Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w84 1/1 maq. 3-4
  • Na Tšabo e-ea U Ama?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Tšabo e-ea U Ama?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tšabo na ke Pontšo ea Bofelo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Mehla ea Qetello
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Bibele e Re’ng ka Ntoa ea Nuclear?
    Lihlooho Tse Ling
  • Tšabo—Hona Joale e Atile Empa e Seng ka ho sa Feleng!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
w84 1/1 maq. 3-4

Na Tšabo e-ea U Ama?

“HO NA le likoluoa tse khōlō lefatšeng kajeno.” Ke kamoo ho ileng ha ngola René Dubos, mohlalefi le mofilosofe bukeng ea hae Celebrations of Life. A tsoela pele: “Ha e le hantle, leha ho le joalo, boholo ba mesarelo e teng hona joale, ha bo hlahisoe ke mathata ao re hlileng re leng har’a oona empa ke likoluoa tse e-song ho etsahale, ’me mohlomong li ke ke tsa etsahala.” Ka mantsoe a mang, motho o tšohile nako e tlang hobane a phela a sa tsebe hore na ho tla etsahala ke hofe ’me a ke ke a ho laola.

Ho ea ka mantsoe a Dubos, tse ling tsa likoluoa tse bonahalang eka li tla etsahala ke life? “Re hlile re tšoenyehile haholo ka ntoa ea libetsa tsa ‘nuclear’ e ka ’nang ea etsahala le ka likotsi tse hlileng li tebileng liboping tsa ‘nuclear’ . . . Bohle re tšoenyehile hobane re lebelletse hore maemo a lefatše a tla nyotobela haeba baahi le mahlale a mesebetsi e meholo li ntse li eketseha ka tsela eo li eketsehang ka eona hona joale. Baahi ba lefatše ba tloha ba petetsana ’me mehloli ea tseo le li hlahisang e fele: ho tla ba le tlala ea sekoboto.” Le hoja René Dubos ka boeena a e-na le tšepo ka nako e tlang, o hlokomela hore ‘boholo ba lefatše bo phela har’a mesarelo.’

Alvin Toffler, setsebi sa kahisano le sengoli, o qetile lilemo tse hlano a botsa batho ba fapa-fapaneng hore na liphetoho le nako e tlang li ba ama joang. “Bahapi ba meputso ea tlotla, mahipi, lingaka tsa mafu a kelello, lingaka feela, bahoebi, litsebi tsa nako e tlang, bahlalefi le matichere ba boletse hore ba amehile ka phetoho ena, ba na le lipelaelo ka ho fetohela boemong bo teng, ba tšohile nako e tlang.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Phuputso ea hae ea mo pakela hore pelaelo le tšabo ka nako e tlang li tloaelehile.

Boikutlo bona ba tšabo boo motho a bileng har’a bona lekholong lena la lilemo bo hlile ba boleloa ke Jesu Kreste hantle lilemong tse fetileng tse 2 000. O ne a profetile hore tempele e Jerusalema e tla senngoa ’me barutuoa ba hae ba thahasella ho tseba hore “na tseo li tla etsahala neng, ’me pontšo e tla ba efe ea hoba tseo li se li tla hlaha?”—Luka 21:7.

Karolong ea pele ea karabo ea hae Jesu a pheta liketsahalo tseo ba bangata molokong oo ba ileng ba phelela ho li bona, Empa a ipha sebaka ka potso ea bona ho akarelletsa liketsahalo tse tla nka lefatše lohle tse sa tlo bonoa feela ke moloko oo oa ho qetela oa Bajode ba rapelang tempeleng, empa, habohlokoa haholo, ke ba neng ba tla phela ho fihlela bofelong ba tsamaiso ea hona joale ea lefatše. A lemosa: “Lipontšo li tla ba teng letsatsing, le khoeling, le linaleling; le lefatšeng lichaba li tla tsieleha, li be le matsoalo, leoatle le ntse le luma le maqhubu a lona. Batho ba tla neela moea ke tšabo le ke tebello ea tse tla tla lefatšeng; hobane tse matla tsa leholimo li tla sisinyeha.”—Luka 21:25, 26, 32.a

Ka ho totobetseng, melokong e fetileng batho ba ’nile ba phela ka tšabo—tšabo ea lintoa tsa libaka, likoluoa, litlokotsi, le liphetoho bophelong ba batho. Empa na moloko oa 1914 o ile oa hlokomela ntho e ’ngoe e fapaneng? Ka sebele, hobane “lefatše” lohle leo ho ahiloeng ho lona, lichaba tsohle, li amehile ho tloha moo. (Luka 21:25, 26) Ho penyellelitsoe ho hongata haholo lilemong tse fetileng tse 69 hoo batho ba baholo ba boneng hona hohle ba ferekaneng ba bileng ba tšohileng. ’Me joale, ka lebaka la tšokelo ea libetsa tse chefu, batho ba lilemo tsohle, le bona bana, ba tsietsing ea hore na ba tla phela nako e kae. Ke ka nepo ho ileng ha boleloa hore maikutlo a busang lekholo la lilemo la bo20 ke TŠABO.

Empa mohlomong u nahana hore re feteletsa litaba. Na tšabo ea hona joale le ea nako e tlang e atile hoo re ka lumelang hore e phethahatsa boprofeta ba Jesu? Na kannete ke karolo ea bopaki ba hore re mehleng ea bofelo? Na ena ke nako ea ha “batho ba . . . neela moea ke tšabo le ke tebello ea tse tla tla lefatšeng”?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bibele ea Spanishe ea K’hatholike Cantera-Iglesias e na le seo e se ngotseng tlase ho leqephe ka tlaleho eona ena ho Mattheu khaolo ea 24. E re: “Bokhabane ba tempele bo nea Jesu monyetla oa ho profeta ka tšenyeho ea eona; barutuoa ba botsa hore na tšenyo eo e tla ba neng (Mt 24 temana ea 3), ’me ka potso eo o kenyelletsa sehlooho sa koluoa ea bofelo ba lefatše, nako ea bona le lipontšo tsa selelekela.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela