Maloetse na ke Pontšo ea Mehla ea Qetello?
BAHLALEFI ba tsoela pele ka potlako ho hlalosa bocha liphatsa tsa lefutso tsa motho. Ba bang ba lumela hore ba tloha ba tseba ho bala kamano pakeng tsa hore na u ka keneloa ke maloetse habonolo hakae le tsela eo liphatsa tsa hao tsa lefutso li leng ka eona. Ho boleloa hore haufinyane ho tla ba bonolo ho phekola maloetse a mang ka ho khina liphatsa tsa motho tsa lefutso.
Dr. W. French Anderson oa Mokhatlo oa Sechaba oa Bophelo o bolela hore “Hang ha motho a e-na le matla a ho kenya liphatsa tsa lefutso tabeng ea ho phekoloa ha maloetse, ho boetse ho na le monyetla oa ho kenya liphatsa tsa lefutso tabeng ea ho phekola maloetse a sefahleho.” A eketsa ka hore: “Joale re tla tseba ho lebisa botho ba rōna moo re ratang.” Ke polelo e sebete eo! Na hona ho bolela hore thuto ea mahlale e hlōla ntoa e loantšang ho kula le maloetse?
Ho khahlisang, lilemong tse fetileng tse fetang 1 900, Jesu Kreste o ile a bontša hore ho ata ha ho kula le maloetse e tla ba karolo ea “pontšo” e khethollang ‘mehla ea qetello,’ nako eo a ileng a e bitsa “ho fela ha lefatše.” Jesu a re: ‘Ho tla ba teng, . . . mafu a akaretsang ka nqa tse ngata.’ Ana, ho ea ka seithuti sa Bibele Albert Barnes, ke “mafu a akaretsang a halefileng.”—Mattheu 24:3-7; 2 Timothea 3:1; Luka 21:10, 11.
Empa u ka ’na ua re, ’ke khale mafu a akaretsang, kapa maloetse, a le teng. Ke ’nete. Leha ho le joalo, ho na le lintho tse peli tse hlokomelehang ka boprofeta ba Jesu.
Ea pele, Jesu ha a ka a re “pontšo” e tla ba ho kula kapa boloetse feela. Ho e-na le hoo, o ile a fana ka pontšo e makala-kala, a thathamisa lintho tse ngata. Ipalle boprofeta ba hae bo qaqileng joalokaha bo ngotsoe ho Mattheu 24 le 25, Mareka 13 le Luka 21. Ka lebaka leo “pontšo” e etsoa ke makala ana ha a kopane a le teng kaofela. Lekala le le leng ha se pontšo e feletseng. Ho e-na le hoo, “pontšo” e ne e tla bonoa feela ha lintho tsohle tseo Jesu a hlileng a li bolela li ama moloko o le mong.—Mattheu 24:32-34.
Ea bobeli, ho ne ho tla bonahala mantsoe a Jesu a buang ka mafu a akaretsang kapa maloetse e le leshano kajeno. Hobane’ng? Hobane ha ho mohla thuto ea mahlale e kileng ea tsoela pele hakana. Likofuto tsa ho phekola ha ho mohla li kileng tsa e-ba ntle ho feta hona joale. Ha ho mohla tsebo ea meriana e kileng ea ngatafala hakana.
Kahoo, linnete li bontša eng? Na kannete mantsoe a Jesu aa phethahala? Ke habohlokoa hore re tsebe, hobane ho phethahala ha boprofeta ba Jesu ho tla bontša hore re phela nakong e bohloko haholo ea pale ea motho.