E ka U Thusa ho Etsa se Nepahetseng
Haufinyane lengolo le neng le ngotsoe le ea ho “Bahatisi ba Ratehang” le ile la amoheloa ke ntlo-kholo ea khatiso ea Watch Tower Bible and Tract Society. Le re:
“Ke sa tsoa qeta ho bala buka ea lona e bitsoang Bocha ba Hao—ho Fumana se Molemohali ho Bona. Ke rata ho le tsebisa hore ke ile ka thabela ho e bala haholo. Buka e nthusitse ho utloisisa lintho tse ngata bophelong tse neng li ’makatsa le ho ntšosa.
“Tsatsi le leng le le leng ke leka ho etsa lintho tse nepahetseng, empa hangata ke haelloa ke ho phethahala. Hoba ke qale ho bala buka ena, ke ile ka lekoa ke batho ba bang ba neng ba batla hore ke eo bona libaesekopo tse bonoang feela ke batho ba lilemong le bona. Ka batla ke e-ea, empa ka lebaka la buka ena ka rera hore nke ke ka ea ho ea bona libaesekopo tsena.
“Buka ena e utloisisoa habonolo hobane e fana ka mehlala ea lintho tseo ke li tsebang. Ke thabela ho bala tse ling tsa libuka tsa lona. Ke kōpa le nkeletse hore na nka fumana tse ling tsa libuka tsena tse ntle hokae. Kea leboha!”
U ka fumana buka ena e seng e tsoile ka likopi tse fetang limillione tse 18. Tlatsa feela ’me u romele setlankane sena.
Ka kopō nthomelleng poso e lefelletsoe, buka e sekoahelo se thata, e maqephe 192 Bocha ba Hao—ho Fumana se Molemohali ho Bona. Ke kentse lisente tse 90.