leha ho le joalo, hore ka tsela ea bona eo e seng ea Bokreste bana ba ka khathatsana le thabo e loketseng e neng e thabeloa ke batsoali ba bona ba joalo!

Mehlala ena e bontša hore na ke hobane’ng ha Bakreste ba bang ba lokela ho ba hlokolosi haholo ka tlhokahalo e ka ’nang ea hlaha ha motho e mong a e-na le mong ka eena ea haufi ea khaotsoeng. Moapostola Pauluse o ile a phehella Bakreste ‘ho tšelisa ba pelo li tepeletseng,’ hoo hantle ho ka ’nang ha hlalosa litho tse tšepahalang tsa lelapa tsa Bakreste. (1 Ba-Thessalonika 5:14) Leha e le hore re ka lekanyetsa matšeliso a rōna le khothatso ketsong e le ’ngoe feela ha ho khaoloa ho hlaha. Ho ka ’na ha hlokahala hore ho hahuoe ka nako e telele. Ka kutloisiso eitseng, ho ka ’na ha hōla ha ea tšepahalang a ntse a amohiloe botsoalle ba moea le setho sa lelapa. Ha e le hantle, ha ho hlokahale hore re ’ne re bolele ho khaoloa moqoqong. Ho hlokahala feela hore re itelle ho ba mofuthu, re thahaselle kannete ’me, ho feta tsohle, re be boemong ba moea.—Liproverbia 15:23; Moeklesia 12:10.

Hape ho ka finyelloa molemo o mongata ka ho ba le botsoalle ba Bokreste. Ka linako tse ling Mokreste eo molekane oa hae a khaotsoeng o ikutloa a hlorile. Joalokaha ho boletsoe, molekane ea lelekiloeng o ipakile hore hase motho eo re batlang ho ba pel’a hae. ’Me ho hlokahala hore re be hlokolosi hore re se ke ra ameha botsoalleng le eena feela hobane re batla ho etela kapa ho thusa molekane oa Mokreste. Kahoo mohlomong ho ka ’na ha etoa ha ho tsejoa hantle hore ea khaotsoeng ha a eo lapeng.

Ho hlokahala re thuse baena ba rōna le Iikhaitseli ba nang le beng ka bona ba khaotsoeng hore ba bone bonnete ba mantsoe a bululetsoeng: ‘‘motsoalle e mong o’a khomarele motho ho fetisa ngoan’abo motho,” kapa beng ka eena ba bang. (Liproverbia 18:24) Re ka ’na ra sitoa ho etsolla bohloko bohle kapa ho koala sekheo se bakiloeng ke motho ea khaotsoeng ho beng ka eena ba Bakreste. Empa leha ho le joalo, ka ho hlokomela litlhokahalo tse khethehileng tseo Bakreste ba joalo ba nang le tsona ‘re ka ba tšelisa mahlomoleng afe le afe ao ba nang le oona,’ ho akarelletsa oona ana. ’Me ka lerato re ka matlafatsa ba hlokang ka mokhoa ona o khethehileng.—2 Ba-Korinthe 1:3, 4; Ba-Heberu 12:12, 13.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bakeng sa puisano e feletseng ea lintlha tse sa tšoaneng tse lokelang ho nahanoa ha ho tsebahatsoa pako ea ’nete hammoho le se amehang ‘mesebetsing e tšoanelang pako,’ bona Molula-Qhooa oa February 15, 1982, Maqephe 25-27.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela