Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 10/15 maq. 8-9
  • ’Muso oa Molimo ke Eng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ’Muso oa Molimo ke Eng?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ’Muso oa Molimo ke Eng? Kamoo re ka Bontšang Kateng Hore Rea o Batla
    Ithute ho Mosuoe e Moholo
  • Baprofeta ba Bohata Kajeno
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • ’Muso oa Molimo ke Eng?
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
  • Seo Jesu a se Rutileng ka ’Muso oa Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 10/15 maq. 8-9

Lentsoe la Molimo Lea Phela

’Muso oa Molimo ke Eng?

MOSEBETSI o moholo oa Jesu Kreste ha a ne a le lefatšeng e ne e le ho bolela le ho ruta ka ’Muso oa Molimo. Ka lekhetlo le leng a hlalosa hore, “E ka khona ke bolelle le metse e meng Evangeli ea ’muso oa Molimo; hobane ke rometsoe hona.” (Luka 4:43) Joalokaha u bona mona, Jesu o ile a roma balateli ba hae hore ba bolele ka ’Muso le bona. (Mattheu 10:1, 7) O bile a ruta balateli ba hae hore ba rapele Molimo hore: “’Muso oa hao o tle; thato ea hao e etsoe lefatšeng, joale ka ho e etsoa leholimong.”—Mattheu 6:10.

’Muso ona oa Molimo ke eng, hona ke hobane’ng ha e le oa bohlokoa hakana?

Ha ke re u tseba hore na morena ke eng? Ke ’musi oa naha kapa sebaka. Kaha ke morena, sebaka seo a sebelisang borena ba hae ho sona se bitsoa ’muso. ’Muso oa Molimo le oona ke puso. Bibele e bolela ka oona ka mantsoe ana: “Hobane re tsoaletsoe ngoana, re neiloe mora; borena bo beiloe lehetleng la hae, ’me o tla bitsoa . . . morena oa khotso; hore a holise ’muso, le ho tlisa khotso e sa feleng . . . ’musong oa hae.”—Esaia 9:6, 7.

Morena enoa—Mora enoa oa Morena e Moholo, Jehova Molimo—ke Jesu Kreste. O khethiloe ke Molimo hore e be ’musi pusong ea ’Muso oa oona. Ho bona hore ’Muso e be e le khang e khōlō nakong ea tšebeletso ea Kreste, nahana ka hore na ho etsahetse joang mohla letsatsi la lefu la hae.

Bibele e re bolella hore batho ba ile ba nqosa Jesu ba re: “Re bone motho enoa a khelosa sechaba, o hana ha ho ntšetsoa Cesare lekhetho: hape o ipitsa Kreste, morena.” Ponse Pilato, ’musisi oa Roma ha a utloa sena a botsa Jesu: “Na ke uena morena oa ba-Jode na?”—Luka 23:1-3.

Jesu ha a ka a arabela potso ea Pilato ka ho toba empa a re: “’Muso oa ka ha o tsoe lefatšeng lena.” (Johanne 18:36) Jesu o arabetse ka tsela ena hobane ’Muso oa hae e ne e ke ke ea e-ba oa lefatše o amang lipolotiki tsa batho. E le Morena oa Molimo, o ne a tla busa a le leholimong, e seng e le motho teroneng e ’ngoe ea lefatšeng.

Na u ile ua hlokomela ho Esaia hore na ’muso oa Molimo o tla atisa eng hore e se fele? E, khotso. Kahoo na joale u bona hore na ke hobane’ng ha ’muso oo e le oa bohlokoa hakaale? Ha ho ’muso o mong oa batho o ka tlisang khotso e tšoarellang; ke ’Muso oa Molimo feela o ka etsang joalo. Jesu o qetile bophelo ba hae lefatšeng a bolella batho linnete tse babatsehang ka ’Muso oa Molimo. E ne e le molaetsa o moholo oa hae. ’Muso e ntse e le khang e khōlō le kajeno.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela