Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 12/15 leq. 30
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Hlompha “Seo Molimo a se Kopantseng Hammoho”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • Pono ea Hao ka Botona kapa Botšehali—E Etsa Phapang ea Eng?
    Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—U Ka Li Fumana Joang?
  • Haeba Lenyalo le le Mothating oa ho Qhalana
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Talima Lenyalo e le le Halalelang?
    Tsoha!—2004
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 12/15 leq. 30

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

■ Haeba mosali oa Mokreste ea tšepahalang a hlaliloe ke monna oa hae, leha ho se ea molato oa bofebe, na ho loketse ka Mangolo hore a kopanele liphate tsa lenyalo le eena ha a chaketse lelapa?

Lentsoe la Molimo le bontša ka ho hlaka hore likamano tsa botona le botšehali li loketse feela pakeng tsa monna le mosali, e seng pakeng tsa batho ba sa nyalanang. Ka baka leo, ba babeli ba hlalaneng ha ba lokela ho ba le likamano tsa botona kapa botšehali le e mong, ka ha hoo ke bohlola, empa bo sa ba lokolleng hore ba ka nyala hape.

Ka ho utloahalang, Bakreste haholo-holo ba amehile ka pono ea Molimo le litsela tsa hae. Lentsoe la hae ka ho toba lea eletsa: “Lenyalo a le ke le hlomphehe har’a batho bohle, le liphate li hloke litšila; hobane Molimo o tla ahlola baboki le bafebi.” (Ba-Heberu 13:4) Ha re hlokomeleng hore na hoo ho na le matla a makae holim’a boemo bo hlahisitsoeng potsong.

Likarolong tse ngata tsa lefatše ho tloaelehile hore monna le mosali ba kopanele likamano tsa botona le botšehali ntle ho lenyalo. Ba bang ba bolela hore hona e ntse e le boitšoaro bo loketseng le bo amohelehang ho Molimo ha feela ba babeli ba “ratana” kapa ba itlamme e mong ho e mong. Leha ho le joalo, hona hase pono ea Bokreste. Ba ananela hore “Molimo o tla ahlola baboki le bafebi,” Bakreste ba rata ho qoba bofebe le bohlola.

Ha monna le mosali ba nyalana ba tiisa ka pele ho bohle hore ba kopane joale ka monna le mosali. Mahlong a molao, a batho le Molimo, ba na le tokelo ea ho kopanela melemo ea lenyalo, ho kopanyelletsa le likamano tsa lenyalo. Haele hantle, Mangolo a khothaletsa balekane ho se hanelane ka tokelo ea likamano tsa botona kapa botšehali: “Monna o lokela ho khotsofatsa mosali oa hae ka likamano tsa botona. Ka tsela e tšoanang, mosali o lokela ho khotsofatsa litakatso tsa likamano tsa botona le botšehali tsa monna oa hae.”—1 Ba-Korinthe 7:3, Simple English Bible.

Ho thoe’ng teng ha ba babeli ba arohana feela, e leng ho lumellehang ka molao linaheng tse ling? Ka ha e ntse e le monna le mosali ka molao le ka Mangolo, ba tlameha ho se kopanele likamano tsa lenyalo le mang kapa mang, hobane ho etsa joalo e tla be e le bofebe bo tla ‘silafatsa liphate tsa bona tsa lenyalo.’ Empa ba babeli ba arohaneng ba na le boikhethelo ba ho boelana hape le ho phela hammoho joale ka ba babeli ba nyalaneng, kamor’a ho hlakola karohano ea bona.—1 Ba-Korinthe 7:10, 11.

Nahana hape ka boemo ba ha molekane e mong, ka mohlala monna, a nkela litaba pele ho feta karohano ’me a hlala. Mosali ea tšepahalang oa Mokreste eo hamorao a tsebang hore (pele kapa kamor’a ho mo hlala) monna o ne a sa tšepahale boitšoarong a ka nyaloa hape, a hlokomela lenyalo la hae la pele le felile ka molao le mahlong a Jehova Molimo. Ka lehlakoreng le leng, haeba ho bile le tlhalano ea molao empa ho se bofebe, tlhalano ka boeona e ke ke ea khaola lenyalo ponong ea Molimo, hobane Bibele e bontša hore boitšoaro bo bobe ba molekane e mong ke oona feela mothèo o matla bakeng sa tlhalo.—Mattheu 19:6, 9.

Boo ke boemo ba taba e potsong hobane e boletsoe hantle hore ha hoa ba le boitšoaro bo bobe. Monna o siile mosali oa hae ’me a fumana tlhalo eo e seng ea mangolo. Ka baka la tlhalo eo ha e sa le monna le mosali ka kutloisiso e tletseng, hobane o khaotse lenyalo ka molao. Joale ho thoe’ng haeba a chakela lelapa la hae ’me a batla ho khotsofatsa litakatso tsa hae kapa tsa mosali tsa botona kapa botšehali? Bakeng sa bona ho ba le likamano tsa botona kapa botšehali, ka molao le ponong ea batho ka kakaretso, ho tla tšoana le ha batho ba babeli ba sa nyalanang ba e-ba le likamano tsa botona le botšehali; ho tla tšoana le bohlola.

Boemong bo joalo motho oa boraro ha a amehe, joale ka ha a ne a tla hlokahala ho tiisa taba ea Mangolo tlhalong ea molao; ka hona mahlong a Molimo e ka ba monna kapa mosali ha a lokoloha hore a ka nyala motho e mong osele. (1 Ba-Korinthe 6:16-18) Empa ho ba ha bona le likamano tsa botona le botšehali e tla be e le ho hlokomoloha keletso ea Molimo; ho ea boholeng bo itseng ba tla be ba silafatsa liphate tsa lenyalo ka ha lenyalo la bona la molao le feletse ka tlhalano. Boitšoaro bona bo tla tlisa thohako ho bona le holim’a phutheho ea Bokreste eo mosali e neng e le karolo ea eona. Ka hona, bakeng sa hore a ’ne a lule ka phuthehong, mosali o lokela ho qoba likamano tsa botona le botšehali ntle leha lenyalo le ka tiisoa hape. O lokela ho ema a tiile Mangolong le boitšoarong hore likamano tsa botona le botšehali li lokela ho lekanyetsoa feela ho balekane ba lenyalo la molao. Ka hoo o tla ekelletsa tlhomphong eo Bibele e bontšang hore lenyalo le na le eona.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela