Maloetse na a tla Fela?
BOKAMOSO ba hao bo ka be bo le lerootho hoja u ile ua tšoaroa ke kankere ea masapo lilemong tse fetileng tse 10. Ho latela tlaleho ea Mokhatlo oa Sechaba oa Kankere, lilemong tse fetileng tse 10 karolo ea 80 lekholong ea batho ba bacha ba ileng ba tšoaroa ke kankere ea masapo ba shoele pele ho fela lilemo tse tharo ho fumanehile hore bana le eona. Kajeno, leha ho le joalo, re leboha tsoelopele ea thuto ea mahlale, ho boleleha hore karolo ea 90 lekholong ea bakuli bana e ile ea fola pele ho fela lilemo tse tharo ho fumanehile hore ba na le boloetse bona.
Le maloetse a mang a phekotsoe ka ho tsoetseng pele joalo. Ka mohlala, ka 1979 moifo o neng o khethiloe lefatšeng lohle oa Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo o ile oa bolela hore sekholopane se felile lefatšeng lohle. Lefuba lona, le hoja le sa ntsane le bolaea batho ba ka bang limillione tse 3 selemo le selemo, makasine ea World Health e bolela hore: “Re se re hlomelletse ka ho feletseng hore re ka felisa lefuba. Ho seng ho re saletse feela hona joale hore re fenye boloetse bona ka ho sa feleng, ke mecha ea lichelete le boikemisetso ba mapolotiki.”
Ho ke ke ha latoloa hore thuto ea mahlale e namalalitse haholo ho loantšeng maloetse. Empa pharela ke ena: Thuto ea mahlale e sa saletsoe ke ho hongata haholo hore e hape ho kula le maloetse. Ka mohlala, boloetse ba pelo e ntse e le sesosa sa pele sa lefu le tlang pele ho nako linaheng tse tsoetseng pele. Ho feta moo, nahana ka taba e lebokoseng le latelang “Na Thuto ea Mahlale e Felisa Maloetse?” E hlokomela maloetse a mang a ntseng a tsielitse thuto ea mahlale ea meriana.
Ka tsieleho, letoto la maloetse a bolaeang ho bonahala le ntse le hōla, a khale a ntse a sataletse ’me a macha a ntse a eketseha. Ka ho hlakileng, le hoja thuto ea mahlale e tsoetse pele haholo ’me e re file ho hongata hoo re ho lebohang, ho hang ha e felise ho kula le maloetse. E be ha ho sa na tšepo bakeng sa nako e tlang?
Motheo oa Tšepo
Mabaka a hore ho be le tšepo ea hore ho kula le boloetse li tla fela a teng kahohle. Empa, e seng ka mosebetsi o itetseng oa bahlalefi. Ho e-na le hoo, hona ho tla hlaha mohloling o phahameng haholo.
Hore maloetse a fenngoe ka ho sa feleng, ho hlokahala mabaka a mabeli a bohlokoa haholo: (1) Matla a ho etsa le (2) boikemisetso. Ha ho ho ka sebetsang ho le hong. Hopola hore makasine ea World Health e ile ea bolela hore motho o na le matla a hore a felise lefuba ka ho sa feleng empa o haelloa ke “mecha ea lichelete le boikemisetso ba mapolotiki.”
Ho na le boleng bo le bong feela bokahohleng boo e leng bona feela bo nang le matla le boikemisetso ba ho felisa maloetse ’ohle ka ho sa feleng—Molimo ka booona! Ka sebele, ha Jesu Kreste, ea ileng a bontša litšobotsi tsa ntate oa hae ka ho phethahetseng, a ne a le lefatšeng, ka mohlolo o ile a bontša kamoo matla ao Molimo o fanang ka oona a ka hapang maloetse le kholofalo.—Johanne 14:9.
Ha ho pelaelo ka hore Jesu Kreste, ka ‘matla a Molimo’ o bile le matla a ho fenya maloetse. (Luka 9:43) Jesu o hlile a phekola batho ba bangata ba neng ba hlile ba kula, ba holofetse le ba neng ba hlotsa—ba sa tsebeng ho bua le ba foufetseng (Mattheu 15:30, 31), ba jeoang ke sethoathoa, ba omeletseng litho (Mattheu 4:24), balepera (Luka 17:12-14), mosali ea neng a e-na le phallo ea mali (Mareka 5:25-29), ea neng a omeletse letsoho (Mareka 3:3-5), motho ea khotšeng seema (Luka 14:2-4) le batho ba kulang ke “maloetse a mefuta.” (Luka 4:40) E, ho bile ho na le moo ka makhetlo a mararo Jesu a ileng a tsosa bafu! (Luka 7:11-15; 8:49-56; Johanne 11:38-44) Mabakeng a mangata, motho o ne a phekoleha hona hoo ho se nako ea ho hlaphoheloa kapa ho otlolloa.
Koana, ho totobatsang hore Jesu Kreste o ne a ikemiselitse ho fenya maloetse ke lipheko tse ngata tseo a ileng a li etsa. Leha ho le joalo, ka tsela e amang haholo Bibele e senola takatso e tlohang pelong ea Jesu ea ho folisa batho.
Hoba a utloe hore Johanne Mokolobetsi o shoele, Jesu a tsoela boinotšing. Empa ho bonahala hore bongata ba batho bo ile ba bona ha sekepe se tloha ’me ba hakanya hore na se leba hokae. Jesu ha a fihla ba ne ba se ba mo emetse. Jesu a etsa joang? Na o ile a hlonama? A khopeha? Ha e le hantle, na o ne a se na tokelo ea phomola le ho ikhutsa? Leha ho le joalo, ho e-na le hore a ba fumane e le khathatso, tlaleho e hlalosa hore:
“Ha a e-tsoa, a bona bongata bo boholo, a bo utloela bohloko, a folisa ba kulang ba bona.” (Mattheu 14:13, 14) Seithuti se seng sa Bibele se bua tjena ka lentsoe la Segerike le fetoletsoeng mona e le “utloela bohloko”: “[Ke] lentsoe le matla ka ho fetisisa la kutloelo-bohloko e nang le qenehelo ka puo ea Segerike. Le entsoe ka lentsoe splagchna, le bolelang mala,” ’me le hlalosa kutloelo bohloko le qenehelo tse susumetsang motho ho tloha botebong ba hae.” E, Jesu o ne a sitoa ho mamella ho bona ba bang ba le mahlomoleng empa a sa bebofatse bohloko.—Luka 5:12-14.
Ha ho pelaelo. Kaha Jesu Kreste o ne a neiloe matla ke Molimo, o ne a e-na le matla a bile a ikemiselitse ho fenya maloetse. ’Me o sa le joalo! (Ba-Heberu 13:8) Liphekolo tseo a ileng a li etsa ha a le lefatseng li ne li tšoantšetsa mahlohonolo a phekolang a tla atolosetsoa ho batho lefatšeng lohle tlas’a puso ea ’Muso oa Molimo. Na potso ea hao ke hore na “ho tla etsahala neng?”
Maloetse a Tloha a Fela!
Joalokaha ho ’nile ha bontšoa hangata ho Molula-Qhooa, “pontšo” e makala-kala eo ‘mafu a akaretsang’ kapa maloetse, e leng karolo ea eona, e bonahetse ka ho ke keng ha latoloa ho tloha ka 1914. Ha u hlahloba bopaki, ha ho pelaelo ea hore mantsoe a Jesu ke ’nete. Kahoo, boholo ba ho kula le maloetse tseo re li bonang kajeno e hlile li phethahatsong ea boprofeta ba Jesu bo ho Mattheu 24:3-7 le Luka 21:10, 11. Hona ho bolela hore re phela ‘bofelong ba tsamaiso ea lintho’!
’Muso oa Molimo o tloha o tlosa tsamaiso ena ea hona joale e khopo o e nkela sebaka ka Tsamaiso e Ncha ea ho loka. (2 Petrose 3:13) Joale, tlas’a puso ea ’Muso, mafu a akaretsang, kapa maloetse, a ke ke a hlola a re amoha bophelo le boiketlo ’meleng. Re leboha hakaakang hore e be Ntate oa rōna ea lerato oa leholimo o na le matla le boikemisetso ba ho felisa ho kula le maloetse ho hang, le ka ho sa feleng!—Tšenolo 21:3, 4.
Na u rata ho fumana hore na ke mahlohonolo afe hape ao Molimo o a tšepisang le hore na u ka etsa joang ho rua molemo ka oona? Lipaki tsa Jehova li tla u thusa ka thabo. Ke eng ha u sa ikopanye le tsona sebakeng sa heno kapa u ngolle bahatisi ba makasine ona?
[Lebokose le leqepheng la 7]
Na Thuto ea Mahlale e Felisa Maloetse?
Kankere (Mofetše): Ho hakanngoa hore monongoaha feela ho na le batho ba 835 000 ba tla tšoaroa ke kankere bocha ho la United States. Hona nakong eo, ba ka bang 430 000 ba tla bolaoa ke eona. ’Me Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo o bolela hore ho feta halofo ea batho ba limillione tse 37 bao ho hakanngoang hore ba tšoeroe ke kankere lefatšeng lohle ba linaheng tse tsoelang pele.
Boloetse ba Chaga: Bona ke boloetse bo tšoaetsanoang ka likokoana-hloko bo hlasetseng batho ba ka bang limillione tse 10 Amerika Boroa le Amerika e Hare. Ha bo qaleha likokoana-hloko li hlasela linama tsa ’mele, haholo-holo pelo. Ke boloetse bo sa phekoleheng ’me boa bolaea ka linako tse ling, hangata lefu le bakoa ke khaello pelong. Pheko ea bona ha e e-so ho fumanehe.
Mokakallane: Mokakallane oa Spania ntle ho pelaelo ke seoa se sebe haholo sa ntaramane, o bolaea batho ba ka bang limillione tse 20 ka 1918 le 1919. Ho sa tsotellehe liente tse teng, ho hlaha likokoana-hloko tse ncha tse bakang boloetse bona ho tloha ka nako eo. Likokoanahloko tsa mokakallane li na le matla a bolotsana a ho fetola kaheho ea tsona hangata haholo, li baka mafu a seoa a macha. Ke ka hona mokakallane oa Asia o ileng oa bolaea batho ba ka bang 57 000 lefatšeng lohle ka 1957. Mokakallane oa Hong Kong oa bolaea ba 33 000 ka 1968 le 1969. Lilemong tse fetileng tse 20 ho shoele Maamerika a ka bang 500 000 ka baka la mokakallane.
Bofofu ba Linōka (“onchocerciasis”): Bofofu ba linōka ke boloetse bo sa foleng, bo jaloang ke ho longoa ke lintsintsi tse ntšo. Ha boloetse bo hlasela ’mele oa motho bo fella ka mabali letlalong le ka mahlong. Le hoja bo ka ’na ba foufatsa, hangata ha bo bolaee. Ka kakaretso ke batho ba ka bang limillione tse 40 Afrika, Mexico, Guatemala, Venezuela, Colombia le Brazil ba nang le boloetse bona. Bafuputsi ba sa ntsane ba batla lipheko tse molemo bakeng sa bofofu ba linōka.
Lupus: Ka linako tse ling ke boloetse bo bolaeang bo sitisang ’mele ho loantša maloetse, bo tšoere Maamerika a ka bang limillione tse 500 000. Tabeng ea boloetse bona methapo ha e kopane hantle ’me kahoo e sitoa ho loantša maloetse. Bakuli ba bangata ba se ba batla ba phekotsoe lilemong tsena tsa morao tjena, ka bakuli ba 80 ho ea ho 95 lekholong ba phela bonyane lilemo tse 10 kamor’a hore ho fumanehe hore ba na le boloetse bona. Leha ho le joalo, pheko ea boloetse bona ha e e-so ho fumanehe.
Feberu ea Likhofu (“schistosomiasis”): E se e hlasetse batho ba ka bang limillione tse 200 linaheng tse 71, feberu ena e ata ka potlako. E tšoara batho ka hore ba hlape kapa ba sese metsing a nang le likhofu tse nang le likokoana-hloko tse nang le boloetse bona. Hang ha mahe a likhofu tse nang le boloetse bona a kene ’meleng oa motho, a etsa tšenyo e khōlō senyeng le sebeteng. Ho sa ntsane ho le thata haholo ho laola feberu e bakoang ke likhofu (haholo linaheng tse futsanehileng), hobane ho itšetlehile haholo ka ho hlekoa ha limpe ka mokhoa o motle.
Malaria: Ke boloetse ba khale bo bakoang ke ho longoa ke monoang o motšehali oa Anopheles. Bo khutlile ka matla a maholo empa bo kile ba phekoloa ka lilemo tse telele linaheng tse kang India le Sri Lanka! Selemo le selemo, Afrika, bo bolaea bana ba limillione ba ka tlase ho lilemo tse hlano. Ho phaella moo, batho ba fetang limillione tse 150 lefatšeng lohle hona joale ba tšoaroa ke mohatsela, feberu, le matšoao a mang a malaria. Bafuputsi ba sa ntsane ba batla ente e ka e phekolang.
Maloetse a litšila: Boteng ba “penicillin” bo ile ba thetsa batho ba boitšoaro bo hlephileng. Hona joale ho ata qhoshola e sa phekoloeng ke “penicillin.”
Bo fihlileng bocha ke boloetse bo bitsoang “genital herpes” bo hlaselang litho tsa botona kapa botšehali boo ho boleloang hore bo tšoere batho ba ka bang limillione tse 20 United States feela. Bo bakoa ke likokoana-hloko ’me hangata bo tšoaetsanoa ka likamano tsa botona le botšehali. Ka ho tšoanang, boloetse bo bocha bo bitsoang “AIDS” bo ata ka potlako har’a basodoma le ba bang. Litsebi li bo nka e le bo bong ba maloetse a kotsi ka ho fetisisa. Maloetse ana ka bobeli ha a s’o fumaneloe pheko.
Tšesefalo ea methapo: Ke boloetse ho hlaselang setsi sa methapo ea ’mele—boko le lesapo la mokokotlo—boloetse bona bo hlasetse batho ba 500 000 United States feela. Bo atisa ho tšoara batho ha ba le lilemo tse 20 ho ea ho tse 30. Temoso ea hore bo teng e akarelletsa ho se ikutloe, ho tsamaea ka ho tlatselela, pono e lerootho, puo e hoeleketsang le ho sitoa ho laola mosese le mala. Le hoja lipatlisiso li le khōlō, ha ho pheko e seng e fumanehile.
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Jesu o ne a e-na le matla a bile a ikemiselitse ho fenya maloetse