Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 9/1 leq. 27
  • “Hloeang ho Hobe”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Hloeang ho Hobe”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Mehla e Kang ‘Mehla ea Noe’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Hanyetsa Satane, ’me o Tla Baleha!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Babusi Sebakeng sa Moea
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 9/1 leq. 27

“Hloeang ho Hobe”

BATHO ba Molimo ba phela mehleng e mebe, e tšoanang le mehla ea Noe, ha “Jehova a bona bolotsana ba batho hoba bo boholo lefatšeng, le hoba ’mopo oa mehopolo eohle ea lipelo tsa bona o mobe feela ka matsatsi oohle.” (Genese 6:5; Mattheu 24:37-39) Ana ke matsatsi a profetiloeng ho Tšenolo 12:12: “Ho malimabe lona ba ahileng lefatšeng . . . hobane Diabolose o theohetse ho lona a halefile hampe, ka ho tseba hobane nako ea hae ha e sa le ekae.” Diabolose o batla ho ferekanya ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Mohlophisi e Moholo, Jehova Molimo, a e lokiselitseng lefatše lena. Hoo ho kopanyeletsa tokisetso ea lenyalo. Ka baka la litlhaselo tse mano tsa Diabolose boitšoarong le lelapeng, hoa hlokahala hore ka linako tse ling, ha re ntse re ‘loanela tumelo,’ re bue litaba ka puo e hlakileng, le e utloahalang.—Juda 3.

Lefatše la Satane le tetebetse bolibeng ba tšenyeho. Lena ke lefatše le litšila, le lumellang lintho tsohle leo batho ba Jehova ba lokelang ho tsoakana le lona letsatsi le leng le le leng, joalokaha Lota ea tšabang Molimo a ne a loantšana le “ketso tse lihlong tsa batho bao ba manyala” ba Sodoma ea boholo-holo. (2 Petrose 2:7) Mehleng ena e bohloko, Molula-Qhooa o bona e le boikarabelo ho hlokomelisa Bakreste ba ’nete ka boitšoaro boo ba lokelang ho bo bonahatsa ho batho ba tletseng sebe. Ha re etsa joalo, ho tla hlokahala hore re hlolisise mekhoa e meng e litšila eo ho ba bangata e leng ntho e tloaelehileng lefatšeng la kajeno. (Pesaleme 92:7) Ho bonahala ho le molemo hore ntho tsena ho buuoe ka tsona ka ho otloloha. (Lefatšeng lena le lebe, ho molemo haholo hore batsoali ba nee bana ba bona taeo e lerato, litabeng tsa botona le botšehali, ho e-na le hore ba tlohele bana ba bona ho thonaka litaba, e leng ntho eo ba tla e fumana, ho bana ba ratang botona le botšehali sekolong.)

Ho Ba-Efese 5:3 re a bolelloa: “Empa ha e le bofebe, le litšila tsohle, le takatso ea moruo, ho se ke ha boleloa le mabitso a tsona har’a lona, kamoo ho tšoanelang bahalaleli.” Ha re bolele lintho tseo ka mokhoa o soasoang, o litšila oa batho ba Satane. Empa nakong ena eo bomoea ba batho ba Molimo bo sokeloang ke lefatše le se nang Molimo le ba potolohileng, re ikutloa re tlameha ho sebelisa seo re se “lumeletsoeng” ho bua ka likotsi tse re potolohileng. (2 Ba-Korinthe 3:12; 7:4; Ba-Efese 3:12) Sehlooho se latelang se tla hlalosa sena.—Ba-Roma 12:9.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela