Tšabo na ke Pontšo ea Bofelo?
NA RE phela mehleng ea ho se tsitse le ho belaela ka hore na ho tla etsahala ke hofe eo ‘batho ba neelang moea ke tšabo le ke tebello ea tse tlang lefatšeng’? Tlhahlobo e khutšoanyane ea liketsahalo tsa lefatše le lintho tse susumeletsang tšabo ho tloha ka 1914 e tla hlaphola mehopolo le ho re thusa ho bona hore na re hlile re atamela “bofelo” bo hlileng ba boleloa.—Luka 21:9, 25, 26.
Tšabo le Ntoa
Lifika tsa bafu ba shoeleng Ntoeng ea l ea Lefatše France li na le mantsoe “la Grande Guerre.” E, seo hona joale re se bitsang ntoa ea pele ea lefatše (1914-18) pele se ile sa bitsoa Ntoa e Khōlō. E ne e le khōlō, e tšabeha ka mafu le tšenyo hoo batho ka tšepo ba ileng ba e bitsa ntoa e tla felisa lintoa. Kamor’a thuto e bohloko hakaalo, ruri ho ne ho nahanoa hore motho ea tsoetseng pele ‘a ke ke a hlola a ithuta ntoa.’ (Esaia 2:4) Ho ne ho hlokahala lilemo tse ling tse 18 feela ho qhala tšepo eo ka ho qhoma ha Ntoa ea Spain e tšabehang (1936-39) eo ho ileng ha shoa batho ba Spain ba fetang halofo ea millione. Majeremane le Mataliana a kopanela ntoeng eo, e ileng ea sebeletsa e le ho itokisetsa se neng se tla bitsoa ntoa ea bobeli ea lefatše. (1939-45) Koluoa eo ea lefatše ea fella ka ho rinngoa ha Hiroshima le Nagasaki.
Ka ho phatloha hoo ha liqhomane tsa athomiki holim’a Japane, mohloli o mocha oa tšabo le pelaelo oa oela lefatše—tšabo ea ntoa ea athomiki. Mantsoe a Moprofesa Albert Einstein e bile ’nete hakaakang ka Tšitoe 1945: “Lefatše le ile la tšepisoa hore le tla lokolloa tšabong, empa ha e le hantle tšabo e eketsehile ka matla ho tloha ho feleng ha ntoa”! Joale a eketsa, “Ponahalo ea lefatše la rōna ka morao ho ntoa e lerootho.”
Tšabo eo e phahameng e bontšoa kajeno ke batho ba limillione lefatšeng lohle ba etsang lipontšo khahlanong le lihlomo tsa “nuclear.” Le bona baruti baa ameha tabeng. E, lihlomo tsa “nuclear” li fetotse lipolotiki tsa lefatše le mahlale a ho loana. Joalokaha ho boletse mongoli oa histori E. P. Thompson bukeng ea hae ea haufi tjena Beyond the Cold War: “Lihlomo tsena li sebetsa har’a lipolotiki, likhopolo le mahlale a ntoa; li bonoa li tšosa ’me li reretsoe ho ba joalo; lia tšosa ’me ka nako eona eo li khothalletsa le ho tsielehisa boikutlo ba ntoa.”—Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.
Lefatše lohle le tšohile ntoa ea “nuclear.” Bukana ea haufi tjena ea Russia e tsoa re: “Russia e lumela hore ntoa ea ‘nuclear’ e tla ba tlokotsi ea lefatše lohle, le hore mohlomong ke phelo ea tsoelopele. E ka ’na ea isa ho bolaoeng ha batho bohle.” Hona joale mahlakore a mabeli a nang le maikutlo a bopelane ka ho tšabana ho theiloeng ho se bitsoang Thipitlo e Kopanetsoeng. Hase feela batho ba ‘tšohileng le ho lebella lintho tse tla tla lefatšeng.’—joalokaha Jesu a profetile.
Tšabo le Bonokoane
Ho na le tšabo ea mofuta o mong e haufi le batho haholo. Ke efe? Tšabo ea bonokoane sebakeng sa heno. Ho na le nako eo ka eona lesholu le thuhang, kapa lesholu feela, le neng le nka lintho tsa bohlokoa feela. Hona joale le nka le bophelo. Ha ho tšajoe molao hakaalo, ’me ba bang ba fumana moputso o moholo ka bonokoane. Ke kahoo tšabo ea sebele e kenang ka botebo metseng e meholo. Ka mohlala, palo ea batho ba sebelisang tsela e tsamaeang ka tlase ea New York e theohile haholo ho tloha ka 1917. Hobane’ng? Le leng la mabaka a sehlooho ke ho tšaba ho utsoetsoa ka tlhekefetso kapa ho bolaoa. Tlaleho e tsoang Brithani e re: “Moea o hlokahalang haholo oa kahisano o senngoa ke ho tšaba bonokoane bo koallang batho ba bangata ka tlung.” Le metseng e neng e sireletsehile joaloka Barcelona, Spain, ho rekisoa ha mamati a sirelelitsoeng ho eketsehile, ’me malapa a mangata hona joale a na le liloko tse peli kapa tse tharo. United States basali ba bangata ba ithuta ho sebelisa lithunya hore ba itšireletse. Patlisiso e ’ngoe e bontša hore karolo ea 52 lekholong ea malapa a Amerika e na le lithunya! Tlaleho eona eo ea lemosa, “ho tšaba bonokoane ho ntse ho tsitsipanya batho ba Amerika butle-butle.”
Bangoli ba bululetsoeng ba Bibele ba tsebile hore maemo a feteletseng joalo a tla otla mehleng ea bofelo. Ke kahoo moapostola Pauluse a ileng a lemosa hore: “Tseba hona: mehleng ea bofelo ho tla ba le linako tsa bothata. Batho e tla ba baithati, ba ratang chelete, baithorisi, baikhantši, banyefoli, ba sa utloeng batsoali, ba hlokang teboho, ba sa halaleleng. E tla ba batho ba se nang lerato, ba hanang ho boelanngoa le ba bang, ba buang batho hampe, ba hlokang boitšoaro, ba hlaha, ba hloileng tsohle tse lokileng.” (2 Timothea 3:1-3, Phet. e Ncha) Ke bonokoane bo bokae bo susumetsoang ke seo moapostola a se thathamisang mona! ’Me ke tšabo e kae e jetsoeng ke baahi ba ntseng ba eketseha ba linokoane!
Tšabo le Khaello ea Mesebetsi
Lebaka le leng le jalang tšabo le pelaelo lekholong la bo20 la lilemo ke ho se tsitse ha moruo oa lefatše, o fellang ka bophahamo bo fetisisang ba nala le ho theoha ho tepeletsang ho siileng ba limillione ba se na mesebetsi. Le bona ba sebetsang hangata ba ikutloa ba sa sireletseha. Potso e tšoenyang, e botsoang hangata ke hore ‘Ekaba ke mang ea tla lelekoa mosebetsing kamoso?’ Ka batho ba bangata hakana ba phela ka mekitlane, kotsi ena ea sebele e baka lipelaelo tsatsi le leng le le leng. Ho na le ba fetang limillione tse 30 ba sa sebetseng lichabeng tsa bophirimela feela. Mohlalosi e mong o bile a fana ka temoso e nyahamisang ea hore ba bangata ho ba sa sebetseng mohlomong ba ke ke ba hlola ba sebetsa hape!
Libanka tsa machaba li tšohile ha li shebella linaha tse fapa-fapaneng li ntse li chona. Joalokaha ho tlaleha The Guardian, “ka kakaretso lilemong tse fetileng tse tharo hoo e ka bang linaha tse 25 li ile tsa tlameha ho kōpa hore libanka le mebuso e eketse nako ea ho lefa melato ea tsona, boholo ba tsona li tlameha ho ea ka makhetlo a fetang le le leng.” Ka lebaka leo boemo ba moruo ke lebaka le leng hape le phethahatsang mantsoe a Jesu hore “batho ba tla neela moea ke tšabo le ke tebello ea tse tla tla lefatšeng.”
Tšabo le Sepaka-paka se Kantle
Tšabo ea motho le lipelaelo ha li tsoe feela mathateng a hae a lefatšeng. Ho tloha ka 1914 makhotla a tšosang le a senyang a ’nile a tšolohela fatše lintoeng tse peli tsa lefatše le likhohlanong tse ling tse ngata tse khōlō. Empa hona joale tšokelo e tloha holimonyana haholo—e hlaha sepaka-pakeng se ka ntle. Koranta e tsoang ka letsatsi ea Spanishe El País e sa tsoa ba le sehlooho se reng “Sepaka-paka, se Tloha se Fetoloa Lebala la Taolo ea Ntoa.” Sehlooho sa tsoela pele: “United States le Russia kahoo li nkile bohato bo bong hape tlhōlisanong ea lihlomo tsa bona tsa ntoa hoo lintlha tsa bona tsa ntoa li shebiloeng ka matla ka tsela e khethehileng likhoeling tsa morao tjena. Ho ka boleloa hore mehla ea ho fetola sepaka-paka sebaka sa ntoa e qalile.”
Kotsi e tsoang sepaka-pakeng se ka ntle e tiisoa ke polelo e entsoeng ke Leftenente-kakaretso Richard C. Henry, motlatsi oa taolo ea sepaka-paka ea U.S., ea itseng: “Sepaka-paka ha e sa le moo ho etsoang liphuputso, ke tulo. Ke lebala leo ho lokisetsoang ntoa ho lona. Joale ho fihlile nako ea hore re se tšoare joale ka lebala la tokisetso ea ntoa.” ’Me Mookameli Robert T. Marsh, molaoli oa Litsamaiso tsa Sesole sa Moeeng, a tiisa: “‘Shuttle’ ea sepaka-paka e tla fetola tsela eo re sebetsang ka eona. Re tla itšetleha ka eona bakeng sa ho tsoibila hoo e ka bang thepa eohle ea rōna ea ntoa.” Lipolelo tsena li bontša hore sepaka-paka se ke ke sa hlola se talingoa e le lephaka le se nang kotsi. Joalokaha mongoli-kakaretso oa Machaba a Kopaneng a lemositse hore: “Re tlameha ho hanyetsa ka matla hore sepaka-paka sa rōna se fetoloe sebaka sa ntoa ka ho eketsehileng. Re sa na le nako—empa e khutšoanyane haholo.” Ke nako feela e tla bolela hore na ke lipontšo life hape tse tla bonahala “letsatsing, le khoeling, le linaleling” tse tla baka matsoalo le tebello.—Luka 21:25.
O Fapane le Meloko ea Pele?
Ba bang ba batla ba hanyetsa litemoso tsa Bibele, ba bolela hore meloko ea pele e ’nile ea e-ba litlokotsing tse tjena le hore tšabo ea hona joale le pelaelo ha se pontšo ea bofelo boo Jesu a hlileng a bo bolela. Ruri ke ’nete hore meloko ea pele e ’nile ea e-ba le likoluoa. Lekholo la lilemo la bo14 e ne e le nako ea Kotlo e Ntšo e ileng ea oela batho ho haola Europe ba phela ba tšohile likokoanyana tse senyang, tlala le lintoa. Empa ak’u bapise hore na lintho li khōlō hakae lekholong la rōna la lilemo.
Mohlalefi René Dubos o sa tsoa ngola hore: “Ke tšoenyehile haholo joaloka mang le mang ke meleko e likete ea mathata a kahisano, tšebeliso ea mahlale le tikoloho. . . . Hape ke hlokomela hore litšobotsi tse ngata tsa mathata a hona joale li a etsa a fapaneng le a nakong e fetileng ka bongata le ka sebopeho. Ka mohlala: . . . Mathata a kajeno ha a sa le mona le mane le lihlopheng tse nyenyane tsa baahi ba lefatše.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) A boela a thathamisa liphello tse kotsi tse lefatšeng lohle tsa lintho tse kang mahlaseli a itseng, pula e kulisang le likokoanyana tse senyang lijalo. Lebaka le leng ke hore e be lichaba li itšetlehile se seng ka tse ling haholo hakana hoo li angoang ke tlokotsi e le ’ngoe e kang e ileng ea tebisoa ke ho nyoloha ha theko ea oli ka 1973. Ho ne ho se joalo melokong e fetileng. Ka baka leo ho hang hase ’nete hore meloko ea nakong e fetileng e ile ea angoa ke tšabo le tebello ea nako e tlang ka mokhoa o tšoanang le oa kajeno, le ka lebaka leo Jesu a le boletseng ho Luka 21. Ha ho moloko o tlileng pele ho 1914 o ileng oa tseba ntoa ea lefatše, re se re sa re tse peli. Ha ho moloko o kileng oa talimana le bohlanya ba “thipitlo e kopanetsoeng” ka lihlomo tsa “nuclear.” Ha ho moloko oa pele o kileng oa senya lefatše ka litšila tse tletseng hohle hakana le tšenyo.—Tšenolo 11:18.
Lebaka le leng hape la bohlokoa—ha ho moloko o mong o kileng oa bolelloa ‘litaba tse molemo tsa ’muso lefatšeng lohle e le bopaki’ ka mokhoa o moholo hakana. (Mattheu 24:14) Lipaki tsa Jehova li etsa hoo ka mokhoa o molemo hona joale linaheng tse fetang 200, sechabeng se seng le se seng moo Molimo o entseng hore ho be joalo. Leo ke lebaka le leng leo ka lona u balang makasine ona hona joale. Molaetsa oa Molimo oa tšepo le kahlolo o boleloa ka nako e loketseng. Eo ke pontšo e tiileng ea hore bofelo bo haufi le ho tla. E be joale ho salletse eng? Jesu o-oa arabela: “Ha le bona tseo li hlaha, le tsebe hoba ’muso oa Molimo o haufi.”—Luka 21:29-33.
Haeba u batla ho tseba haholoanyane ka taba ena e thahasellisang, ikutloe u lokolohile ho ngolla bahatisi ba makasine ena kapa u teane le phutheho ea heno ea Lipaki tsa Jehova Holong ea ’Muso ea tsona. Ntle ho boitlamo ba eng kapa eng, lipotso tsa hao li tla arabeloa.
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Ho ea ka patlisiso e ’ngoe, malapa a 52 lekholong a Amerika a na le lithunya
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
‘Sepaka-paka hase sebaka sa liphuputso—ke lebala la tokisetso ea ntoa’