U ka Phela ka ho sa Feleng!
’Mali ea ananelang o ile a ngola ka buka e ncha U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng hore “e tletse linnete tse phelisang.”
E le ’moleli oa Evangeli oa nako e tletseng oa Mokreste ea tšoarang lithuto tsa Bibele le malapa a ’maloa, o itse: “Buka ena e ncha ke karabo! E bonolo ho lekana hore bana ba ka utloisisa ’nete le hore batsoali ba etse liqeto tse bohlale. E toba taba. Ha e pota-pote taba! E hlalosa ’Nete kamoo e leng kateng. E kentse lintlha tsohle tse ntle tse hlokahalang ho fihla lipelong tsa batho ba tšepahalang. Buka ena e ncha e tšoana leha ho bokelletsoe libuka tsohle tsa Mokhatlo moqolong o le mong.”
Le uena, u tla thaba ha u phetla buka ena e ncha e balehang habonolo e lokiselitsoeng ho ithuta Bibele. Maqepheng a eona a 256, a lekanang le makasine ena ka boholo empa khatiso e le kholoanyane, e na le litšoantšo tse ntle tse 150, boholo li le mebala e mene. Tsena li sebeletsa e le lithuso tse ntle tsa ho ithuta tse hatisang lintlha tsa bohlokoa kelellong ea ’mali. Amohela ea hao ka ho tlatsa le ho romella setlankane sena.
Ka kōpo nthomelleng, poso e lefelletsoe, buka e sekoahelo se thata e maqephe a 256 U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng. Ke kentse R3.