Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 9/1 maq. 21-26
  • ‘Nyakallang ka ho sa Feleng’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘Nyakallang ka ho sa Feleng’
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Jerusalema oa Leholimo”
  • “Jerusalema e Mocha”
  • “Jerusalema oa Holimo”
  • “Maholimo a Macha le Lefatše le Lecha”
  • “Lefatše le Lecha” lea Thaba
  • “Lentsoe la Lillo ha le sa tla . . . Utloahala Teng”
  • Jerusalema—‘Lebaka la Thabo’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Jerusalema e Ncha ke Eng?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Motse o Khanyang
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
  • Jerusalema—“Motse oa Morena e Moholo”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 9/1 maq. 21-26

‘Nyakallang ka ho sa Feleng’

1. (a) Ke “motse” ofe o boleloang ho Ba-Heberu 11:10? (b) “Bongata bo boholo” bo lokela ho leta ho fihlela neng hore ‘bo neoe tseo bo li baletsoeng’?

KA SEBELE, re ka thaba ka ho fetisisa hobane Messia Morena, Kreste Jesu, joale o se a busa a le “Jerusalema” ea leholimo. Ona ke motse “oa leholimo” o boleloang ho Ba-Heberu khaolo 11, ’me ke oona oo Abrahama, Isaaka, le Jakobo ba neng ba o ‘lebeletse.’ “’Me ba ipoletse hore ke basele le baeti lefatšeng” la Kanana, hobane ka phehello ba ne ba batla “motse o nang le motheo, oo Molimo e leng mohahi le mothei oa oona.” Empa ha e le ka “bongata bo boholo” boo kajeno bo nang le tšepo ea bophelo bo sa feleng lefatšeng, hore ba “neoe tseo ba li baletsoeng” banna bana ba boholo-holo ba lokela ho ema ho fihlela ha Bakreste ba tlotsitsoeng ba fumane lefa la bona ’Musong oa leholimo.—Ba-Heberu 11:8-16, 39, 40; Tšenolo 7:9.

“Jerusalema oa Leholimo”

2. (a) Ba-Heberu 12:1, 2 e supa joang tšepo ea ’Muso oa Messia? (Pesaleme 110:1, 2) (b) Ho tla ha ’Muso ho ile ha tšoantšetsoa joang Thabeng ea Sinai?

2 Ba-Heberu khaolo ea 12 e tsoela pele ho khothatsa Bakreste ba tlotsitsoeng ho rua molemo ka mohlala oa lipaki tseo tse tšepahalang tsa boholo-holo, ’me hape ba “ntse ba talimile Jesu, Moqali le Mophethi oa tumelo,” eo, kamor’a ho mamella, a “lutseng letsohong le letona la terone ea Molimo” ho fihlela “mehla e beetsoeng lichaba” e fela. (Ba-Heberu 12:1, 2) Joale, ha a hatella tšepo ea ’Muso ea Bakreste bana, Pauluse o hlalosa liponahalo tse tšosang tsa khanya ea Jehova Thabeng ea Sinai nakong eo ho neng ho theoa selekane sa Molao le Iseraele oa nama. Ke hona nakong eo moo Jehova a ileng a bolella Iseraele: “’Me joale ekare ha le ka fela la utloa lentsoe la ka, la boloka selekane sa ka, . . . le tla ba ho ’na ’muso oa baprista, le sechaba se khethehileng.”—Exoda 19:5, 6.

3. Ke joang Baiseraele ba moea ba “tlileng” nthong e ’ngoe e fetisang ka botšabeho?

3 Leha ho le joalo, Baiseraele ba moea—Bakreste ba tlotsitsoeng ba kajeno ba ‘selekaneng se secha.’ (Ba-Heberu 8:8-11) Empa joale ba “tlile” nthong e ’ngoe e fetisang ka botšabeho. Ke eng eona eo? Pauluse oa arabela ho Ba-Heberu 12:22: “Empa le tlile thabeng ea Sione, motseng oa Molimo o phelang, Jerusalema oa leholimo.” Ho tla hoo ho ile ha qala ka majalefa a ’Muso a mehleng ea Pauluse, hobane bana ba “hahuoe e le majoe a phelang, ho etsa ntlo ea moea” motheong oo, Kreste Jesu, a o theileng Sione. (1 Petrose 2:4-9) Bakreste ba bang ba tlotsitsoeng ba tla ’ne ba tle ho Jerusalema oa leholimo ho fihlela ha litho tsohle tse 144 000 li bokelletsoe kaofela ho Konyana, ho ema le eona Thabeng ea Sione ea leholimo.—Tšenolo 14:1-5.

4. Mabapi le ’Muso oa Messia, ke litšobotsi life tse ling tseo Bakreste ba tlotsitsoeng ba “tlileng” ho tsona?

4 Mona ho Ba-Heberu 12:22-24, Pauluse o hlalosa hape litšobotsi tse ling tseo Bakreste ba “tlileng” ho tsona, tse amanang le ’Muso oa Messia le morero oa oona. O bua ka ho ba teng ha “likete tsa likete tsa mangeloi,” tseo ka bobeli Daniele 7:9-14 le Mattheu 25:31 li bontšang hore li tla be li le haufi ha “e mong ea kang mor’a motho” a amohela ’Muso. Pauluse hape o bua ka “phutheho ea matsibolo” a ruoang ’Muso. O phahamisa Molimo e le “Moahloli oa bohle,” ea bolelang ‘bana ba matsibolo’ ba lokile, hoo ba ka nkeloang selekaneng se secha seo Jesu e bileng ’muelli oa sona ka mali a hae a bohlokoa. (Ba-Heberu 9:13-15; Ba-Roma 5:1, 9) ’Me hape Pauluse o bolela ka ‘bophelo ba moea ba bana ba hloekileng,’ majalefa a ’Muso, bao joale ba tsamaeang ka “bophelo bo bocha.”—Ba-Roma 6:4; 8:16.

5. (a) Ba-Heberu 12:28, 29 e bontša joang hore “Jerusalema oa leholimo” ke ’Muso oa Messia? (b) Ba-Heberu 13:14, 15 e bontša joang hore “motse” ona o sa tla?

5 Taba ea hore “Jerusalema oa leholimo” o boleloang ho Ba-Heberu 12:22 o bolela ’Muso oa Messia oo ho oona ho ‘tlileng’ Bakreste ba tlotsitsoeng e boetse e tiisoa ke litemana tse Heb 12 latelang, 28, le 29, moo Pauluse a khothatsang bana ka tsona ha a re: “Ka baka leo, ha e le moo re amohetse ’muso o sa sisinyeheng, a re ke re be le teboho eo re sebeletsang Molimo ka eona ka mokhoa o o khahlisang, ka hlompho le ka tšabo; hobane Molimo oa rona ke mollo o timeletsang.” Khothatso e joalo e mafolo-folo ea ho ‘tla’ ho Jerusalema oa leholimo, kapa ’Muso oa Messia, e tsoela pele ho fihlela qetellong ea lengolo la Pauluse, joaloka ha re bala khaolong ea ho qetela, Ba-Heberu 13:14: “Hobane mona, ha re na motse o tieang, empa re batla o tlang ho hlaha.” Joale ’muso oo o fihlile—selemong se tšoaeang liketsahalo sa 1914! Masala a tlotsitsoeng a sa ntsaneng a le lefatšeng a lokela ho ‘batla ’muso pele’ ’me ka mehla a nehele ho Jehova “sehlabelo sa poko, e leng tholoana ea melomo e bolelang lebitso la hae!”—Mattheu 6:33; Ba-Heberu 13:15.

“Jerusalema e Mocha”

6. (a) “Jerusalema e mocha” ea hlalosoang ho Tšenolo ke eng? (b) Ke ka baka la’ng ha “bongata bo boholo” bo lokela ho thahasella haholo “Jerusalema” enoa?

6 Ho thoe’ng joale, ka “Jerusalema e mocha,” eo ho buuoang ka eena ka lekhetlo la pele ho Tšenolo 3:12? Mona Jesu ea tlotlisitsoeng o re ka ‘ea tla hlola’: “Ea hlolang, ke tla mo etsa tšiea tempeleng ea Molimo oa ka, . . . ’me ke tla ngola holim’a hae lebitso la Molimo oa ka, le lebitso la motse oa Molimo oa ka, e leng Jerusalema e mocha, ea theohang leholimong ho Molimo oa ka.” Hamorao, ho Tšenolo 21:1, 2 le 10, Johanne o bolela bahlōli bana ba le “leholimong le lecha” ’me o hlalosa sehlopha sa bona se kopaneng joaloka “motse o halalelang, Jerusalema e Mocha, o theoha leholimong ho Molimo, o itokisitse joale ka monyaluoa ea itlhophiselitseng monna oa hae,” Kreste monyali. Jerusalema enoa e mocha ke tokisetso ea Molimo eo ka eona o etsang hore “metsi a bophelo” a phallele ho batho ba utloang, joale ka ha bana ba folisoa ’me ba tlisoa phethehong mona lefatšeng. Ka baka leo Molimo, Moqapi oa tokisetso ena e kholo, ka ho tobileng o tla “hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko.” “Bongata bo boholo,” metsoalle ea masala a “monyaluoa,” bo thabela tebello eo hakaakang!—Tšenolo 22:1, 2; 21:4.

7. “Jerusalema e mocha” o fapane joang le “Jerusalema oa leholimo”?

7 Leha ho le joalo, ho na le phapang e nyenyane pakeng tsa “Jerusalema e mocha” ea hlalosoang ho Tšenolo le “Jerusalema oa leholimo” oa buka ea Ba-Heberu kahobane “Jerusalema e Mocha” o entsoe ka litho tse 144 000 tse lebellelitsoeng ke monyali, athe “Jerusalema oa leholimo” o kopanyelletsa litho tse 144 001, “’ngoe’’ ke Morena ea nyalang. Ka baka leo, libuka tsa Bibele tsa Ba-Heberu le Tšenolo li bontša ho tšoana ho atamelaneng pakeng tsa “Jerusalema oa leholimo” le “Jerusalema e Mocha.”

“Jerusalema oa Holimo”

8, 9. (a) “Jerusalema oa holimo” ke mang kapa ke eng? (b) Ha a qotsa ho Esaia 54, Pauluse o hlalosa joang mosebetsi oa Jerusalema oa bosali?

8 Ho Ba-Galata 4:26 re bala ka “Jerusalema” e mong hape. Ke “Jerusalema oa holimo.” Ke mang? Moapostola Pauluse o re ka eena: “Empa Jerusalema oa holimo ha a tlangoa; ke eena e leng ’m’a rona bohle.”—Bapisa Esaia 54:13.

9 ‘Jerusalema enoa oa holimo’ ke phutheho ea Jehova e kang mosali e maholimong. E entsoe ke likete-kete tsa mangeloi a tšepahalang, ho kopanyeletsa le lengeloi le leholo leo joale le tlotlisitsoeng, Jesu Kreste. (Tšenolo 12:7) Bana ba sebetsa sebakeng sa “mosali” ho Morena ’Musi oa bona. Mabapi le “mosali” enoa Pauluse o tsoela pele ka hore: “Hobane ho ngoliloe ho thoe [ke hore, ho Esaia 54:1]: “Ithabele, uena nyopa ea sa tsoaleng; tlerola, u hoeletse, uena u nong u hloka pelehi; hobane bana ba ea tlohetsoeng ba tla fetisa ba ea nang le monna ka bongata.”—Ba-Galata 4:27.

10. Ke joang “Jerusalema oa holimo” a ileng a “hoa” ka thabo?

10 Phethahatsong ea boprofeta bona, “mosali” oa Jehova, phutheho ea hae e kholo ea libōpuoa tsa moea, e ile ea tlerola ka thabo ha e bona Kreste Jesu a tlisoa joaloka “peō” e ka sehlohong ha a kolobetsoa ka 29 C.E. Thabo eo e ile ea khapatseha ha Jesu ea bolokileng botšepehi a tsosoa bafung ka 33 C.E. ’me a phahamisetsoa letsohong le letona la Molimo maholimong. ’Me, e bile thabo e kakaang ho bona “moloko” o ata ha barutuoa ba Jesu Kreste le bona ba tlisoa, hore e be bana ba hae ba moea! Sena sohle se ne se phethahatsa tšepiso ea Molimo ho Abrahama ea hore o tla ‘atisa moloko oa hae’ hore lichaba tsohle tsa lefatše li itlhohonolofatse.—Genese 22:15-18; Ba-Galata 3:29.

11. Mehleng ea kajeno, “Jerusalema oa holimo” o thabisitsoe joang?

11 Ka 1914 C.E., maholimo le oona a ile a thaba ha a bona “mosali” oa Molimo a beleha “mora, ngoana e motona,” ’Muso oa Kreste. ’Me ha Kreste Morena (eo hape a bitsoang Mikaele, ho bolelang “Ke mang ea joale ka Molimo?”) a arabela phephetso ea Satane ka ho leleka Diabolose le mangeloi a hae leholimong, ha ho pelaelo hore likete-kete tsa mangeloi li ile tsa arabela ka thabo e kholo “lentsoe le leholo” le ileng la bolela: “Thabang ke hona, maholimo, le lona ba ahileng teng!” A ile a thaba hape, ho tloha ka 1919 ho ea pele, ho bona “bara” ba setseng lefatšeng ba “Jerusalema oa leholimo” ba ikarola ka ho feletseng bolumeling ba Babylona. (Tšenolo 12:1-12; 18:4, 5) ’Me joale, ha bana ba lopolotsoeng ba tla la ho qetela ho “Jerusalema oa holimo,” ’Muso oa Messia, ho tla ba le thabo e kakaang har’a makhotla a mangeloi a tšepahalang a “Jerusalema oa holimo.”!—Esaia 62:11; Tšenolo 19:7.

“Maholimo a Macha le Lefatše le Lecha”

12. (a) Ke “Jerusalema” ofe ea boleloang ho Esaia 65:17, 18? (b) “Jerusalema e Mocha” o amana joang le “Maholimo a Macha”, ’me o etsa mosebetsi ofe?

12 “Jerusalema oa holimo,” phutheho ea Molimo e kang mosali, e ithabela ka sohle seo Morena oa Bokahohleng Jehova, a se etsang. Leha ho le joalo, ha re ke re hlahlobeng Esaia 65:17-19. Mona boprofeta bo bolela hore Jehova o bōpa ntho e ’ngoe e ncha. Ka baka leo, “Jerusalema” enoa, e lokela ho ba “Jerusalema e mocha” eo joale a hlahisoang e le “morali oa Sione,” ea lebellelitsoeng lenyalo ke Morena ea Nyalang, Jesu Kreste. (Esaia 62:11) Jehova o re ka “monyaluoa”: “Ke ea bōpa Jerusalema e be motse oa thabo, le sechaba sa oona e be sechaba se khotšeng thabo.” “Monyaluoa” enoa oa leholimo o thaba haholo ha a tlisoa ho litho tse 144 000, o bona Molimo ha o bōpa “lefatše le lecha”—mokhatlo o kopaneng oa puso ea leholimo har’a batho.—Tšenolo 21:1-5.

13, 14. (a) Ke ka baka la’ng ha joale ho hlahisoa memo ea ho “thaba”? (b) Ke setšoantšo sefe se khanyang se hlahisoang ho Tšenolo 21:9-27? (c) Ke lebaka lefe leo re nang le lona ho nka “Jerusalema e Mocha” joalo ka ‘lebaka la thabo’?

13 Memo ena e ea ho batho bohle ba Molimo: “Empa le tla ba le thabo le nyakallo e sa feleng ka seo ke eang ho se bōpa.” Ho na le lebaka la thabo! Hobane, haufinyana, Jehova o tla phahamisa lebitso la hae le phahameng ka ho felisa bahanyetsi bohle. (Pesaleme 83:17, 18) Kamor’a moo, “maholimo a macha” a tla busa ka ho feletseng! ’Me Tšenolo 21:9-27 e re bontša setšoantšo se khanyang hakaakang sa “motse o moholo, Jerusalema [“monyaluoa” oa konyana, Jesu] ea halalelang, o theoha leholimong ho Molimo”! O khanya, ka tšoantšetso, ka mahakoe a mefuta-futa a bohlokoa, ’me o boneselitsoe ke khanya ea Molimo, Jerusalema enoa e Mocha o sebetsa ka bokhabane mosebetsing oa hae oa ho abela “lichaba” tsa batho “metsi a bophelo,” a “tsoang teroneng ea Molimo le konyana.”—Tšenolo 22:1, 2, 17.

14 Leha ho le joalo, hoa utloahala, hore ke mabapi le “monyaluoa, mosali oa konyana,” ea tlisoang le Kreste, monyali oa hae, ’musong oa “maholimo a macha,” moo Jehova a reng: “Hobane, bonang, ke ea bōpa Jerusalema e be motse oa thabo, le sechaba sa oona ebe sechaba se khotšeng thabo.” (Esaia 65:18) Empa “lefatše le lecha” le kena joang thabong ee?

“Lefatše le Lecha” lea Thaba

15. Metheo ea “lefatše le lecha” e theiloe ka eng?

15 Ha se feela maholimong empa le hona mona lefatšeng Jehova o tlisitse “thabo.” Hobane o theile metheo ea “lefatše le lecha,” mokhatlo oa Molimo har’a batho o tla hōla ho fihlela, ka nako e loketseng, o tlala lefatše lohle, thorisong ea Jehova. (Esaia 11:9) Ebile ka selemo sa 1919 ha Jehova a etsa hore “Jerusalema oa holimo” ea kang mosali oa hae a hlahise “naha”—naha e ntle—eo ho eona a tla kenya masala a Iseraele oa hae oa moea a leng lefatšeng. (Esaia 66:8, 10, 22) “Naha” ena e ipakile ho ba paradeise ea moea, ’me ke ho eona moo batho ba Jehova ba ileng ba bokelloa e le setsi sa “lefatše le lecha.” Ha hoa ka ha hlokahala hore ba lete ho fihlela mahlomola a ho qetela a feta hore ba kene paradeiseng eo ea moea. Paradeise eo e se e le teng!

16. Ke phethahatso efe e khanyang e phethahetseng ho Esaia 62:1, 6, 7?

16 Ha e le moo batho ba Jehova ba tlisitsoe “naheng” ena e beang, boprofeta bo boholo ba Esaia khaolo 62, bo buang ka Sione, “Jerusalema oa holimo,” bo phethahalitsoe. “Ho hlahe ho loka ha hae Joale ka ha ho hlaha mafube a meso,” ’me batho ba hae ba bonahatsa ho loka ha hae lichabeng tsohle tsa batho, bao Esaia a ba hlalosang ka mantsoe ana: “Ke beile liboholi marakong a hao, Jerusalema; li ke ke tsa khutsa le ka motsotso o le mong, motšehare le bosiu. Lōna bao le hopotsang Jehova, le se ke la ipha sebaka sa ho phomola . . . a be a tsose Jerusalema, a mo etse motse o rorisoang lefatšeng.” Ka sebele, phutheho ea Jehova ea leholimo e fetohile e “rorisoang lefatšeng” hobane Lipaki tsa hae li ntse li bolela lefatšeng lohle. ’Me boholo ba thoriso ena bo etsoa ke metsoalle ea “liboholi” tse tlotsitsoeng—‘bongata boo bo boholo’ . . . “bo tsoang lichabeng tsohle,” bo emeng pel’a terone ea Molimo, ‘bo mo sebeletsa motšehare le bosiu.’—Esaia 62:1, 6, 7; Tšenolo 7:9, 14, 15.

17. (a) Ke joang “tšebeletso ea bosiu le motšehare” e fetohileng letšoao ho Lipaki tsa Jehova? (b) Ke lebaka lefe le utloahalang la thabo le bileng teng selemong sa 1982? (c) Thabo ee e khapatseha nakong efe, ’me ke hobane’ng hoo ho loketse?

17 Tšebeletso ena ea “bosiu le motšehare” ea “liboholi” le ea metsoalle ea tsona ea “bongata bo boholo” e tsoela pele ka potlako! Tšebeletso e joalo ea moea ’ohle e ’nile eaba sepheo sa balebeli ba tsamaeang ba tšepahalang le basali ba bona, baromuoa, bo-pula-maliboho ba ka mehla le ba khethehileng le basebeletsi ba Bethele. Morao tjena likete-kete tsa Lipaki tse mafolo-folo, ba bacha le ba baholo, ba itetse hore ba kopanele tšebeletsong ea bo-pula-maliboho bo thusang ka khoeli e le ’ngoe kapa ho feta, ba sebelisa bonyane lihora tse peli ka letsatsi mosebetsing oa ntlo le ntlo le mosebetsing o mong oa tšimo. Selemong se fetileng sa 1982 mosebetsi ona oa lefatše lohle o ile oa finyella hloro e kholo, lenane le leholo la bo-pula-maliboho ba thabileng ba 305 778 ba tlalehang mosebetsi oa tšimo—ka matla ba thusoa ke lipaki tsa ’Muso tse tšepahalang tse fetang 2 000 000. Ka sebele, Jehova o ’nile a “bōpa Jerusalema e be motse oa thabo, le sechaba sa oona e be sechaba se khotšeng thabo”—thabo eo hape e khapatseha selemo le selemo ha ho ketekoa Mokete oa Sejo sa Morena o laetsoeng ke Morena Jesu.—1 Ba-Korinthe 11:23-26.

“Lentsoe la Lillo ha le sa tla . . . Utloahala Teng”

18. Ho sa tsotellehe mathata, ke tšepiso efe e phethahalitsoeng ho “bongata bo boholo,” ’me joang?

18 Le hoja ho tla ba teng mathata le mahloriso ha feela Satane a ntse a lumelletsoe ho tlisa malimabe lefatšeng lena, “bongata bo boholo” ba barapeli ba ineetseng ha bo sa hlola bo utloa “lebatama la letsatsi” la ho se hauheloe ke Molimo. Ha ba se ba entse, ’me ba lumeletsoe, ho kopa “letsoalo le letle,” bahoeletsi bana ba ineetseng, ba kolobelitsoeng ba litaba tse molemo tsa ’Muso ba sebetsa ka thabo, joalo ka ha Konyana, Kreste Jesu, e ba isa “lilibeng tsa metsi a bophelo.” Tšepiso ea paradeise ea moea e se e phethahalitsoe ho bona: “’Me Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona.”—1 Petrose 3:21; Tšenolo 7:16, 17.

19. (a) Ke ka baka la’ng ha “lentsoe la pokollo” le ke ke la utloahala “Jerusalema”? (b) Ke eng seo Esaia 65:21-25 e se bontšang tumellanong le se boleloang ke lebitso “Jerusalema”?

19 Taba e tšoanang hantle le lengolo lena la ho qetela ke mantsoe a Jehova ka boeena ho Esaia 65:19: “Ke tla etsa Jerusalema thabo ea ka, sechaba sa ka ke se etse lehlohonolo la ka; lentsoe la lillo ha le sa tla hlola le utloahala teng, leha e le lentsoe la pokollo.” Masala a sa ntsaneng a le lefatšeng ao e leng hona a tla tsosetsoa “Jerusalema oa leholimo” a bile le thabo ena, ’me Jehova joale o tšollela mahlohonolo a tšoanang ho “bongata bo boholo” ba “linku tse ling.” (Johanne 10:16) Mantsoe a latelang a Esaia 65:21-25 a hlalosa hantle hakaakang boemo ba paradeise ba “batho” ba Molimo ba bokelletsoeng ho ba setsi sa “Lefatše le lecha”! Ka sebele, ona ke “Motheo oa Khotso e Imenneng Habeli,”—khotso hona joale har’a barapeli ba Jehova ’me e fetela pele ho kena Paradeiseng ea sebele, ha thato ea Molimo e etsoa lefatšeng lohle.—Tšenolo 21:3-5; Mattheu 6:10.

20. Ka ho loketseng, ke lipotso life tseo re ka ipotsang tsona?

20 Na u batla ho rorisa Jehova ka ho sa feleng Paradeiseng ea lefatšeng ka baka la lintho tse hlollang tseo a li etsang ka “Jerusalema oa holimo,” phutheho ea hae e ineetseng e kang mosali? Na u batla ho bona “Jerusalema oa leholimo” le Kreste Morena oa oona, Davida e Moholo, a felisa bokhopo bohle? Na u batla ho bona ha “Jerusalema e Mocha” oa monyaluoa o theolela fatše matla a oona a tsoang ho Molimo le Kreste oa hae leholimong, hore a hlakole meokho eohle ea batho?

21. Re ka bontša joang kananelo ho seo Jerusalema ea tšepahalang a se tšoantšetsang?

21 Haeba u lakatsa joalo, tsoela pele ka botšepehi le “tšebeletso ea hao e halalelang” ho tšehetsa hohle ho neng ho tšoantšetsoa ke Jerusalema ea boholo-holo e tšepahalang, motse oo oa “Morena e moholo,” Morena oa Bokahohle Jehova. (Tšenolo 7:15) Ka baka leo u ka kopanela pineng ea thabo ea tempele ho Pesaleme 87:3, ha u ntse u bina ka thabo: “Taba tsa khanya li boletsoe holim’a hao, motse oa Molimo.”

Ha u se u ithutile sehlooho se tsamaeang le see, u utloisisang ka:

◻ “Jerusalema oa leholimo”—Ba-Heberu 12:22

◻ “Jerusalema e mocha”—Tšenolo 21:2

◻ “Jerusalema oa holimo”—Ba-Galata 4:26

◻ “Maholimo a macha le lefatše le lecha”—Esaia 65:17, 18

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Jerusalema e Mocha—‘lebaka la thabo’

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela