Ho Nyarela ka Litabeng
Eva—Molekane Kapa Motlatsi?
“Ha Molimo o etsa qeto ea hore o tla bōpa sebopuoa se seng hore monna a se ke a ba mong, a etsa qeto ea hore o etsa ‘matla a lekanang le monna,’ e mong eo matla a hae a neng a tla lekana le a monna,” kamoo ho bolelang seithuti sa puo ea Bibele R. David Freedman ho Biblical Archaeology Review. Hona ho theiloe litlhalosong tsa hae tse ncha tsa mantsoe a mabeli a Genese 2:18, moo temana ea Seheberu e fetoletsoeng ka mokhoa o latelang: “Ke tla mo etsetsa mothusi” (Jerusalem Bible ea K’hatholike); “Ke tla mo etsetsa mothusi ea mo loketseng” (New Jewish Publication Society); “Ke tla mo etsetsa mothusi, e be motlatsi oa hae)” (New World Translation); “Ke tla mo etsetsa molekane.”—Bibele ea Sesotho.
Ka ho hlakileng, maikutlo a Freedman a hore mosali o ile a etsoa ka ‘matla a lekanang le a monna’ ha a lumellane le maikutlo a boholo ba liithuti tse fetoletseng Bibele. Ha a hlalosa ka lebaka leo mohlomong le susumelitseng maikutlo ana a sa tloaelehang, mohlophisi le mofetoleli oa Bibele Birger Pearson ho tlalehoa a itse phetoho e joalo “e ne e ke ke ea hlahela mang kapa mang ho fihlela linakong tsa morao haholo,” ’me hona joale ka lebaka la bohato ba tokoloho ea basali.
Karolo ea mosali e le ‘mothusi, motlatsi’ oa monna e tšehetsoa ke lipolelo tse fumanoang libakeng tse ling Lentsoeng le bululetsoeng la Molimo. Ka mohlala, moapostola Petrose ha a ka a tšehetsa mohopolo oa hore mosali o entsoe ka ‘matla a lekanang le a monna,’ empa a phehella hore: “Le lōna banna, le phelisane le bona [basali ba lōna] ka hlokomelo, ka ho re, mosali ke pitsa e fetisang ka ho fokola.” (1 Petrose 3:7) Empa karolo ea mosali e le motlatsi ha e mo etse sebopuoa se tlase. Ha e le hantle, o na le litšobotsi tse tlatsang tsa monna tokisetsong ea Molimo.—1 Ba-Korinthe 11:3, 11, 12; Ba-Efese 5:21-33.
Keletso ea Mok’hadinale
Lengolong le hatisitsoeng ho Hoja Diocesana, Mok’hadinale oa Madrid Terancón o eletsa babishopo hore “ba hopotse Bakreste litšoanelo tsa bona, e seng ho Molimo le Kereke feela, empa hape le libakeng tsa bopolotiki.” Hobane’ng? Mok’hadinale o re: “Ke lumela hore nako eo re phelang ho eona [pelenyana ho likhetho tse akaretsang] e hloka hore ho hlakisoe e le hore ho se be ea lebalang tšoanelo ea hae. Ho se ee [likhethong] ka mabaka a bolumeli kapa a ho rata naha hase toka.” Joale a phaella: “Rōna babishopo re batla se molemo haholo bakeng sa lefatše la bo-ntat’a rōna . . . ’me re tlameha ho thusa hore se fumanehe.”
Hona ho fapana hakaakang le mantsoe a Jesu Kreste! Ho bao e neng e tla ba balisa ba ’nete ba mohlape oa Bokreste, o itse: “Ereka ha le se ba lefatše, ke mpa ke le khethile lefatšeng, ka baka leo lefatše le le hloile.” Ho e-na le ho eletsa balateli ba hae hore ba ‘batle se molemo bakeng sa lefatše la bo-ntat’a rōna,’ Jesu a ba pheella: “Le mpe le batle ’muso oa Molimo pele.”—Johanne 15:19; Mattheu 6:33.
Likamano Tsa Lelapa Kajeno
Leqepheng le leng ho The New York Times haufinyane, ho ile ha hlaha lihlooho tse peli ka malapa. Se seng, se re “Polao ea Masea China,” se bua ka “tlaleho ea litaba likoranteng tsa China” e buang ka ho bolaoa ha bana ba banana le ho tlatlapuoa ha bo-’mè ba bona. Se re, ka lebaka la ho kenngoa ha mokhoa oa ’muso oa ho fokotsa baahi, “masea a mangata a banana a bolailoe, a qoelisoa kapa a lahloa feela hore a shoe, ’me palo ea basali ba bangata e ile ea tlatlapuoa habohloko.”
Sehlooho se seng, se re “Ho Tšehetsa Batsoali,” se hlahisa likhanyetso tokisetsong ea ’Muso oa U.S. ea ho fokotsa litšenyehelo tsa thuso ea sechaba bongakeng ka ho hloka hore “litho tse hōlileng tsa lelapa li thuse beng ka tsona” mabakeng a mang. Khang e ’ngoe ke hore “bana ha ba ikhethele batsoali kapa hona hore ba tsoaloe. Ha ba kene tlamong ea mofuta ofe kapa ofe oa ho khutlisa molemo.” Batho ba lokela hore ba inahane ka hore na ba tla itlhokomela joang ha ba tsoa mesebetsing le botsofaling, kamoo sehlooho se bolelang, ’me ba se ke ba ‘khokoa’ ke batsoali ba bona ba tsofetseng.
Le hoja bangoli ba ka ’na ba e-ba le maikutlo a sa tšoaneng ka likamano tsa batho, na ho na le mabaka a mang bakeng sa ho tlatlapuoa ha masea a banana le bo-’m’a bona le ho hlokomolohuoa ha batsoali ba tsofetseng? E, ho isa bonyane tekanyong eitseng, lintho tsena li etsahala ka lebaka la hobane batho ba fetohile “baithati” ’me ha ba na “lerato la hlaho,” joalokaha Bibele e hlile ea bolela. Liphetoho tse joalo ke bopaki bo bong ba hore ruri ea rōna ke ‘mehla ea qetello.’—2 Timothea 3:1-3.