HLORISO Naheng ea Khotso
NAHA e ne e bile khotsong ka lilemo tse fetang 60, e e-na le morena ea mosa ea busang sechaba se botsoalle. Joale morena a shoa. Hoo e kang ke ka ho panya ha ntši feela naha ea khotso ea fetoha pono ea mahlomola a etsetsoang sehlopha se senyenyane se tsejoang lefatšeng ka bophara ka lerato la sona ho bao se ahisaneng le bona le ho hlompha ba boholong. Se ne se hlorisoa ka lebaka lefe? Ka lebaka la takatso ea sona ea ho phela ka melao ea motheo ea Bibele. Hona ho etsahetse hokae? Swaziland.
Swaziland ke naha e mofuthu ea limaele tse ka bang 6 700 2 e pakeng tsa Afrika Boroa le Mozambique. Ka bophirima e tala e bile e lithaba, ka bochabela e batla e bataletse e bile e omelletse, baahi ba eona ba feta halofo ea millione hanyenyane. Sechaba sa Maswazi se bile sebakeng sena mathoasong a lekholo la bo18 la lilemo. E ile ea oela pusong ea Manyesemane ka 1903 empa ea theoa e le naha e ipusang e nang le morena oa eona ka 1968, e busoa ke Morena Sobhuza II.
Monna enoa ea khabane o ile a finyella, mehleng ea hae, ho ba morena ea tsofetseng le ea busitseng halelele haholo lefatšeng, a busa ho tloha ka 1921 ho fihlela ha a hlokahala ka la 21 Phato, 1982. O ne a tsebahala ka bohlale ba hae le temoho. Ka naha ea hae e kene lipakeng tsa Afrika Boroa le Mozambique le mekhoa ea tsona e sa tšoaneng haholo, o ne a sa nka lehlakore. Ka lebaka leo, Swaziland ea lula e le naha ea khotso le nala e atang.
Semelo le Bolumeli
Ho tšoana le batho ba bangata ba Afrika, ka lilemo-lemo Maswazi a ’nile a ithapella baholo-holo. Mehleng ea morao tjena merero e mengata le likereke li ’nile tsa sebetsa ka bolokolohi Swaziland, empa mekhoa ea neano le litšebeletso li ntse li phetha karolo ea bohlokoa bophelong ba ba bangata. Qalehong ea bo1930 Lipaki tsa Jehova tsa rōmela baromuoa moo ho ea jala litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo. Baromuoa bana ba ne ba atisa ho etela Morena Sobhuza, eo ntle ho khethollo a neng a ba amohela ka mokhoa oa marena.
Kamorao ho nako, batho ba itseng ba Maswazi ba arabela molaetsa o boleloang ke Lipaki tsa Jehova. Kaha joale ba ne ba mamela molao oa Molimo joalokaha o le ka Bibeleng, bana ba ne ba ke ke ba hlola ba latela mekhoa e itseng ea bolumeli eo e seng ea Bokreste. Hona ha tlisa khanyetso ea marenana a mang, empa Morena e moholo o ne a sa lumele hore Lipaki tsa Jehova li hlorisoe. Ka lebaka leo Lipaki li na le lebaka le letle la ho mo leboha le ho hlomoha ke lefu la hae. Empa hona na ho ka bolela ho kopanela ho lla ka neano ea bolumeli, e kang ho beola moriri?
Litšebeletso tsa ho Lla
Litšebeletso tseo ke tsa bohlokoa bo boholo ho ba li bolokang. Setsebi sa mekhoa ea Maafrika, Dr. I Schapera, se ngolile: “Ho rapela baholo-holo ho theiloe tumelong ea hore ha motho a e-shoa o ntse a e-na le tšusumetso bophelong ba beng ka eena ba ntseng ba le lefatšeng.” Ka bafu bana, se hlalosa hore: “Ha ba koatisitsoe ke ho fosoa ha mokhoa ofe kapa ofe, ba ka ba ba rōmela komello, lefu la likhomo, koluoa e ka oelang moloko kapa batho, ho kula kapa lefu.” Ha ho ameha morena, hona “ho sebetsa ka matla haholoanyane.” Ka hona, ho sitoa ho phetha litšebeletso tsa kutlo-bohloko hase ntho e ka fosoang joang kapa joang mekhoeng ena ea neano.
Leha ho le joalo, Bakreste ba lokela ho inahana ka hore na Jehova Molimo o talima mekhoa e joalo joang. Lilemong tse fetileng tse likete Molimo o itse ho batho ba oona ba khethiloeng: “Le se ke la iphatsa, ’me le se ke la ipeola pakeng tsa mahlo ka baka la mofu. Hobane u sechaba se khethetsoeng Jehova, Molimo oa hao.”—Deuteronoma 14:1, 2.
Hona hoa utloahala hobane ha ho letho leo re ka le etsang le ka khahlisang kapa la se ke la khahlisa motho ea shoeleng. “Bafu ha ba tsebe letho leha le le leng.” (Moeklesia 9:5) Le eena morena lefung ‘o khutlela lerōleng la hae, ka tsatsi lona leo, merero ea hae e felile.’ (Pesaleme ea 146:3, 4) Ntlheng ena o robetse, ha a ikutloe. Tšepo feela ea hae e tsohong ea nakong e tlang ka Molimo. A ke ke a thusa kapa a ntša bao e neng e le bafo ba hae kotsi.
Ho beola hlooho ha motho bakeng sa mofu ho fana ka maikutlo a hore motho o lumela hore moea oa mofu o sa ntsane o phela. Ketso e joalo e ka ba boikaketsi bakeng sa e mong oa Lipaki tsa Jehova. (Ezekiele 18:4) O tla be a ‘etsa leshano’ ’me a halefisa Molimo. (Tšenolo 22:15) Ntle ho moo, Bakreste ba ’nete ba lemosoa ka thata hore ba se ke ba tsoakanya mekhoa eo e seng ea Bokreste le borapeli ba bona. (2 Ba-Korinthe 6:14) Ka letsoalo le letle ba ke ke ba lla ka mokhoa oa litšebeletso tse hananang le Bibele, ho sa tsotellehe hore na ba soabile hakaakang ha motsoalle a e-shoa.
Ba Boholong ba Nka Bohato
Ka la 13 Loetse, 1982, The Times ea Swaziland e bile le tlaleho e reng: “’Musi oa Lobamba oa ntlo ea borena o phatlalalitse litaelo tse tla lateloa ke sechaba sa Maswazi nakong ea ho llela Mofu Morena Sobhuza ll. Setho sa lekhotla la sechaba Vusumuzi Bhembe se phatlalalitse seea-le-moeeng sa sechaba hore joaloka pontšo ea ho utloa bohloko, banna bohle ba Maswazi ba tlameha ho beola lihlooho tsa bona. . . . Basali ba nyetsoeng ba tla sekola ho potoloha hlooho kaholim’a litsebe.” Bao matsoalo a bona a neng a sa ba lumelle ho sebelisana le taelo ena ba ne ba tla tloha ba hatelloa.
Ka Labone, la 23 Loetse, 1982, Andreas Xaba, ofisiri ea bongaka ba liphoofolo e sebeletsang ’Muso oa Swaziland, a botsoa ke mookameli oa hae, Monghali Mavimbela, hore na ha a beola hlooho molato. Ha Andreas a leka ho hlalosa, Monghali Mavimbela a hana ho mamela ’me a lata masole a mararo kampong e haufi le moo ea sesole. Masole, leha ho le joalo, a fihlela qeto ea hore sepolesa ke sona se ka sebetsang taba eo.
Ha ba ntse ba emetse sepolesa, Monghali Mavimbela a laela e mong oa masole hore a late mosali oa Andreas lapeng, hobane le eena, o ne a sa sekola. Mapolesa a fihla, empa ofisiri e khōlō ea bolela hore ba tlohele Monghali le Mofumahali Xaba hobane ha ho taelo e tsoang ’musong ea hore ba tšoare ba sa beolang moriri.
Leha ho le joalo, mantsiboeeng ao masole a supileng a fihla lapeng ha Xaba a e-na le Monghali Mavimbela ’me ba ba nka ho ea kampong ea sesole. Moo masole a bokana kaofela ’me hoba a ba botse, a ’na a shapa Andreas le mosali oa hae. Eaba ba kenngoa litlamong ba qobelloa hore ba kakalle ha masole a ntse a ba shapa maotong. Qetellong ba beoloa ka likhoka eaba ho thoe ba tsamaee.
Ka la 11 Mphalane, 1982, ba bane ho Lipaki tsa Jehova ba ema nyeoeng lekhotleng la sechaba la Manzini. Pele kahlolo e oa, Mookameli oa Lekhotla, Mabhula Shongwe a laela mapolesa hore a beole lihlooho tsa tsona. Hona ha etsoa ka sehlōhō. Ba boneng ka mahlo ba tlaleha hore ba ne ba lutla mali maqebeng a hloohong. Eaba joale ho lihuoa kahlolo ea selemo chankaneng kapa ba lefe R100.
Matsatsi a mabeli hamorao Lipaki tse 11, banna ba 10 le mosali, tsa tšoaroa moo li sebetsang teng, Mhlume Company. Ka le latelang banna ba tšireletso ba tsoang femeng ena ba ea malapeng a banna bana, ba phutha basali ba bona le bana ’me le bona ba ba kenya litlamong. Ka la 20 Mphalane, bohle ba neoa monyetla oa ho hlalosa ka khotla hore na ke hobane’ng ha ba hana ho beola lihlooho tsa bona. Ka mokhoa o hlomphang ba hlalosa taba, ba sebelisa litemana tsa Bibele tse kang Deuteronoma 14:1 le Mattheu 6:17, 18. Leha ho le joalo, ba ahloleloa selemo chankaneng kapa ba itefelle R100. Ho phaella, lihlooho tsa bona le basali ba bona le bana tsa beoloa ka khang. Hamorao ba lelekoa Mhlume Company.
Ka la 28 Loetse, 1982, Lipaki tse 13 tse sebetsang Usuthu Pulp Company tsa ahloloa ke Khosana Logiyela Dlamini Lekhotleng la Sechaba Bhunya hore ba lefe kahlolo ea R60. Hamorao ba haneloa ho kena moo ba sebetsang. Ba kōpa hore ba bone baokameli empa ho e-na le hoo ba qobelloa ho itlhahisa ka pel’a Lekhotla le Phahameng Lobamba ka la 7 Mphalane.
Molula-setulo oa lekhotla lena, Monghali Lusendvo Fakudze, a lumella Lipaki hore li hlalose boemo ba tsona. Nakong ea lipuisano e mong oa marenana a tšosa: “Ka 1975 re ne re batla ho le felisa, empa le ile la sireletsoa ke mofu Morena. Ke mang ea tla le sireletsa joale? Qetellong Lipaki tsa bolelloa hore taba e tla isoa lekhotleng la mahosana e be joale e fetela ho Motlotlehi Mofumahali Lobamba. Ka nako eo ha bolelloa bahiri ba bona hore ba se ke ba ba amohela ntle leha ba beotse lihlooho tsa bona.
Bekeng e latelang Lipaki tsena tsa tšoaroa hape. Tse tšeletseng ho tsona li tlameha ho ema nyeoeng ka la 19 Mphalane, hona Lekhotleng la Sechaba Bunya. Mohlang oo, mookameli oa lekhotla ha a ka a bonahala. Eaba hore nyeoe e busetsoe morao ho fihlela ka letsatsi le hlahlamang ha ho khethoa mookameli e mocha, Monghali Magomba Dlamini. A laela hore Lipaki li beoloe ka likhoka le ho ahloleloa likhoeli tse tharo chankaneng kapa li itefelle R30.
Har’a ba neng ba tšoeroe e ne e le Aarone Phakathi, Leonard Mabuza, Bartholomew Mbuli, Stephen Mngomezulu, John Shabangu le Lina Mbuli. Bana joale ba ne ba ahloloa ka lekhetlo la bobeli ka khopiso e le ’ngoe. Kaofela ba lelekoa Usuthu Pulp Company.
Ha ho ngoloa, bonyane ke Lipaki tse 90 tse neng li tšoeroe le ho ahloloa, ho latela litlaleho tse fumanoeng. Ba bang ba tšoeroe ka makhetlo a fetang le le leng.
Liphello tse Ling tse Ntle
Ho sa tsotellehe mathata ho na le liphihlelo tse khothatsang hlorisong ena ea tšohanyetso. Nahana ka tlaleho e latelang ea Paki e ileng ea koalloa chankaneng ea Manzini:
“Ha re fihla moo, molebeli oa chankane o ne a hanana le rōna haholo, a re re ne re loantša ’muso. A hanela baena ho tla re bona ’me a ba khutlisa le lijo tseo ba neng ba re tliselitse tsona. Empa ra ’na ra mo hlompha haholo le ho mo arabela ka boikokobetso. Ha a bona sena, boitšoaro ba hae ba fetoha. A re nea Bibele ea hae ’me a re kōpa hore re bolelle batšoaruoa bohle. Qetellong, bohle ba tseba hore re litlamong ka lebaka la ho loka ’me batšoaruoa le mapolesa ba re khothatsa hore re eme re tiile.”
Molimo Kapa Sesare
Lipaki tsa Jehova li ela hloko mantsoe a moapostola Pauluse: “Motho ka mong a ikokobetse ka tlas’a borena.” (Ba-Roma 13:1) Hape li hopola hore Jesu o ile a ruta hore: “Ntšetsang Cesare tseo e leng tsa Cesare.” Leha ho le joalo, Jesu a phaella: “le ntšetse Molimo tseo e leng tsa Molimo.” (Mattheu 22:19-21) Ha baapostola ba Jesu ba laeloa ho khaotsa ho etsa lintho tseo Molimo o neng o ba laetse hore ba li etse, ba arabela: “E ka khona re utloe Molimo ho e-na le batho.” (Liketso 5:29) Ba ne ba sa batle ho hlompholla babusisi ba bona ba batho. Empa ha babusisi bao ba ba qobella ho khetha pakeng tsa ho utloa Molimo le ho utloa batho, ba ne ba tlameha bo utloa Molimo pele.
Lipaki tsa Jehova li latela mohlala ona oa Bokreste. Hape li bile li ntse li rapella hore ba boholong ba li utloisise. Moapostola Pauluse o ile a ngola: “Joale, khothatso ea ka ea sehloho, ke re: “Liqelo, le merapelo, le lithapello, le liteboho, li etsetsoe . . . marena, le bohle ba boholong, hore re tle re iphelele khotsong le boiketlong ka borapeli bohle le ka bokhabane.”—1 Timothea 2:1, 2.
Ba boholong Swaziland ntle ho pelaelo ba hlokomela hore Lipaki tsa Jehova li leka ho ‘iphelela khotsong le boiketlong.’ E le sehlopha, li lefa makhetho a tsona ’me li phela bophelo bo hloekileng le bo tšepahalang. Leha ho le joalo, kamorao ho lefu la Morena Sobhuza, ho qalisitsoe mohlala o kotsi oa hloriso ea bolumeli. Hape, banna le basali ba bangata ba Lipaki hona joale ha ba na mokhoa oa ho phela, kaha ba lelekiloe mesebetsing.
U Nahana Joang?
Na ua makala hore mehleng ena ea kajeno sechaba kaofela se ka qobelloa tšebeletso ea ho khotsofatsa bafu? Na u lumela hore batho ba lokela ho rapela Molimo ho latela matsoalo a bona? Na u utloela bohloko ba mahlomoleng hobane feela ba haneloa ka see? Haeba ho joalo, mohlomong u lakatsa ho rōmela mohala kapa lengolo—ka moea oa hlompho le o mosa—ho e mong kapa ba bang ba boholong ’Musong oa Maswazi. Lebokoseng le teng mona ho na le mabitso a ba bang ba boholong bao u ka ba ngollang.
[Lebokose le leqepheng la 30]
Her Majesty the Queen Regent
Ndlovukazi Dzeliwe
Lobamba Royal Residence
P. O. Box 1
LOBAMBA
Swaziland
Chairman of the Supreme Council
Prince Sozisa
Lobamba Royal Residence
P. O. Box 1
LOBAMBA
Swaziland
Minister of Home Affairs
Prince Gabheni
P. O. Box 432
MBABANE
Swaziland
The Prime Minister
Prince Mabandla
P. O. Box 395
MBABANE
Swaziland
Minister of Justice
Mr. Polycarp KaLazarus Dlamini
P. O. Box 924
MBABANE
Swaziland
Commissioner of Police
Mr. Titus Msibi
P. O. Box 49
MBANANE
Swaziland
Federation of Swaziland Employers
P. O. Box 386
MBABANE
Swaziland
Councillor Vusumuzi Bhembe
Lobamba Royal Residence
P. O. Box 1
LOBAMBA
Swaziland
Councillor Lusendvo Fakudze
Lobamba Royal Residence
P. O. Box 1
LOBAMBA
Swaziland
Chief Justice
Mr. C. J. Nathan
P. O. Box 924
MBABANE
Swaziland
King’s Liaison Officer for Religion
Mr. A. K. Hlophe
P. O. Box 162
MBABANE
Swaziland