Sebetsang ka Botšepehi le le ‘Basebetsi ʼMoho ʼNeteng’
‘U etsa ka bokhabane ho tsohle tsee u li etsetsang baena . . . Efela re tšoanetse ho amohela ba joalo, hore re be basebetsi ʼmoho ʼneteng.’—3 JOHANNE 5-8, “New World Translation.”
1. Hore re thabise Jehova, re lokela ho mo rapela joang?
JEHOVA o batla ba tla mo sebeletsa ka “moea le ka ʼnete.” (Johanne 4:23, 24) Hore a ba amohele, borapeli ba bona bo lokela ho lumellana le seo Molimo o itšenotseng ho ba sona le merero ea oona. Hape ba lokela ho khomarela thuto eohle ea Bokreste e buang ka Jesu Kreste. Ho lula ba ntse ba tsamaea ʼneteng ena ho bohlokoa hore ba bolokehe.—Ba-Efese 1:13, 14; 1 Johanne 3:23.
2. Ke lipotso life tse hlahang, ʼme ke hokae moo re ka fumanang tataiso e molemo?
2 Lipaki tsa Jehova li lokela ho lula li ntse li tsamaea ʼneteng. Ha e le hantle, li lokela ho tšoarisana “tšebeletsong e halalelang” ka hore ka botšepehi li ntšetse pele likhahleho tsa ‘Muso joalo ka ‘basebetsi ʼmoho ʼneteng.’ (Ba-Roma 12:1; 3 Johanne 5-8; Mattheu 6:33) Empa see se ka etsoa joang? Tataiso e thusang haholo tabeng ena e hlaha lengolong la boraro le bululetsoeng la moapostola Johanne.
Le ʼNe le Tsamaee ʼNeteng
3. Tlamo ea lerato la Bokreste e bonahala joang mantsoeng a qalang a Johanne oa Boraro?
3 Tlamo ea lerato la Bokreste e bonahala mantsoeng a qalang a moapostola. O ngotse:
“ʼNa, moholo, ke ngolla Gaiuse, moratuoa, eo ke mo ratang ʼneteng.” (3 Johanne 1)
Johanne o itšupa e le “moholo,” hobane ka moo ho bonahalang o ne a le moholo lilemong a hōlile moeeng. Gaiuse e ne e le motsoalle oa hae ea ratoang oa Mokreste ea phelang sebakeng se sa boleloang lebitso. Johanne o mo bitsa “moratuoa,” a sebelisa puo e bontšang lerato e neng e tloaelehile har’a Bakreste ba pele.—Ba-Roma 16:5; 2 Petrose 3:1; Juda 3.
4, 5. (a) Johanne o ne a rapella hore Gaiuse a etse eng? (b) Gaiuse o ne a lokela ho sebelisa bophelo ba hae joang?
4 Johanne o ne a e-na le lebaka le letle la ho rata Gaiuse, hobane rea bala:
“Moratuoa, ke rata hoba u atlehe nthong tsohle, ʼme u iketle ʼmeleng oa hao, joale ka moea oa hao o atlehile. Hobane ke thabile haholo ha baena ba fihlileng mona ba pakile ʼnete ea hao, kamoo u tsamaeng ʼneteng. Ho ʼna ha ho thabo e fetisang ena, ea ho utloa hoba bana ba ka ba tsamaea ʼneteng.”—3 Johanne 2-4.
5 Moapostola a rapella hore Gaiuse a “atlehe nthong tsohle,” moeeng le nameng. Johanne hape o rapella hore motsoalle oa hae a “iketle ʼmeleng.” Takaletso ena e ntle e tloaelehileng e ne e sa bolele hore Gaiuse o ne a kula. (Bapisa Liketso 15:29.) Ha Johanne a sebelisa lentsoe “moea” mona, o ne a bolela ka bophelo ba hae hona joale joaloka motho ea bohlale. ʼMe Gaiuse o ne a sebelisa bophelo ba hae joang? O ne a tšepahala “tšebeletsong e halalelang” ea Molimo.
6, 7. (a) Johanne o ne a e-na le lebaka lefe la ho ‘thaba haholo’? (b) Ho tšoana le Gaiuse, ke eng seo Lipaki tsohle tse tšepahalang tsa Jehova li lokelang ho se etsa ka “ʼnete”?
6 Johanne a amohela litaba tse futhumatsang pelo tse tsoang ho baena ba moea ba neng ba tlile Efese, ʼme litaba tsena tsa mo ‘thabisa haholo.’ Moapostola o ne a ka thaba hobane motsoalle oa hae Gaiuse o ne a tsoela pele hantle moeeng ʼme a khomaretse ʼnete. (Liproverbia 15.30; 25:25) “Baena” mohlomong e ne e le litho tsa phutheho eo Gaiuse a neng a kopanela ho eona kapa ba neng ba tlile Efese ho etela phutheho eo, mohlomong ba ne ba nkile lengolo leo moapostola a neng a le ngoletse phutheho eo pelenyana.—3 Johanne 9.
7 Baena bana ba ile ba ‘paka ʼnete ea Gaiuse.’ O ne a amohetse ka botlalo ʼnete e buang ka Jesu ʼme o ne a lumellana le melao ea Jehova. Gaiuse o ne a “tsamaea ʼneteng”, ka botšepehi a khomaretse lithuto tsohle tsa Bokreste. Ka sebele, paki e ʼngoe le e ʼngoe e tšepahalang ea Jehova ha se feela hore e lokela ho ba ‛ʼneteng’ empa hape e lokela ho tsamaea ho eona joaloka tsela ea bophelo. Bakreste ba tšepahalang ka mehla ba iphaphatha le “ʼnete,” ba hana bokoenehi ʼme ka mafolo-folo ba sebeletsa Molimo “ka pelo eohle.”—2 Johanne 1-4; Esaia 38:2, 3.
8. Ke hobane’ng ha Johanne a ne a nka Gaiuse e le e mong oa “bana” ba hae?
8 Johanne o boletse hore ha a na lebaka le leholo la ho feta ha a utloa hore “bana” ba hae ba ntse ba “tsamaea ʼneteng” kapa ba ‘phela ka ʼnete.’ (The New English Bible) Ho ka etsahala hore moapostola e ne e le ntate oa moea oa Gaiuse ka ho mo thusa ho fumana tsebo e nepahetseng ea Mangolo. (Bapisa 1 Ba-Korinthe 4:14-17.) Empa leha Johanne a sa ka a ruta motsoalle enoa ea ratang ʼnete, ho hōla ha moapostola lilemong, khōlō ea Bokreste le lerato la bontate ho Gaiuse ho entse hore moapostola a nke monna enoa ea neng a bonahala a sa le mocha lilemong ho ba e mong oa “bana” ba hae.
‘Basebetsi ʼMoho ʼNeteng’
9. Ho ea ka 3 Johanne 5-8, Gaiuse o ile a khothaletsoa ho etsa eng ka baena ba bang?
9 Gaiuse o ne a phethahatsa boikarabelo ba hae ba Bokreste hantle, ʼme Johanne a mo babatsa, ka hore:
“Moratuoa, u etsa ka bokhabane ho tsohle tsee u li etsetsang baena le baeti. Ke bona ba pakileng lerato la hao pel’a kereke; ʼme u tla etsa hantle ha u ba baballa leetong la bona ka mokhoa o ka bokoang ke Molimo. Hobane ba tsamaile ka baka la lebitso la oona, ba sa amohele letho ho ba-lichaba. Efela re tšoanetse ho amohela ba joalo, hore re sebelisane le ʼnete.” 3 Johanne 5-8.
10. Ke mosebetsi ofe o “khabane” oo Gaiuse a neng a o etsa, ʼme Lipaki tsa Jehova kajeno li etsa joalo joang?
10 Gaiuse o ne a etsa “mosebetsi o khabane”, kapa, “ntho e tšepehang”, ka ho amohela baena ba etileng. (Revised Standard Version) Hona ho ne ho loketse hobane e ne e le “baeti”—batho bao pele ba neng ba sa tsejoe ke Mokreste ea ba amohetseng. Lipaki tsa Jehova kajeno li etsa ‘mosebetsi o joalo o khabane’ ka ho amohela balumeli ʼmoho le bona e leng balebeli ba tsamaeang ba rometsoeng ke Watch Tower Bible and Tract Society.—Ba-Roma 12:13.
11. Ke eng seo baena ba tsamaeang ba neng ba ka se paka ka Gauise?
11 Ka sebele moratuoa Gaiuse o ne a bontša lerato la sebele, ʼme baena ba tsamaeng ba ile ba paka sena “pel’a Kereke,” mohlomong ha ba le sebokeng Efese. (Bapisa Liketso 14:27.) Ba ne ba ka paka hore Gaiuse o ne a amohela baeti. O bontšitse lerato la ho rata basele, ka ho etsa joalo a bonahatsa mokhoa oa boholo-holo oa batho ba Molimo.—Genese 18:1-8; Mattheu 25:34, 35, 40.
12. (a) Ke ka mokhoa ofe Bakreste ba tsamaeang ba neng ba lokela ho baballoa leetong la bona? (b) Baena bana ba ile ba ronngoa lebitsong la bomang? (c) Baena ba tšepahalang le bakoenehi ba ne ba lokela ho tšoaroa ka litsela life tse sa tšoaneng?
12 Moapostola o ile a khothalletsa Gaiuse hore a romele Bakreste ba tsamaeang ka “mokhoa o bokoang ke Molimo,” eo ba neng ba etsa ka matla tšebeletsong ea hae. Ba ne ba lokeloa ke ho hlokomeloa ka lintho tse kang lijo le lichelete leetong la bona. (Tite 3:13) Baena bana ba ne ba lokela ho tšehetsoa hobane ba tsamaile ka baka la “lebitso,” la oona. Kamoo ho bonahalang, mona Johanne o ne a bolela ka lebitso la Molimo leo ho seng le lekanang le lona, Jehova, hobane o ile a bolela hore ba rometsoe ka “mokhoa o bokoang ke Molimo.” Le hoja baruti ba tsamaeang ba bakoenehi ba ne ba sa lokela ho amoheloa, baena ba tšepahalang ba etileng ba ne ba lokela ho tšoaroa e le Lipaki tse tšepahalang tsa Jehova Molimo le Mora oa hae.—Esaia 43:10-12; Liketso 1:6-8; 2 Johanne 9-11.
13. (a) Taba ea hore Bakreste ba tsamaeang ba ne ba sa “amohele letho ho ba-lichaba” e ne e bolela’ng? (b) Ka baka leo ba bang ba ka fetoha ‘basebetsi ʼmoho ʼneteng’ joang?
13 Bakreste ba tsamaeang ba sebetsang ka thata ba ne ba “sa amohele letho ho ba-lichaba.” Ho tšoana le moapostola Pauluse, ka ho totobetseng ba ne ba “behela batho Evangeli ea Kreste ka mokhoa o sa ba etsetseng boima” ka hore ba se imetse batho ba ba bolellang ʼnete ka boima ba lichelete. (1 Ba-Korinthe 9:18; 2 Ba-Korinthe 11:7; 1 Ba-Thessalonika 2:9) Ka ha baena bana ba ne ba tsamaea ka lebitso la Jehova ʼme ba bolela “evangeli” ho Balichaba ntle ho ho fumana thuso ea lintho tse bonahalang ho bona, Bakreste ʼmoho le bona ba ne ba “tšoanetse ho amohela (baboleli) ba joalo.” Ka ho ba thusa, barapeli bana ba Jehova ba ratang baeti ba ne ba bapala karolo e kholo ea ho ntšetsa pele likhahleho tsa Bokreste. Ka ho etsa joalo ba ipaka ho ba ‘basebetsi ʼmoho ʼneteng.’ Moea o tšoanang o susumetsa Lipaki tsa Jehova kajeno.
Ho Tšehetsa ka Botšepehi ho sa Tsotellehe Khanyetso
14. Ke khanyetso efe e ileng ea hlaha ka har’a phutheho eo Gaiuse a neng a kopanela ho eona?
14 Gaiuse o ne a sebeletsa ka botšepehi joaloka ‘mosebetsi ʼmoho ʼneteng.’ Empa khanyetso ea hlaha, hobane Johanne o tlalehile:
“Ke ngoletse kereke: empa Diotrefe, ea ratang ho ba oa pele oa bona, ha a re amohele. Ka baka leo, mohla ke tlang ha heno, ke tla le hopotsa liketso tsa hae, tseo a li etsang, ha a ntse a re seba ka mantsoe a lonya, ʼme ha a kholoe ke hoo, empa, ere a sa amohele baena, o thibela le ba ratang ho ba amohela, a be a ba leleke kerekeng.”—3 Johanne 9, 10.
15. Diotrefe o bile le boikutlo bofe, ʼme ho ka thoe’ng haeba e mong ea ipolelang hore ke Mokreste a ka tšoana le eena kajeno?
15 Pele Johanne o ne a “ngoletse kereke,” empa Diotrefe ea manganga o ne a sa amohele letho ka hlompho ho tsoa ho moapostola. Ha e le hantle, Diotrefe oa moikhohomosi o ne a rata ‘ho ba oa pele’ har’a balumeli ʼmoho le eena; o ne a rata ho ba “moeta-pele oa bona.” (An American Translation) Ka hona monna enoa ea ikhohomosang o ne a sa lumellane le Jesu Kreste, ea itseng ho barutuoa ba Hae: “Lona bohle le bana ba motho a le mong. . . . Hape, le se ke la bitsoa benghali, hobane monghali oa lona o mong, e leng Kreste.” (Mattheu 23:8-12) Koana, kaha “Mahlo a phahameng le pelo e hohomohileng . . . ke sebe” ʼme ‘Jehova o tsebisisa baikakasi ba sa le hole,’ e mong le e mong ea ipolelang hore ke Mokreste kajeno ʼme a tšoana le Diotrefe ha a na kamano e haufi le Molimo.—Liproverbia 21.4; Lipesaleme 138:6.
16. (a) Diotrefe o ile a itšoara joang ho moapostola Johanne? (b) Bakreste ba lekholo la bo20 la lilemo ba ithuta eng ka taba ee?
16 Ka ho se amohele letho le tsoang ho Johanne ka hlompho, Diotrefe o ne a arabela khahlanong le borena bo tsoang ho Molimo. Ka hona, ha moapostola ea hōlileng a etela phutheho eo, o tla ba “hopotsa” liketso tse khopo tsa Diotrefe, le tseo a neng a li buile. Diotrefe o ne a ntse a “seba” Johanne ka “mantsoe a lonya,” ka hona o ne a bua hampe ka le leng la majoe a motheo oa baapostola a Jerusalema e Mocha oa leholimo. (Tšenolo 21:2, 14) Ka sebele, o ne a ke ke a etsa hoo a sa fumane kotlo! Leha e le hore Bakreste ba bohata kajeno ba ka lebella ho phonyoha kahlolo e bohloko e tsoang ho Molimo haeba ntle ho pako ba seba balumeli ʼmoho le bona ʼme ba hlompholla borena bo beiloeng ke Molimo.—Levitike 19:16; Juda 8-13.
17. Diotrefe o ne a le molato oa eng hape?
17 Diotrefe hape o ile a hana ho amohela baena ba khothetseng ba tsamaeang. Bonneteng, o ne a leka ho thibela ba bang ba neng ba rata ho amohela baevangeli ba etileng. Ho hobe ka ho fetisisa, Diotrefe o ne a leka ho leleka batho ba ratang baeti le ba mosa kerekeng ka ho ba khaola ka phoso. Empa Bakreste ba tšepahalang leha ba ne ba talimane le khanyetso ha ba ka ba khelosoa ho tšehetsa mosebetsi oa ho bolela ka ʼMuso.
Etsisang Botle
18. Ho ea ka 3 Johanne 11, 12, Johanne o ile a bolella Gaiuse eng, ʼme hobane’ng?
18 Hoja Diotrefe a se fetohe, le eena o ne a tla qetella a lelekiloe phuthehong. Leha ho le joalo, ba tšepahalang ba lokela ho etsa seo Johanne a se boleletseng Gaiuse:
“Moratuoa, u se ke ua etsisa bobe, u mpe u etsise botle. Ea etsang hantle o tsoa ho Molimo: empa ea etsang hampe ha a ka a bona Molimo. Demetriuse o bokoa ke bohle, le ke eona ʼnete; le rōna rea ʼmoka, ʼme lea tseba hobane poko ea rōna ke ea ʼnete.”—3 Johanne 11, 12.
19. Ho ‘etsisa botle’ ho bolela eng?
19 Gaiuse o ile a eletsoa hore a se ‘etsise bobe empa botle.’ Ho phehella botle ho bolela ho hloea bobe ʼme u khomarele botle ka matla. (Pesaleme ea 97:10: Ba-Roma 12:9) ʼMe hona ho bohlokoa hakaakang, hobane “ea etsang hantle o tsoa ho Molimo.”!
20. Barapeli ba Jehova ba mo ‘bona joang’ lefatšeng?
20 Ho hatisa taba, moapostola a eketsa: “Ea etsang hampe ha a ka a bona Molimo.” Hoba ba tsosetsoe bophelong ba moea leholimong, Bakreste ba tšepahalang ba tlotsitsoeng ba ka lebella ho bona Molimo le Kreste. Empa barapeli ba Jehova ba lefatšeng ba mo ‘bona’ ka lintho tseo a ba etsetsang tsona. Ba ‘bonang Molimo’ ba mo ‘bona’ ka ‘mahlo a lipelo.’ (Ba-Efese 1:18: Exoda 33:20; Jobo 19:26) Ka temoho e kopanyelletsang kelello le pelo, ka sebele batho bana ba khona ho tseba Jehova joalo ka barapeli ba hae ba ananelang litšoaneleho tsa hae, tse kang lerato la hae le se nang moeli ka ho fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ʼnotši bakeng sa batho.—Johanne 3:16.
21. (a) Demetriuse e ne e le mang? (b) Ho tlile joang hore Demetriuse a “bokoe ke bohle . . . le ke eona ʼnete”?
21 Gaiuse o ile a khothaletsoa ho ‘etsisa botle,’ Demetriuse o ne a etsa botle. Ka ho tšoanang, Demetriuse o ne a tsamaea le baena ba etileng, mohlomong o ne a okamela sehlopha seo sa baboleli, kapa baromuoa. (Bapisa 2 Ba-Korinthe 8:16-24) Ho ne ho ka etsahala hore Gaiuse o ne a sa tsebe Demetriuse hantle, empa Bakreste ba bang ba ne ba bua hantle ka eena, ʼme o ne a “bokoa . . . le ke eona ʼnete.” Seo balumeli ʼmoho le eena ba neng ba se bolela ka Demetriuse se ne se tšehetsoa ke liketso tsa hae tsa bomolimo, hobane o ne a entse hore bophelo ba hae bo lumellane le melao ea Jehova ʼme o ne a ‘phelela ʼnete.’ Ka hona, “ʼnete,” ha e le hantle, e ne e bua Demetriuse hantle. Le moapostola Johanne o buile joalo ka eena, ʼme Gauise o ne a tseba hore o-oa tšepeha. (Bapisa Johanne 19:35; 21:24.) Ka baka leo, ho sa tsotellehe khanyetso ea Diotrefe, Gaiuse le ‘basebetsi ʼmoho le eena ʼneteng’ ba ile ba amohela baboleli ba tsamaeang ba ʼMuso.
Lerato Lea Bonahala Har’a Basebetsi ʼMoho
22. Ho e-na le hore a ngolle Gaiuse hape, Johanne o ne a tšepile ho etsa eng?
22 Mantsoe a qetellang a Johanne ho Gaiuse a fana ka bopaki bo boholo ba lerato le neng le le teng har’a ‘basebetsi ʼmoho ʼneteng.’ O itse:
“Ke ne ke na le litaba tse ngata tseo nka beng ke u ngolla tsona; empa ha ke rate ho li ngola ka pene le ka enke; empa ke tšepile hoba ke tla u bona kapele, le ho buisana le uena ka molomo. Khotso e be le uena! Metsoalle ea u lumelisa. Lumelisa metsoalle ka mabitso a eona.” (3 Johanne 13, 14)
E, Johanne o ne a e-na le litaba tseo a neng a batla ho li bolella Gaiuse, empa o ne a sa rate ho mo bolella tsona ka lengolo. Ho e-na le hoo, moapostola o ne a ‘tšepile hoba o tla bona [Gaiuse] ka ho toba ka pele.’ Joale ba ne ba ka bua ‘ba talimane lifahleho.’
23. (a) Ka ho lakaletsa Gaiuse khotso, Johanne o ne a lakatsa hore motsoalle oa hae a thabele eng? (b) Ha a qetela lengolo la Boraro la Johanne, moapostola o ile a bitsa balumeli ʼmoho le eena ba ratehang joang?
23 Lekhateng leo, Johanne ka cheseho o ne a lakatsa hore Gaiuse a be le khotso—khutso e tlisoang ke ho ba le kamano e haufi le Jehova, khutso e tlosang pelaelo e sa hlokahaleng ʼme e phomotsa kelello le pelo. (Ba-Filippi 4:6, 7) Ha a lihela likhala, moapostola o romella Gaiuse litumeliso tsa “metsoalle,” a bolela ka balumeli ʼmoho ba ratoang ho tšoana le kamoo Lipaki tsa Jehova li etsang kajeno. (Bapisa Johanne 15:13, 14.) ʼMe ho ne ho loketse hakaakang hore Johanne a tsebe litho tsa phutheho eo hakaalo hoo a neng a kopa Gauise hore a romele litumeliso tsa hae ho bona ka “mabitso”!
Le ʼNe le Sebetse ka Botšepehi Joaloka Basebetsi ʼMoho
24, 25. Johanne oa Bobeli le oa Boraro li lokela ho susumetsa Lipaki tsa Jehova hore li etse eng, ʼme mangolo ana a lokela hore susumelletsa joang?
24 Ka sebele, mangolo a bululetsoeng a Johanne oa bobeli le oa boraro a susumetsa Bakreste ba kajeno hore ba ratane, ba hane bokoenehi, ba khomarele ʼnete le ho ntšetsa pele likhahleho tsa borapeli ba ʼnete. Ka baka leo, rōna, joaloka Lipaki tsa Jehova, re ikemiselitse ho lula re tšepahala ʼneteng ea Mangolo ha re ntse re bina lithoriso tsa Ntat’a rōna, re bolela litaba tse molemo tsa ʼMuso le ho supa karolo ea ho hlohonolofatsa batho.
25 Joaloka Lipaki tsa Jehova, re thulana le liteko tse ngata tsa tumelo ‘mehleng ena ea qetello.’ (2 Timothea 3:1-5) Empa keletso e utloahalang ea moapostola Johanne e tla re thusa ho lula re ntse re “tsamaea ʼneteng” joaloka tsela ea rōna ea bophelo. Ka baka leo, e se eka, re ka etsisa botle, re etse hohle ho matleng a rōna ho ntšetsa pele likhahleho tsa ʼMuso ʼme re ʼne re sebetse hammoho ka botšepehi joaloka ‘basebetsi ʼmoho ʼneteng’—re etse tsohle thorisong ea Molimo o makatsang oa ʼnete, Jehova.
Na U ka Araba
◻ Ke “mosebetsi o khabane” ofe oo Gaiuse a neng a o etsetsa balumeli ʼmoho le eena?
◻ Mohlala o mobe oa Diotrefe o ka re ruta eng?
◻ Ke joang rona, ho tšoana le Gaiuse, re ka sebetsang ka botšepehi joaloka ‘basebetsi ʼmoho ʼneteng’?
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Gaiuse o entse “mosebetsi o khabane” ka ho amohela baena ba hae ba etileng
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Lipaki tsa Jehova, ho tšoana le Bakreste ba tšoanang le bona lekholong la pele, ba sebetsa hammoho ka botšepehi joaloka ‘basebetsi ʼmoho ʼneteng’