Likopano Tsa Setereke Tsa “Bonngoe ba ’Muso”
“BONNGOE BA ’MUSO.” Seo ke sehlooho se setle hakaakang le se lumellanang le likopano tsa setereke tsa 1983! Ha ho e-so ho ka ho e-ba teng ho se utloane ho ho kaale lefatšeng. Mekhatlo ea bolumeli, ea Khatholike le ea Boprostanta, e tletse lintoa le likhohlano. Mekha ea bopolotiki ea loantšana. Ha ho mohla ho kileng ha ba le pherekano e kaale khoebong ho tšoana le kajeno. Ha ho mohla kopano ea lelapa e kileng ea tlala ho se utloane ho ho kaale ho tšoana le mehleng ena eo monna le mosali ba loantšanang, ba khaohanang ’me ba hlalane. ’Me ke neng ho kileng ha e-ba teng lekhalo la moloko le tšoanang le le teng pakeng tsa bana le batsoali mehleng ee, ha batsoali le bana ba ntse ba khaohana ho ea pele?
Ke phutheho ea Jehova e bonahalang feela ho fapana le mekhatlo eo eohle, sehlopha sa Lipaki tsa Jehova tsa Bakreste. Ba kopane, ba fihla ho 2 400 000, le hoja ba hasane linaheng le lihlekehlekeng tsa maoatle tse 205. Bonngoe ba bona bo hlola mekoallo ea bochaba, ea puo le ea moloko, temo le moruo. Ba kopantsoe ke eng? Borapeli bo hloekileng ba Jehova Molimo.—Sofonia 3:9
Eo ke tsela eo lintho li lokelang hoba ka eona har’a balateli ba ’nete ba Kreste, hobane moapostola Pauluse o ngoletse Ba-Korinthe eng ho 1 Ba-Korinthe 1:10? Hore ‘ho se ke ha e-ba teng likhaohano har’a bona, empa bohle ba bue ntho e le ’ngoe le hore ba be le khopolo e le ’ngoe le kelello e le ’ngoe.’ Ka ho tšoanang ho Ba-Filippi 3:15, 16 o elelitse hore ba holileng tsebong ba be le maikutlo a le mang a kelello. ’Me na bonngoe ha boa lokela ho tšoaea balateli ba ’nete ba Kreste ho ea ka mantsoe a hae a hore ba tla tsejoa ka ho ratana? Ka sebele, lerato le hlahisa bonngoe.—Johanne 13:34, 35.
Bonneteng bonngoe bona bo boletsoe e sa le pele ho Esaia 52:8, ka mantsoe ana: “Utloa liboholi tsa hao! Li phahamisa lentsoe, li etsa mohoo oa nyakallo hammoho, hobane li bona ka mahlo kamoo Jehova a khutlelang Sione.” Linnete tse bonahalang li bontša hore ho bokelloa hape ha Sione ho qalile ka 1919.
Ha ho bonolo ho boloka bonngoe bona. Ka baka la bohale bo boholo ba Diabolose, le kahobane a tseba hore nako ea hae e khutšoanyane, hape le ka baka la ho theoha ha bohlokoa ba bolumeli le botho mehleng ea rona. (Tšenolo 12:9, 12) Lijo tsa moea tse tla fanoa likopanong tsa selemo sena ka sebele li tla tiisa boikemisetso ba bohle bao e leng bahlanka ba Jehova ho se hlokomele mefokolo ea botho, litšito le ho se phethehe ho feta lithahasello tsa lebitso la Jehova Molimo le mosebetsi oa hae. Lenaneo le letle la kopano le tla qala ka Labone thapama ho fihlela ka Sontaha thapama. E tla ba le nako le le hahang, ’me ka ntle ho pelaelo bohle ba tla tloha kopanong ba hlomelletsoe haholoanyane ho sebeletsa Jehova Molimo ka bonngoe le baena ba bona le ka boikemisetso bo matla.