Ngatafalo ea Bokhopo—Na ke Pontšo ea Bofelo ba Lefatše?
“RE BOLELLE nako eo taba tseo li tla etsahala ka eona, le ntho eo e tla ba pontšo ea ho tla ha hao, le ea ho fela ha lefatše?”
Ha a araba Jesu Kreste o ile a senola hore nako e itseng ea pale e ne e tla tšoauoa ka ntoa ea lichaba tsohle, khaello ea lijo le litšisinyeho tsa lefatše, ’me a eketsa: “’Me lerato la ba bangata le tla tapa ka baka la ngatafalo ea bokhopo. Empa ea tla tiisetsang ho fihlela qetellong, ke eena ea tla bolokeha.”—Mattheu 24:3, 7-13.
Ngatafalo ea bokhopo—ke tsoelo pele e sokelang e le ka ’nete ho ea ka se boleloang ke lentsoe la Segerike le bolelang ho nyatsa melao e tsejoang ea Molimo. Matla a lentsoe lena ke hore motho o ipea boeena, e seng Molimo, sebakeng sa pele bophelong ba hae. Jesu ha a ka a bolela hore ho tla ba le ‘qaleho’ ea bokhopo, empa “ngatafalo,” ho eketseha le ho nama ha bona. Pontšo ena e tla ba kholo ka mokhoa o makatsang hoo boholo, “bo bongata,” ba Bakreste ba bohata ba neng ba tla ameha. Ho rata ha bona Molimo, melao ea hae le baahelani ba bona ho ne ho tla phola, fela joalo ka ha seno se chesang se pholisoa ke moea o batang!
Ho na le bopaki bo matla ba hore lekholo la rona la bo20 la lilemo le kene, haholo-holo ka Ntoa ea I ea lefatše, ho ngatafala ha bokhopo ho ile ha etsahala haholo ha e sa le Jesu a bolela mantsoe ao. Haeba ho joalo, hona ho bolela hore re phela “mehleng ea qetello”—karolong ea bofelo ea “ho fela ha lefatše.” (2 Timothea 3:1; Mattheu 24:3) Na ha u labalabele ho fela ha tsamaiso ena e khopo e tlatsitseng lefatše la rona ka pefo, boitšoaro bo litšila le ho hloka toka, le ho bona le nkeloa sebaka ke mokhatlo oa batho o nang le lerato, “lefatše le lecha” leo ho loka ho ikahetseng ho lona?—2 Petrose 3:13.
‘Empa bo butle,’ ho bolela liithuti tse ling tsa histori. ‘Na lekholo la bo20 la lilemo ha se lona le tsoetseng pele ka ho fetisisa historing? Na pefo le boitšoaro bo litšila ba makholo a fetileng a lilemo bo ne bo se bobe le ho feta?’
Mehla ea Boholo-holo—E ne e le Mebe Hakae?
“Ha ho motho ea ka ikutloang a sa tšabe ho hlaseloa kapa ho senyetsoa thepa ha a tsamaea bosiu seterateng ka ha ho se ho phirimela, leha e le hore ho na le motho ea tiisang hore o sireletsehile bosiu ha a robetse,” ho boletse joalo leqhoetha le soabileng la London ka 1785. Ba bang le bona ba boletse kamoo ba tšosoang ke bonokoane bo boholo.
Empa bonokoane bo bile boholo hakaakang nakong e fetileng? Ha ho motho ea ka bolelang ka nepo, haholo-holo ka baka la litlaleho tsa makhotla tse sa nepahalang. ’Me hape le ka baka la ho hlokahala ha batho ba tšepahalang nakong e fetileng, ha ho tsela e nepahetseng hantle ea ho bapisa bokhopo bo neng bo etsoa ka nako eo le ba nakong ea rona ho ea ka palo ea batho. Litšupiso tse ling li bontša hore makholo a fetileng a lilemo a ne a batla a na le khotso ha a bapisoa le a rōna. “Ha ho mohla paleng ea Massachusetts,” ha tlaleha leqhoetha la kakaretso la naha eo ka 1859, “bophelo, tokoloho, le thepa li kileng tsa ba tse sireletsehileng ho feta kajeno.”
Empa mahareng a lilemo tse 150 pele ho 1914 letoto la liketsahalo—tse sa tšoaneng le tse ling paleng—tsa hleka tsela bakeng sa bokhopo bo neng bo sa lebelloa lekholong la bo20 la lilemo la mehla ea rona.
Ho Buloa ha Mesebetsi e Mecha
“Ho buloa ho hoholo ka ho fetisisa ha mesebetsi paleng ea batho.” Ke ka moo liprofesa tsa histori M. Klein le H. A. Kantor, bukeng ea bona Prisoners of Progress, ba hlalositseng litholoana tsa ho buloa ha mesebetsi libakeng tsa Mesebetsi mane Linaheng tse Kopaneng tsa Amerika mahareng a 1850 le 1920. Ho sebelisoa ha mechine e mecha libakeng tsa mesebetsi, tse joalo ka setimela se tsamaisoang ka muoane, mahlale mangata a ho etsa lintho a qalile Engelane. Joaloka sefefo a haola Europa eohle le United States, a fetola mokhoa oa pele oa bophelo o neng o tloaetsoe ke batho.
Ha ba bua ka nako ea pele ho Buloa ha Mesebetsi e mecha, Klein le Kantor ba tsoela pele: “Ha mehla eo e bapisoa le mehla ea rona, bophelo bo ile ba bonahala bo e-na le taolo bo lokile. Batho ba ne ba sa ntsane ba nka bolumeli e le ntho ea bohlokoa ’me ba ne ba bapisa mekhoa ea bona ea bophelo ka bolumeli ba bona.”
Batho ba bangata mehleng eo ba ne ba itšebetsa ’me ba ithorisa ka mosebetsi oa bona—nakong eo motho o ne a sa sebeletse feela hore a fumane chelete. Le hoja babolai le masholu a ne a le teng, le litumelo tsa bolumeli li ne li tsoakane le boloi le tumela-khoela, boholo ba batho linaheng tseo ho thoeng ke tsa Bokreste ka tloaelo ba ne ba hlompha melao ea Molimo.
Pakeng tsa 1880 le 1913 ho hlahisoa ha lintho ha eketseha ka makhetlo a mararo ho feta baahi ba lefatše e leng makhetlo ao ho seng a kileng a lekana le oona pele kapa kamor’a moo. Ka baka leo, basebetsi ba bangata ba ba le chelete e ngata ea ho reka liphahlo tse ncha tse entsoeng. Empa ba bangata, ba tšoasitsoe ke leraba la ho “tloha bofumeng ho ea boruing,” ba rapela katleho e le molingoana.
“Empa ba ratang ho rua,” ha eletsa Bibele, “ba oela melekong le lerabeng . . . ba bang ka ho le lakatsa ba khelohile tumelo.” (1 Timothea 6:9, 10) Hona ho ile ha etsahalla batho ba bangata. Batho ba etsa mosebetsi bophelo ba bona. Bophelo malapeng ba senyeha ka ha bo ne bo itšetlehile ka nako ea mosebetsi ea lihora tse 60 ka beke. Ha basali ba qala ho sebetsa, bana hangata ho ne ho se ea ba hlokomelang ’me ba fetoha litlokotsebe. Ho kena ka setotsoana mosebetsing ha etsa hore batho ba bangata ba hlokomolohe bolumeli.
Mofilosofi ea tummeng oa mo-Jeremane Nietzche a khothaletsa batho, “Iponahatse seo u leng sona!” Boithati le meharo tsa baka lintoa mosebetsing—ho bile le literaeke tse 2 093 le ho lelekoa mosebetsing United States mahareng a likhoeli tsa pele tse tšeletseng tsa 1916! Bonokoane khoebong ba ata. Ba bangata ba etsisa mohoebi ea boleloang bukeng e ’ngoe ea litšomo ea 1905: “Ke senokoane se seholo ka ho fetisisa, ’me senokoane se tsietsa se seng khoebong ea rona.” Ka ’nete, lerato la ho rata mohahelani la qala ho phola libakeng tsohle.
Metse e Holang ka Potlako
Letšolong la ho batla thuto, botumo, merero e itseng, boithabiso, tokoloho e eketsehileng—empa haholo-holo chelete—batho ba bangata ba fallela litoropong. Ka 1815 batho ba ka tlase ho 2 lekholong ba Europa ba neng ba phela metseng e nang le baahi ba fetang 100 000; ka 1910 palo ena e ile ea eketseha ka 15 lekholong—e ne e iphetile ka makhetlo a supileng, athe palo ea baahi ka kakaretso e ne e iphetile habeli feela. Mane United States palo ea batho ba phelang metseng e nang le batho ba 8 000 kapa ho feta ea tloha ho 131 000 ka 1790 ea ba ka holimo ho limillione tse 18 ka 1890—ho tloha ho 3 lekholong ho ea ho tse 29 tsa baahi bohle ba naha!
Metse eohle e leng linaheng tse tsoetseng pele lefatšeng ea hola ka potlako e tšosang. “Ho hola ha metse ho tsoetse pele ka potlako ’me ho hotse ka ho fetisisa lekholong le fetileng la lilemo ho feta leha e le neng pele paleng ea lefatše.” ho ngotse joalo Kingsley Davis, molaoli oa tsa khōlō ea metse. Mongolo o sekameng ke oa rōna.
Boholo ba ba neng ba tsoa lipolasing ho tla toropong e ne e le batho ba bacha ba masoha. Metseng e ka mathōko, moo ho neng ho tletse moea oa ho ipusa, melao ea motse e ne e sa ba tlame. “Ho tla ba thata ho fumana mohlankana kapa moroetsana, ea leng ka holimo ho lilemo tse leshome le metso e supileng, ea sa tsebeng monna kapa mosali,” ho ngotse joalo mohlokomeli e mong ka sehlopha sa basebetsi motseng o mong. Monna enoa, ea phetseng qalehong ea lekholo la bo20 la lilemo, a eketsa: “Likamano tsa botona le botšehali, tse bakoang ke liholo tsa litantši, li hapile bacha ba bangata ba kajeno. Li nkoa habonolo feela e le lintho tsa hlaho le tloaelo.”
E, ba bangata ba ile ba nyelisa melao ea Molimo ea boitšoaro. Bibele e-ea eletsa: “Le tšabe bofebe; . . . ea nyatsang tseo, ha a nyatse motho, empa o nyatsa Molimo.” (1 Ba-Thessalonika 4:3, 8) Leha ho le joalo, bahlankana ba bang mane Europa, ba ithorisa ka ho robala le matekatsi ho ipakahatsa e le banna—ebile ba ne ba ithorisa ka ho tšoaroa ke lefu le litšila la likamano tsa botona le botšehali leo ba neng ba le fumana ho matekatsi ana! Ho ea ka patlisiso e entsoeng ke linaha tsa Europa ka 1914, hoo e batlang e le monna a le mong ho ba bahlano naheng eo o na le mokaola.
“Metse eo e ne e tletse ka bofebe,” ho ngotse joalo ralipale Adna Weber ka 1899. O ile a bontša hore ka kakaretso ho tsoaloa ha bana ba matšeo metseng e mengata ea Europa, ho ne ho feta ha metse ea mapolasing ka makhetlo a mabeli. Mane Europa nakong eo bonokoane bo ne bo feta bo etsoang mapolasing ka makhetlo a mabeli, kapa a mane.
Empa ha se feela Ho Buloa ha Mesebetsi e Mecha le ho hola ha litoropo ho entseng hore lekholo la rōna la bo20 la lilemo le tlale ka bokhopo; ketsahalo e ’ngoe—eo le eona e fapaneng le ea mehla ea rōna—e ne e tla ba le liphello tse matla.
Ntoa e Kholo
Ho qala ka 1914, ntoa e ne e bitsoa “ntoa e tšolotseng mali a mangata ka ho fetisisa le e sentseng chelete e ngata haholo paleng ea batho” ho tloha nakong eo. Linaha tsa “Bokreste” ke tsona tse neng li nkile karolo e khōlō ketsong ena e tšabehang! Lengolo le neng le ngotsoe koranteng ea 1914, ha le bua ka mahloriso a ntoa le itse: “Lichaba li lokela ho loana joaloka Bakreste, kapa, bonyane, joaloka batho ba nang le kelello.”
Ka baka la ntoa eo, ntoa le pefo li ile tsa nkoa e le lintho tse tloaelehileng. “Ha melao ea mokhatlo o tsoetseng pele e tloheloa ho sebelisoa, ha ho bolaea ho fetoha mokhoa le letšoao le bonatla le bohale bo boholo,” moruti Charles Parsons ka 1917 a re, “e tla ba bothoto ho bolela ka bonokoane ka mokhoa o tloaelehileng.” Ha ho makatse ha babatlisisi D. Archer le R. Gartner ba fumane hore boholo ba linaha tseo ba li hlahlobileng tse neng li nkile karolo Ntoeng ea I ea Lefatše li na le “keketseho e makatsang ea kamor’a ntoa” ea lipolao—Italy e bile le keketseho ea 52 lekholong ’me Jeremane keketseho ea 98 lekholong ho feta pele ho ntoa! Empa ntoa ea baka mofuta o mong oa bonokoane.
Jehova Molimo, ea ‘hloileng hlalo’ o nka ho lahla molekane oa lenyalo le ho nyala hape hoo e seng ha mangolo e le sebe se seholo. (Malakia 2:16) Kamor’a Ntoa ea I ea Lefatše ho bile teng keketseho e sa lebelloang ea hlalo. Ka mohlala, Engelane le Wales lilemong tse 50 pele ho 1911, lenane la lihlalo le ne le lekanyetsoa ho 516 ka selemo. Ka 1919, selemo sa pele kamor’a ntoa, ho bile le lihlalano tse 5 184—li eketsehile ka makhetlo a 10 ho feta lilemong tse 50 tse fetileng!
Ntoa e ile ea bokella banna ba 65 000 000 ea khaohanya ba bangata le malapa a bona ka lilemo tse ngata. “Khatello e fetisisang le khaohano e tlisitsoeng ke Ntoa ea 1914-1918,” ho ea ka boralipale G. Rowntree le N. H. Carrier, ha se feela hore e ile ea eketsa hlalo empa hape ka bolotsana “ea senya kutloano ea sechaba. . . . Maikutlo a tokoloho a bileng teng kamor’a ntoa, a ile a eketseha.” Maikutlo ana a bolokolohi a qalile ka nako eo ’me a tsoelletse pele ho fihlela kajeno!
Ka hona ka baka la ho fallela ho potlakileng ha lichaba tsa “Bokreste” metseng ea litoropo, ho kopanyeletsa le thuto e sa lokang ea Ntoa ea I ea Lefatše, boemo bo ne bo loketse bakeng sa keketseho ea bokhopo bo ileng ba eketseha ho feta leha e le neng pele. Liphello e bile life ho tloha ka 1914? Na kannete lerato la bongata bo ipolelang hore ke Bakreste le ile la phola?
Ho Phahama ha Kajeno ha Bokhopo
Morao ka 1945 batho ba bangata United States ba ile ba makala ha ba bona palo ea bokhopo e tlalehoang sepoleseng e nyolohela ho 1 566 000. Empa lilemo tse 35 hamorao palo e ile ea fihla ho 13 295 000—’me e ntse e phahama! Sena ke keketseho ea liphesente tse 750, athe baahi ba eketsehile ka 60 lekholong! Ho beta ho ile ha eketseha ka liphesente tse 600! Hangata bonokoane bo kotsi e ba liphesente tse 900! Nahana, ka 1981 ntlo e ’ngoe le e ’ngoe ho tse tharo e ne e angoa ke mofuta o itseng oa bonokoane! ’Me sena ha se etsahale feela United States. “Ntho e le ’ngoe e u fahlang ka leihlong ha u sheba bonokoane bo etsoang lefatšeng ka kakaretso,” ha ngola seithuti sa tsa bonokoane, Monghali Leon Radzinowicz, bukeng ea hae The Growth of Crime, “bo eketseha ka mokhoa o makatsang hohle. Libaka tse sa ameheng ke tse leng kathōko, ’me le tsona haufinyana li tla hoholoa ke leqhubu lena le hōlang.”
Na mapolesa a mpa feela a khahloa ke ho tlaleha bonokoane? Bakeng sa karabo, sehlopha se eteletsoeng pele ke Dr. Herbert Jacob oa Mokhatlo a Setsi sa Patlisiso ea Metse Univesithing ea Northwestern o ile a hlahloba lipalo-palo tsa bonokoane, mekhoa le litšenyehelo tsa sepolesa, palo ea ba tšoeroeng, hammoho le boitsebiso bo bong bo eketsehileng bo tsoang metseng e 396 ea United States mahareng a 1948 le 1978. Puisanong le moemeli oa makasine ona, Dr. Jacob o tlalehile: “Lipalo tse tlalehiloeng tsa bonokoane li phahame hohle U.S. Ntle ho pelaelo, karolo ea sena e bakoa ke ho tlalehoa ho nepahetseng ho etsoang ke sepolesa le ke baahi. Empa seo ha se sona feela se bakang keketseho.”
“Ho makatsang,” Dr. Jacob a tsoele pele, “mofuteng ofe le ofe oa motse—o ka leboea kapa boroa, oo palo ea baahi ba oona e eketsehang kapa e fokotsehang, o nang le baahi ba bangata kapa ba ’maloa—leha ho le joalo bonokoane ba phahama ka mokhoa o tšoanang. Ntho ena e etsahala lichabeng tsohle.” Na sepolesa se ka thibela keketseho ee? “Sepolesa se bonahetse se hlōleha ka baka la matla a mang ao ho bonahalang a ba imela,” ha araba Dr. Jacob.
Koana, bonokoane ha se bona feela pontšo ea ho eketseha ha bokhopo. Sheba feela ho se tsotelle melao ea Molimo ho tletseng hohle. Palo ea bana ba matšeo United States ea 7.1 ho basali ba 1 000 ba sa nyaloang ka 1940 e fihlile ho 27.8 ka 1979. Lihlalo tse 83 000 ka 1910 li phahametse ho 1 182 000 ka 1980, keketseho ea liphesente tse 1 300! Joale, bakeng sa hlalo e le ’ngoe manyalo a 11 ka selemo, ho tšoana le ka 1910, United States manyalong a mang le a mang a 2 ho a hlalanoa! Liketsahalo tse tšoanang le tseo li tlalehoa lefatšeng ka bophara.
Hlokomela hape liketso tse sehlōhō tse entsoeng lekholong la rōna la bo20 la lilemo. Ke neng paleng eohle ea moloko oa batho ho ileng ha ba teng ntho e tšoanang le polao e reriloeng hantle ea Bajode ba limillione tse 6 likampong tsa Manazi tsa mahloriso Ntoeng ea II ea lefatše? kapa ho bolaoa ha batho ba 55 000 000, ntoeng eo? Moraonyana tjena, hlokomela litlaleho tsa 1979 tsa ho bolaoa ha Ma-Cambodia a limillione tse 2. Ke moloko ofe o kileng oa etsa le ho sebelisa sebetsa seo ka ho qhoma ho le hong feela se bolaileng mohlomong batho ba ka bang 140 000, joalo ka bomo ea atomiki e ileng ea liheloa Hiroshima, Japane?
Sebaka ha se re lumelle ho fana ka bopaki bo eketsehileng ba ho hlokomolohuoa ha melao ea Molimo, empa se tlalehiloeng se bontša ka ho hlakileng hore ho tloha ka 1914 bokhopo bo ile ba eketseha ho feta leha e le neng paleng! E, har’a palo e kholo ea balateli ba bohata ba Jesu, lerato bakeng sa Molimo le mohahelani le pholile, joalo ka ha Jesu a boletse e sa le pele.
Leha ho le joalo, u se ke ua lumella hore ho ngatafala ho joalo ha bokhopo ho ame pelo ea hao. Boloka lerato la hao bakeng sa Molimo le melao ea hae le le mofuthu, ’me mohlomong u ka thabela ho sireletsoa ho kena “lefatšeng le lecha” le tšepisitsoeng, leo ho lona le ka mohla ho ke keng ha boela ha e-ba teng keketseho ea bokhopo.—2 Petrose 3:13; Mattheu 24:12, 13
[Krafo e leqepheng la 6]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Palo-kakaretso ea bonokoane bo boholo bo tlalehiloeng mane United States e eketsehile ka liphesente tse 1 000 ho tloha ka 1935 ho ea ho 1980, ha palo ea baahi eona e eketsehile feela ka 78 lekholong nakong eona eo!
1935 1 138 000
1950 2 220 000
1965 2 780 000
1980 13 295 000
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Mohloli: FBI (Mokhatlo oa Patlisiso ea Bonokoane) o tlalehile kakaretso ea lipolao, lipeto, bosholu, tlatlapo, ho thuba matlo, likutso, le ho utsoa likoloi ho tlalehiloeng sepoleseng. Ka baka la tlaleho tse sa nepahalang litlaleho tsa 1935 le 1950 li lokisitsoe hore li emele palo ea baahi ka kakaretso.
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
HO BULOA HA MESEBETSI E MECHA
NTOA EA I EA LEFATŠE
HO TLALA HA BATHO METSENG
Liketsahalo tsena, tseo ho seng tse tšoanang le tsona mehleng ea rona, li tlatselitse keketsehong e kholo ea bokhopo paleng eohle.