Bo-pula-maliboho ba Lekholo la bo20 la Lilemo
LENTSOE “pula-maliboho” le tsejoa lefatšeng lohle. Hangata le bolela motho ea fihlileng pele sebakeng se itseng, a lokisetsa ba latelang kamor’a hae tsela. Maiteko a bo-pula-maliboho ba nako e fetileng a ho bula libaka tse ncha a bile molemo melokong e ileng ea latela.
Na ho sa na le libaka tse ncha tse lokeloang ho buloa? E. E seng sepaka-pakeng, empa hona mona lefatšeng. Re hloka bo-pula-maliboho ba ka bulang tsela moluba-lubeng oa kajeno oa boitšoaro, moruo le lipolotiki oo motho a ikentseng ho oona. Sehlotšoana se senyenyane sa batho ba ineetseng se ile sa ’na sa bontša tsela ea ho tsoa seretseng seo ka lilemo tse fetileng tse lekholo. Bana ke bo-pula-maliboho ba ’nete ba lekholo la bo20 la lilemo.
Lipaki tsa Jehova li sebelisa Bibele joaloka mosupa-tsela oa bona. (Pesaleme ea 119:105) Lentsoe la Molimo le ba lebisa ’Musong oa hae joaloka tsela feela ea ho rarolla mathata a tšoasitseng marena a batho. E seng feela hore litlokotsi tsa kajeno li tla tlosoa empa litšepiso tsa Jehova tse molemo li tla etsa ho ka holimo ho hoo. Nako e tlang e tla bona lefatše lena le fetoloa Paradeise. (Tšenolo 21:1-4) Sena se tla etsahala ka ’muso oa leholimo oa Molimo, ha Jesu Kreste e le morena. Esaia 9:7 e re: “Hore a holise ’muso, le ho tlisa khotso e sa feleng teroneng ea Davida le ’musong oa hae; o tla o tiisa, a o tšehetse ka toka, le ka ho loka, joale le ka ho sa feleng. Cheseho ea Jehova oa makhotla e tla etsa hoo.”
Ho tšoana le bo-pula-maliboho ba nako e fetileng, bao har’a bona banna, basali le bacha ba neng ba kopanetse ho lokisa naha e ncha, Lipaki tsa Jehova tsa lilemo tse sa tšoaneng le banna le basali bohle ba kopanetse ho phatlalatseng litaba tse molemo tse tsoang Bibeleng. Leha ho le joalo, har’a bona, ho na le bao ka boithatelo ba etellang pele, ba sebelisang lihora tse 60 ho isa ho tse 140 ka khoeli mosebetsing oa boboleli. Ka ho loketseng, baboleli bana ba nako e tletseng ba bitsoa bo-pula-maliboho.a
Na mofuta ona oa bo-pula-maliboho o ka ba molemo ho uena? Kapa na u tla khetha mofuta o mong oa bopula-maliboho ba lekholo la bo20 la lilemo?
Hase Bopula-Maliboho Bohle Bo Khotsofatsang
Batho ba bulang tsela bakeng sa mesebetsi e mecha kapa ba hlahisang mahlale a macha le bona ke bo-pula-maliboho. Leha ho le joalo, ho bula-maliboho lefatšeng, ka linako tse ling ho ka isa ho nyahameng le masoabing. Mehlala e meng e tsebahalang hantle ke ena.
Pula-maliboho e mong ea ileng a qala mosebetsi oa tšepe, Andrew Carnegie, o ’nile a hlomphuoa ke batho ba bangata. E ne e le e mong oa barui ba baholo mehleng ea hae. Joaloka motho ea neng a rata batho ba bang o ile a fana ka lichelete tsa hae tse limillione. Na o ne a thabile? Ka tsatsi le leng ha mongoli oa likoranta a bolella Monghali Carnegie hore o lakatsa e ka a ka be a tšoana le eena, mongoli o ile a makatsoa ke karabo ena: “Ha ke thabele hore batho ba tšoane le ’na. Leruo la ka le ka nthusa kang? Ke lilemo li mashome a tšeletseng, ’me tšilo ea ka ea lijo ha e sa sebetsa hantle. Nka fana ka lichelete tsa ka tse limillione ha feela nka khutlela bocheng ’me ka ba le bophelo bo botle.” ’Me, ka lentsoe le soabileng a tsoela pele, “Nka thabela ho rekisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke nang le eona ha feela nka ba le bophelo bo botle hape.”
Moruihali e mong, J. Paul Getty, mookameli oa tsa thekiso ea oli, o ile a re: “Chelete ha ho moo e hlileng e amanang le thabo. Mohlomong e amana le ho se thabe.
Ho thoe’ng ka ho bula maliboho lefapheng la mahlale? Mamela seo e mong oa lihlalefi tse hlomphuoang haholo ea ileng a bula maliboho mahlaleng a “nuclear,” Albert Einstein, a se boletseng ka thuto ea mahlale ea kajeno: “Mahlale ntoeng a etsa hore batho ba bolaee ba bang ka chefu le ho holofatsana. Nakong ea khotso mahlale a entse hore bophelo ba rona e be bo potlakileng le bo sa tsitsang. . . . A entse hore batho ba fetohe makhoba a mechine a qetang boholo ba mosebetsi oa ’ona oa letsatsi a khathetse.” Hape, lengolong leo a le ngoletseng motsoalle, Einstein o ile a bolela masoabi a hae ka ho bona tsebo ea hae ea atomo e ileng ea sebelisetsoa ho etsa bomo ea atomiki.
Na ebe bohlale ba tsa lipolotiki bona bo putsa haholo? Leha mohlomong re ne re ka khutlela morao nakong eo ho neng ho es’o be le mofere-fere lefatšeng, ho bula maliboho tsamaisong ea lipolotiki ho ne ho ke ke ha tlisa thabo. Ka mohlala, Abraham Lincoln ke e mong ea hlomphuoang ka ho fetisisa lipolotiking. O ile a sebeletsa joalo ka mookameli motseng-moholo oa naha. Empa hoba a bolaoe, mora oa hae Tad, o itse ka eena: “Ha esale a fihla mona o ile a felloa ke thabo. Tulo ena e ne e sa mo lokela.”
Leha e le leruo, thuto kapa botumo li ke ke tsa tlisa khotsofalo. Ba bang ba lakatsa ho bula maliboho khoebong, lipapaling, boithabisong, lipolotiking kapa tsebong ea mahlale. Ba etsa ka matla hore ba finyelle sepheo sa bona ’me, ha ba se ba se finyelletse, ka masoabi ba re, ‘Na hona ke phetho?’
Bopula-Maliboho Bo Khotsofatsang
Ba bang ba ile ba khetha tsela e ’ngoe e fapaneng bakeng sa mosebetsi oa bona—mosebetsi oa boboleli ba nako e tletseng. Ho khothatsa e le ka ’nete ho bona seo bo-pula-maliboho bana ba se fihlelletseng le hore ba ikutloa joang ka mosebetsi oa bona.
Ka 1923 monna e mong, mosali oa hae le ngoana oa bona ba ile ba kopjoa hore ba tlohe lehaeng la bona Trinidad ’me ba fallele Sierra Leone. Hobane’ng? Ho ea ntšetsa pele mosebetsi oa boboleli ka Bophirima ho Afrika. W. R. Brown le lelapa la hae ba ile ba amohela kopo eo. Hoba ba fihle sebakeng seo ba hira holo bakeng sa puo ea Bibele. Holo eo e ile ea tlala; hoo batho ba bangata-ngata ba ileng ba khutlisetsoa morao. Sontaha se latelang puo e ’ngoe e ile ea neheloa, “Ho ea Liheleng le ho Khutla—Ke Bomang ba Leng ho Tsona?” Hape, holo ea tlala—batho ba ne ba lapetse ’nete ea Bibele. ’Me lelapa la Brown le ne le le moo ho ba fepa moeeng, le ho bulela barupeli ba bang ba Bibele tsela.
Joale, ka 1930, Lelapa la Brown la ea Nigeria ho ea hlophisa mosebetsi oa boboleli naheng eo. Lilemo tse latelang tse 27 ba ile ba bona phutheho e hola ho fihla ho 165 Nigeria. Nako e ’ngoe ba ne ba e sebelisetsa ho etela le ho fana ka lipuo tsa Bibele linaheng tse ling tse joalo ka Ghana, Liberia le Gambia. Linaheng tsohle tse ka Bophirima ho Afrika o ne a tsejoa e le Bible Brown. Kajeno karolong ena ea Afrika ho na le Lipaki tse fetang 131 000.
Leha ho le joalo, ntho ea bohlokoa ho feta palo ea batho, ke seo thuto ena ea Bibele, e butsoeng ke W. R. Brown le mosali oa hae, e se entseng bophelong ba batho. Dr. Azikiwe, ’musisi-kakaretso oa Nigeria ka 1960, o ile a re: “Ke tsebile Monghali le Mofumahali Brown ka lilemo tse batlileng ho ba mashome a mararo, ’me ba thusitse haholo ho haheng batho ba rōna ba Nigeria moeeng. . . . Haeba likereke tsohle li ne li tšoana le Lipaki tsa Jehova, re ne re ke ke ra ba le lipolao, ho thujoa ha matlo, botlokotsebe, batlamuoa le libomo tsa atomiki. Menyako e ne e ke ke ea notleloa bosiu le motšehare.”
W. R. “Bible” Brown o ile a ikutloa joang kamor’a lilemo tse 53 e le ’moleli oa pula-maliboho? O itse: “Ke thabo e kaakang ho bona banna le basali ba utloa litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo! . . . Ke rata bopula-maliboho. Ke e ’ngoe ea litokelo tse kholo tse ka abeloang motho, ho ba lenqosa la Jehova!” Na, le uena ka ho tšoanang, u ikutloa u na le lerato la tšebeletso ea bopula-maliboho?
Kathe B. Palm o qalile mosebetsi oa hae oa boboleli ba nako e tletseng ka 1931. Ka lilemo tse mashome a mane a metso e tšeletseng o ne a le Chile, Amerika Boroa, a paka ho tloha karolong e ’ngoe ea naha ho isa ho e ’ngoe. Ha a hetla morao mosebetsing oa bopula-maliboho o re: “Ho ne ho se mosebetsi o mong o neng o ka nkhotsafatsa kapa o neng o ka ba le moputso o mokaalo moeeng. . . . Ke tleloa ke thabo e kholo, e nkhotsofatsang ha ke bona batho ba bangata bao ke ithutileng Bibele le bona ba bolela litaba tse molemo, ba thusa ba bang hore batle metsing a bophelo. Ke ba memile hore ba noe metsi a ’nete, joale ba mema ba bang.” Ha a qala ka 1936, ho ne ho na le Lipaki tse mafolo-folo tse 50 feela Chile. Kajeno li feta 18 000. Na u se u kile ua latsoa khotsofalo le ho putsa moeeng ha bopula-maliboho?
Ka 1967 Malinda Z. Keefer o itse: “Thabo ea ka e tsoa haholo-holo tabeng ea hore lilemo tse mashome a mahlano a fetileng ke ile ka ithaopela mosebetsi oa nako e tletseng.” Kajeno o sebelitse lilemo tse fetang 75 e le pula-maliboho! Morao ka Phupjane 1907, a sa khotsofatsoa ke ho ea ka ntlo-le-ntlo hoseng ka Sontaha feela, o ile a bolella Moena Russell, mookameli oa Watch Tower Society, hore o lakatsa ho kenela tšebeletso ea nako e tletseng. Leha ho le joalo, o ne a belaela hore ha a na tsebo e lekaneng. Moena Russell a ’molella: “Haeba u ka ema ho fihlela mohla u nang le tsebo e lekaneng u ke ke ua qala le ka mohla, empa u tla ithuta u ntse u sebetsa.” Khoeli e latelang o ile a qala mosebetsi oa hae oa bopula-maliboho o ileng oa mo isa linaheng tse 15 tsa United States. Leha Malinda a le lilemo li 100, o ntse a le mafolofolo tšebeletsong ea bopula-maliboho.
Tsela e molemo ea ho kenela tšebeletso ea bopula-maliboho ke bopula-maliboho bo thusang. Ho sebelisa lihora tse 60 ka khoeli o bolela e ka ba phihlelo e thabisang ho uena. Jehova o-oa re mema a re re ‘latsoe, ’me re bone’ hore borapeli ba hae bo molemo. (Pesaleme ea 34:8) Bopula-maliboho ba mofuta ona bo tla u “latsoisa” seo ho bolela le ho ruta ka nako e tletseng ho se bolelang. Haeba ha u s’o leke bopula-maliboho ba mofuta ona, ha u s’o bone thabo le khotsofalo eo ho bolela ka nako e tletseng ho ka e tlisang.
Na u nahana ka ho teba ka sepheo sa hao? Na le uena, u ka amohela lefa lena la bohlokoa la mosebetsi oa bopula-maliboho? Na u tla ikopanya le letšoele le holang la baboleli ba nako e tletseng ’me u be pula-maliboho oa lekholo’ la bo20 la lilemo?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona Webster’s Third New International Dictionary, leqephe 1721.