Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 11/1 leq. 32
  • ‘Tsa Thusa Lenyalo la Rōna’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘Tsa Thusa Lenyalo la Rōna’
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 11/1 leq. 32

‘Tsa Thusa Lenyalo la Rōna’

AO KE Mantsoe a Glenn, monna oa Louisiana. E mong oa Lipaki tsa Jehova o ngola hore “Ha ke qala ho teana le Glenn, o ne a le ka tlas’a teraka ea hae, empa a tsoa ’me a mamela seo ke ’molellang sona. Ntle ho tika-tiko a amohela peeletso ea limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Ha feta libeke pele a fumana motho lapeng hape. Qetellong a teana le mosali oa hae, ea ileng a re: ‘E, o mpoleletse ka peeletso ea limakasine tseo. Ke ile ka makala hobane ha ho letho leo a le beeletsang. Empa li sentse li fihla, ebile li monate haholo! Re li bala hammoho mantsiboea. Ha li fela, re tla li nchafatsa ka sebele!’

“Ra lokisetsa hore re tla tla hape ha monna le mosali ba le lapeng, ’me ba ne ba re emetse ka nako ena e khethiloeng. Ra qalisa thuto ea Bibele. Glenn a hlalosa: ‘Limakasine tseo li ntle haholo. Li se li thusitse lenyalong la rōna. Ha ke fihla lapeng ka nako ea lijo tsa motšehare, ke botsa Becky hore na ho na le e seng e fihlile.’”

Le uena u ka etsa hore limakasine tsena tse peli tse theiloeng Bibeleng li tle lapeng ha hao ka ho tlatsa le ho rōmela setlankane sena.

Ka kōpa nthomelleng peeletso ea selemo ea Molula-Qhooa le Tsoha! Ke kentse R7,30.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela