Ho se Utloe Batsoali—Na ke Pontšo ea Mehla ea Qetello?
“O TENG moloko o mong o rohaka ntat’a oona, o sa hlohonolofatseng le ’m’a oona.” (Liproverbia 30:11) Mantsoe ana ke tlhaloso e ntle ea moloko oa ho tloha ka 1914. Empa na ho tloha ka nako eo bacha ebile ba ikhethang ntlheng ee? Haeba ho joalo, lebaka ke lefe?
Lefatše la Rōna le Fetohang
Mehleng e fetileng, lelapa e ne e le setšabelo sa lerato le tšehetso. Ho ne ho se na pelaelo ka likarolo le boikarabelo ba litho tsa lelapa. Banna e ne e le bona bafepi. Basali ba bangata ba ne ba lula lapeng le ho hlokomela bana le mesebetsi ea letsatsi le letsatsi ea ntlo. Ba ile ba ruta bana ba bona lintho tsa bohlokoa le melao ea motheo. Hangata bana ba ne ba tšoarehile haholo ho sebetsa mesebetsi ea kamehla ea lelapa ’me ba ne ba sa kene linthong tse mpe haholo.
Liketsahalo tse qalileng kamor’a ho qhoma ha Ntoa ea I ea Lefatše ka 1914 li sentse boemo bona ba khotso le khotsofalo. Oa rōna ke moloko oa lintoa tse sehlōhō, ho tlōloa ha molao le likhaello tsa lijo kamoo Jesu a ileng a profeta. (Mattheu 24:4-14) Phello? Phetoho e khōlō ka ho fetisisa ea tsela eo re phelang ka eona. Mehla ena ea ha batho ba itsamaela koana le koana libakeng tse qalikaneng haholo e arohanya litho tsa lelapa tse etang ka bomong libakeng tse arohaneng haholo. Basali ba bangata ka baka la ho lokolloa ke mekhoa ea tsoelopele mesebetsing ea lelapa e liehang, ba ikhethela ho sebetsa ho e-na le ho lula lapeng. Mesuoe likolong le basebetsi ba litsi tse hlokomelang bana motšehare ba fetohile batsoali ba bobeli. Bana ba loana le ho teneha ha likofuto tsa motlakase li etsa mesebetsi ea ntlo ea letsatsi le letsatsi.
Liphetoho tsena tsa morao tjena li ekelitse boima haholo ka lapeng. Ho hlalana ho phahame haholo. ’Me ho joalo le ka malapa a tsamaisoang ke motsoali a le mong. ’Mè e mong ea lulang a le mong o bua tjena ka boima ba ho hōlisa ngoana u le mong: “Nako eo ke fihlang lapeng ka eona ke tsoa mosebetsing, bana ba ka ba na le lihora tse tharo ba tsoile sekolong. Ha ho tsela ea ho fumana hore na ba ’nile ba etsa joang. Kea tiisa morali oa ka ea lilemo li 16 o kopanela likamano tsa botona le botšehali le moshemane ea sehlopheng se le seng le eena, le hore mora oa ka ea lilemo li 13 o solla koana-le-koana ha sekolo se tsoile holong ea motse ea papali ea chelete.”
Likobese Tsa Moloko oa “’Na”
Mohlomong ha ho moloko o mong o kileng oa ruruha hakana ke “litokelo” tsa botho. Ka baka leo, ka maikutlo a setsebi se seng se tsebisahalang sa kelello, batsoali “ba se ba ntse ba lumella bana ba bona butle-butle hore ba phee khang le bona, hore ba hatise boikutlo ba bona le maikutlo, le hore e be ba sa utloeng ka mokhoa o itseng.” Na hona ho molemo?
Mohapi oa tlotla oa moputso oa Pulitzer seqapi Robert Coles o itse: “Batsoali ba bangata ba tšaba ho hōlisa bana ba bona ba le bang ka kholiseho ea bona le ka tumelo ea bona ea boitšoaro. Ba tšosoa ke litsebi tsena tsohle tse ngolang libuka ka kholiso ea bana ’me li ba bolella hore na ba etse joang.” Kaha ke liphofu tsa likhopolo tsa kholiso tsa bana tse khoehlileng, batsoali ba iphumana ba se ba ineela litšosong tsa bana ba bona–e le hore feela hamorao ba thulane le ’nete ea polelo ea Bibele e reng: “Mofo oa hao ha u mo etsa oa mpoane bocheng ba hae, hamorao o tla iketsa e mong oa bara ba hao.”—Liproverbia 29:21.
Liphello Tsa Thelevishene
Setsi sa Sechaba sa Bophelo ba Kelello se sa tsoa hatisa tlaleho e batlisisitsoeng hantle e reng “Thelevishene le Boitšoaro.” Tlaleho ea bontša hore TV, ntle ho ho hlasela likelello ka pefo e sa reng letho le boitšoaro bo bobe, e na le liphello tse ling tse tšoenyang bophelong ba lelapa. Ka mohlala, “mabakeng a mangata ka ho sisimosang,” qeto ea hore na ho tla shebelloa eng e tlohelloa ho bana, bao “hangata ba seng ba fetohile balaoli ba seo lelapa le tla se shebella; ba se ba fetohile ba etsang liqeto tsa lelapa.”
Buka e bitsoang Generation of Narcissus e bolela hore ho na le phello e ’ngoe e bolotsana ea TV. E bolela hore ka lebaka la thelevishene “bana ba latsoa seo ho thoe’ng ke lefatše la sebele, ba le shebelletse ba le sebakeng se ikhethang. Ke lefatše leo ho bonahalang le saroloha ho tloha ’meleng ea bona.” E, mohlomong ngoana eo e leng lekhoba la thelevishene o ba le pono ea bophelo ea boikhabi.
Mabaka ana kaofela ke a ferekantseng botsitso ba tlhaho ba bophelo ba lelapa. Empa na bacha ba hlile ba nkile bohato ba ho fetohela molao oa batsoali?
Ho Se Utloe—Ho Bonahalang le ho Ipatileng
‘Keketseho ea bokhopo’ har’a bacha ke pontšo e ’ngoe e totobetseng haholoanyane ea hore bacha ba bang ba fetohetse molao oa batsoali. (Mattheu 24:12) Ka mohlala, ho tlalehoa hore “kotara ea tlōlo ea molao e tebileng haholo Greater London (England) e etsoa ke bana ba sekolo.” Ho la United States “bana ba tšoaroang ka baka la pefo ea tlōlo ea molao . . . ba eketsehile ka 293% pakeng tsa 1960 le 1975; ’me tekanyo e akaretsang ea bana ba tšoaroang e hola ka 10% ka selemo—e kopola ea batho ba baholo habeli.” Litlaleho tse tsoang China li bolela ka bana “ba bolaeang, ba qhekellang, ba utsoang, ba betang, ba mokolang lithethefatsi le ba hlabang mekhosi.”
Ba bile ba befela le batsoali ba bona ka mokhoa o sebete ona. Setsebi sa kahisano Richard J. Gelles o ile a thusa ho tsamaisa boithuto bo ileng ba senola hore “bana ba fetang limillione tse 2-1/2 [United States] ho tlalehiloe hore bonyane ba kile ba otla motsoali hang. Hoo e ka bang batsoali ba 900 000 ba bana ba bacha . . . ba kile ba otloa ka litebele, ba shapuoa, ba rahuoa, ba otloa ka ntho e ’ngoe e boima, kapa ba tšosoa ka thipa kapa sethunya.” Liketso tsena tse bohloko li hatisa boprofeta ba Bibele ba hore mehleng ea qetello batho ba tla felloa ke “lerato la hlaho.” (2 Timothea 3:3) Qeto e neng e nyarosa ke qeto ea hore “kamoo ho bonahalang kateng, tsela eo ho lekanyetsoang lintho ka eona le eo li bontšoang li e nkile e nyenyefatsa boemo ba pefo ea ’nete ea bana ho batsoali.” (Mongolo o mosesaane ke oa rōna).—The Urban & Social Change Review, Moqolo 15, Nomoro 1, 1982.
Bootsoa ba likamano tsa botona kapa botšehali ke tsela e ’ngoe eo ka eona bana ba siteloang takatso ea batsoali ba bona. Phuputsong e ’ngoe ea bacha ba Amerika ba 160 000, karolo ea 31 lekholong e pakeng tsa lilemo tse 13 le 15 ea lumela hore e bile le likamano tsa botona kapa botšehali. Pakeng tsa lilemo tse 16 le 18, ho bile joalo ka karolo ea 58 lekholong. Ka ho tšoanang Japane e tlaleha hore “taba ea likamano tsa botona le botšehali e amang banana ba tlase lilemong e phahame ka tsela e bonoang ke mang le mang ka lilemo tse fetileng tse supileng.”
Bacha ba bang ba sebelisa ka lekunutu lino tse tahang kapa lithethefatsi tse fetolang batho makhoba. Hoo e ka bang karolo ea 43 lekholong e ipolela hore e tsuba matekoane. Bafuputsi ba fihlela qeto ea hore ho tsuba matekoane, “ke mokhoa oo bacha ba bangata ba fetisang nako ka oona kamehla.” Halofo ea lumela hore e ka thetsa batsoali haeba e botsoa hore na e tsuba matekoane.
Bacha ba bang, ba tsielitsoe ke batsoali ba batlang hore ba finyelle lintho tse khōlō empa ba sa ba tšehetse hakaalo, ka boomo ba fetohela batsoali ka hore ba se ke ba feta lihlopha sekolong. Ba bang ba ntse ba sa utloea ka ho hana ha ba phehelloa hore ba latele boitšoaro ba batsoali ba bona kapa litekanyetso tsa bona tsa bolumeli. Ke karolo ea 53 lekholong feela ho bao ho neng ho fuputsoa har’a bona ba itseng ba ka latela bolumeli ba batsoali ba bona. Ba bang ba re ba ke ke kapa ha ba tsebisise. Hona ke masoabi a makaakang ho batsoali! Hoo e ka bang karolo ea 17 lekholong feela ea re e thabela keletso ea batsoali ba bona litabeng tsa likamano tsa botona kapa botšehali; ba ’maloa ba ntse ba ka ’na ba kōpa keletso ea batsoali ba bona ka lithethefatsi. Maikutlo a loantšanang Joalo a fetola malapa mabala a ntoa.
Seo U ka se Etsang
Ka sebete re ka bolela hore oa rōna ke moloko o ikhethang, o hōliselitsoeng tlas’a maemo a ikhethang. Ho fetohela ha lefatše lohle ho se utloeng, hammoho le mapaki a mang ho re isa qetong e le ’ngoe feela ea hore re phela mehleng ea qetello.
Leha ho le joalo, Lipaki tsa Jehova li fumane hore ho ithuta Bibele—e seng maikutlo a kajeno a loantšanang a kholiso ea bana—ho li hlomella hore li sebetsane le mathata a kajeno. Li fumana molao oa Ba-Efese 6:1-4 e le oa bohlokoa le o sebetsang: “Bana, utloang batsoali ba lōna Moreneng; hobane ke ntho e lokileng. . . . ’Me lōna, bontat’a bana, le se ke la halefisa bana ba lōna; le mpe le ba hōlise ka ho ba laea le ka ho rutela Moreneng.” Ka baka leo, Lipaki li ka thabela ho u thusa ho qalisa boithuto bo hlophisitsoeng ba Bibele.
Le haeba ha u motsoali, boithuto ba Bibele bo tla u fumantša molemo haholo. Ho epa ka ho tsoetseng pele ka Lentsoeng la Molimo ho tla u thusa ho tloaelana le Molimo le merero ea oona. Ena ke tsela e bohlale, hobane Bibele e phehella hore: “Batlang ho loka, le batle boikokobetso; ekaba le ka tšoha le patoa tsatsing la bohale ba Jehova.”—Sofonia 2:3.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lentsoe la Segerike bakeng sa “ho se utloe” le hlile le bolela “boemo ba ho se phehelloe ho etsa ntho.”
[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 5]
‘Hoo e ka bang batsoali ba 900 000 ba bana ba tlase lilemong ba ile ba otloa ka litebele, ba shapuoa, ba rahuoa kapa ba tšosoa ka thipa kapa sethunya’
[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 7]
’Mè e mong ea lulang a le mong o itse: “Nako eo ke fihlang lapeng ka eona ke tsoa mosebetsing, bana ba ka ba na le lihora tse tharo ba tsoile sekolong. Ha ho tsela ea ho fumana hore na ba ’nile ba etsa joang”
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Batsoali ba ineetseng likhopolong tsa kholiso ea bana e nyehlileng ba atisa ho qetella ka ngoana oa mohatelli