Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 9/15 maq. 4-7
  • Ntoa ea I ea Lefatše le Qaleho ea Litlokotsi

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ntoa ea I ea Lefatše le Qaleho ea Litlokotsi
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tlokotsi eo ho seng e Tšoanang le Eona
  • Bohloko ba Lefatše Boa Eketseha
  • Khotso E Felisitsoe Lefatšeng
  • Ntoa e Tla Felisa Lintoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Khotso le Tšireletseho—Lia Hlokahala
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Mehla ea Bofelo ‘Mebuso e Tsohelana Matla’
    Tsoha!—1988
  • Senokoane se Hlohlelletsang Ntoa le Mahlomola
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 9/15 maq. 4-7

Ntoa ea I ea Lefatše le Qaleho ea Litlokotsi

HO TLOHA mehleng ea boholo-holo, pale ea batho e ile ea tlala ka pefo le lintoa. Lebaka ebile hore “lefatše le ne le tletse ho bolaeana” hoo Molimo o ileng oa tlisa Moroallo oa qitikoe eohle mehleng ea Noe. (Genese 6:11-13) Hamorao Bibele le histori ea lefatše li tlaleha ka lintoa tse makholo-kholo tse ileng tsa loanoa pele ho mehla ea Jesu. Ka baka leo “lintoa le melumo ea lintoa” ha se ntho e ncha lefatšeng la batho.

Hore “lintoa le melumo ea lintoa” li be le hlaloso e utloahalang ho barutuoa ba Jesu li ne li lokela ho ba le phapang e itseng. A tsoela pele ho hlalosa: “Hobane sechaba se seng se tla tsohela sechaba se seng matla, ’muso o mong o loantše ’muso o mong; litlala li tla ba teng, le mafu a akaretsang, le litšisinyeho tsa lefatše ka nqa tse ngata. Empa tseo tsohle e tla ba qalo feela ea tlokotsi.” (Mattheu 24:7, 8, bapisa le Luka 21:10, 11.) Ka baka leo e ne e ke ke ea e-ba feela taba ea ho utloa ka ntoa mona le mane. Karolo ena e totobetseng ea pontšo e ne e tla akarelletsa lichaba tse ngata le mebuso. E ne e tla ba ntoa e akaretsang!

Na re bone ntoa e joalo? E, re e bone, e qalile ka moloko oa 1914. Ha e le hantle, re bone lintoa tse joalo tse peli tsa lefatše lohle lekholong lena la lilemo. Hore mofuta ona oa ntoa e ne e le ntho e ’ngoe e ncha litlalehong tsa pale ea batho ho tiisoa ke mabitso ao bo-ralipale ba ileng ba e bitsa ka oona. Ea pele e ne e bitsoa Ntoa e Kholo. Hamorao ea fetoloa ea bitsoa ntoa ea pele ea lefatše, e hlahlamang ea bitsoa ntoa ea bobeli ea lefatše. Ntoa ea lefatše ea e-ba karolo e totobetseng ho qala ka 1914.

Tlokotsi eo ho seng e Tšoanang le Eona

Boprofeta ba Jesu ke ’nete, Ntoa ea I ea Lefatše e ile ea tšoaea “qalo feela ea tlokotsi.” Mantsoe a sekoahelo sa buka The End of Order a re: “Ntoa ea pele ea lefatše le Mokhatlo oa Tumellano ea Khotso oa Versailles o ileng oa latela li hlahisitse qomatsi e sehlōhō ka ho fetisisa paleng ea mehleng ena ea lefatše. . . . Ho e-na le hore e tlisetse lefatše toka, baemeli ba ileng ba kopana ka 1919 Paris le Versailles ba ile ba kenya lefatše moluba-lubeng oa lekholong lena la mashome a mabeli la lilemo. Taolo ea fela joalo.”

Bohareng ba buka, mongoli Charles L. Mee, e Monyenyane, o tsoela pele ho hlalosa: “Leha ho le joalo, bofelong ba Ntoa e Kholo, baemeli ba talimana le lefatše le thuhakantsoeng likoto, lefatše le hlokofalitsoeng ke ho senyeha kelellong, ho senyeha ha litšebelisano tsa mebuso, ho senyeha ha taolo moruong, ho senyeha ha lichelete lekholong lena la leshome le metso e robong la lilemo, le ho qhoma ha tlokotsi e khōlō, le meruso le liqhekello, le matla le ho hloka taolo, le tšenyeho, hammoho le tšabo e eketsehang taolong le ho thetefala ha kelello. . . . Ho e-na le hore ba tlise taolo lefatšeng, ba amohela moluba-lube oa Ntoa e Khōlō, ’me . . . ba o fetotse mokhoa oa bophelo lekholong la rōna la lilemo.”

Tlokotsing eo—ho shoa ha batho le matšoenyeho a qalileng ka ntoa ea pele ea lefatše—ha ho e tšoanang le eona paleng ea batho. Lintoa tsa kajeno tse sebelisang mechini—litanka tsa ntoa, lithunya, lifofane le likepe tsa ntoa tse tsamaeang ka tlas’a leoatle—hammoho le ho sebelisoa ha metsoako e chefu ntoeng—ho tlisitse pherekano lefatšeng. “Moloko oa batho o timelitsoe mabaleng a ntoa Europa,” ho bolela joalo buka The End of Order. “Ha ho motho ea kileng a bona ho bolaeana ho joalo pele: ho shoa ha masole a mangata ka letsatsi ho ne ho eketsehile ha leshome ho feta ha Ntoa ea Amerika ea Sechaba, ho ne ho eketsehile ka makhetlo a 24 ho feta lintoeng tsa Napoleone, ho eketsehile ka makhetlo a 550 ho feta Ntoeng ea Maburu le Manyesemane.”

Empa leha ho le joalo, Jesu o itse, tsena e tla ba “qalo feela ea tlokotsi,” kapa “qaleho ea bohloko.” Liphetolelo tse ling li bea mantsoe a Jesu ka mantsoe ana “qaleho ea bohloko ba pelehi.” (Jerusalem Bible; Phillips’ New Testament in Modern English) Mosali ea leng matsatsing a hae a ho beleha o utloa mahlaba a bohloko, a sa khaotseng. Ntoa ea I ea lefatše le bohloko ba eona e ne e le feela qaleho ea masoabi.

Bohloko ba Lefatše Boa Eketseha

Bohloko bo bong bo eketsehileng bo ne bo latela haufinyana Ntoeng ea II ea lefatše. “Palo ea batho ba shoeleng sesoleng le mafung a bakiloeng ke ntoa, Ntoeng ea I ea Lefatše e lekanyetsoa ho batho ba fetang limillione tse mashome a mane ’me ba shoeleng Ntoeng II ea Lefatše ba feta limillione tse mashome a tšeletseng,” ho ngotse joalo Quincy Wright bukeng A Study of War. “Mafu a ka bang 10 lekholong a moloko oa kajeno a hlahisitsoe ke ntoa ka mokhoa o tobileng kapa o sa tobang.”

Palo ea baahi ba shoeleng e ile ea eketseha haholo ntoeng ea bobeli ea lefatše. Joalokaha Moprofesara Wright a hlalosa: “Tlala, ho tlatlapuoa, ho hapuoa ha thepa, le tšoso e kopanyelletsang ho timetsoa ha metse eohle li ile tsa sebelisoa Ntoeng ea II ea Lefatše ho baahi bohle ba fetohileng lira. . . . Bophelo bohle ba naha ea sera ba fetoha lebala la hlaselo. Mebuso e meng e ne e eketsa matla a eona hore e felise baahi le thepa ea bona hore e sebelise seo bakeng sa merero e meng.”

Bohloko bo hlahisitsoeng ke libomo tsa mollo Dresden le Tokyo ka 1945, tse bolaileng batho ba 235 000, ba tebisetsoa pelong ke sehlōhō se ileng sa latela likhoeling tse ’maloa hamorao ha ho ne ho liheloa libomo tse peli tsa athomiki Hiroshima le Nagasaki. Mosebetsi oa polao o neng o ka etsoa ka libomo tse likete-kete joale oa phethoa ke bomo e le ’ngoe feela. ’Me ho hobe ka ho fetisisa ebile le liphello tse bolaeang tsa mocheso o chefu, o ileng oa tsoela pele ho fihlela mehleng ea rōna.

World Press Review ea Phupjane 1982 ha e ngola ka bomo e le ’ngoe ea athomiki e ileng ea qhoma Hiroshima, ea tlaleha: “Banna ba Bane ba Kaletseng Lipere tsa Tšenolo ba ile ba lokolloa. Ba lehlohonolo ebile ba ileng ba shoa ka lekhetlo la pele—batho ba ka bang 100 000, banna, bana ba sekolo, bana le masea a sa tsoa tsoaloa. Boholo ba batho ba 100 000 ba ileng ba tsoa likotsi ba ne ba tla hlokofatsoa ho fihlela ba shoa ka baka la ho ponngoa litho, maqeba a bohloko a mollo, kapa ho shoa ke mocheso o salang oa bomo.” Qaleho ea mahlomola e ne e e-ba matla le ho feta.

Khotso E Felisitsoe Lefatšeng

Taba ea “Banna ba Lipere tsa Tšenolo” e ea thabisa hobane e theiloe tlalehong ea Bibele ho khaolo 6 ea buka ea Tšenolo. Temana ea 4 e re: “’Me ha tsoa pere e ’ngoe e khunong, ’me ea e kaletseng a fuoa matla a ho felisa khotso lefatšeng, hore batho ba bolaeane, ’me a neoa lerumo le leholo.” Mantsoe ana a lumellana hantle hakaakang le pontšo eo Jesu a faneng ka eona ea lichaba tse tsohelanang matla le mebuso e loantšanang!

Ka sebele khotso e felisitsoe lefatšeng. Le hoja bo-ralipale ba profetile lilemo tsa khotso pele ho 1914, ho tloha mohlang oo ha hoa ka ha ba le selemo sa khotso. Batho ba ne ba tšepile lefeela hore ntoa ea bofelo ea lefatše e tla tlisa mehla ea khotso. Buka The Violent Peace e re: “Khotso e ileng ea hlaha ka 1945 ha ea ka ea bolela ho fela ha ntoa, kamoo re neng re lebelletse. Batho ba ’nile ba loana haesale ho tloha mohlang oo ho e ka bang lipheletsong tsa lefatše—ho tloha Greece ho ea Vietnam Boroa, ho tloha Kashmir ho ea Congo—le liphutuhelo tse ileng tsa hlaha ka matla linaheng tse futsanehileng tsa lefatše.”

Lefapha la U.S. la ’Muso le sa tsoa beha haufinyane hore ho bile le bonyane lintoa tse khōlō tse 130 le lintoa tsa sechaba haesale ho tloha ka Ntoa ea II ea lefatše. Toronto Star ea Phupjane 13, 1982, e beha hore: “Ho e ka bang batho ba 701 600 000 ba lefatše ba ile ba ameha lintoeng tsa mekhoa e sa tšoaneng. Palo ena e emela motho a le mong ho ba tšeletseng lefatšeng ’me palo ena ha e fapane hōle le ea ba ileng ba ameha Ntoeng ea II ea Lefatše. Ho e ka bang batho ba 250 000 le baahi ba ka bang 2 000 000 ba shoa [lintoeng] selemo se seng le se seng.”

“Lintoa le melumo ea lintoa” li ntse li tsoela pele ka matla. Joalokaha buka The Violent Peace e tlaleha: “Ho tloha ka [1945] batho ha ba ka ba hlola ba bua ka ntoa kapa ho felisa ntoa. Sa bona ebile ho loana feela. Mehla ea rōna ke mehla ea pefo e matla e siretseng ka lebitso la khotso.”

Na ho tla ke ho be le mahlomola a mang lefatšeng a le boemong ba ntoa ea boraro ea lefatše? Eugene Rostow, Hlooho ea Lekhotla la Tsamaiso ea Libetsa le Mokhatlo oa Ho Beoa Fatše ha Libetsa United States, o re: “Re phela nakong eo lefatše le shebileng ntoa, che, ntoa ha rea e siea kamorao.” Ka sebele lichaba li itokiselitse ntoa e joalo! Hona joale lichaba li senya chelete e lekanang liranta tse 1 000 000 ka motsotso o mong le o mong libetseng. Chelete e lekanang libiIlione tse 550 e ile ea senngoa litokisetsong tsa ntoa ka 1981, ’me chelete e lekanang libillione tse 110 ea senngoa libetseng tsa “nuclear.” Hona joale libetsa tsa “nuclear” li na le matla a ho timetsa a millione ho feta matla a libomo tsa athomiki tse ileng tsa timetsa motse oa Hiroshima. Ka sebele khotso e tlositsoe lefatšeng.—Tšenolo 6:4.

Bopaki bo mabapi le ntoa mehleng ea rōna bo fihla qetong ena: Ka sebele re phela “mehleng ea qetello” ea tsamaiso ea hona joale ea lintho.

Empa Jesu ha a ka a bua feela ka lintoa lefatšeng lohle. O boletse ka litšobotsi tse ’maloa tsa pontšo tseo etlareng ha li etsahala kaofela, li tla paka ka ho khethehileng hore re phela nakong ea “bofelo ba lefatše.”

Litšobotsi tse ling tsa pontšo ho tla buisanoa ka tsona litokollong tse latelang tsa makasine ona.—Mattheu 24:3-12; Luka 21:7-11.

[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 6]

“Mafu a ka bang 10 lekholong a moloko oa kajeno a hlahisitsoe ke ntoa ka mokhoa o tobileng kapa o sa tobang”

[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 7]

Ho se ho loannoe lintoa tse fetang 130 tsa lichaba le tsa baahi kahare ho naha e le ’ngoe haesale ho tloha bofelong ba Ntoa ea II ea Lefatše

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela