E Thusa Monna oa Hae
Na u na le litho tsa lelapa tseo u ratang ho li thusa moeeng? Hona joale ho na le mohloli o matla haholo oa thuso, joalokaha ho bontšoa ke mangolo a amoheloang, a kang le latelang:
“Ke ne ke sitoa ho pata thabo ea ka ho hang ka buka e ncha ‘U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng.’ E ntle hoo ke ileng ka ikutloa hore ke tlameha ho ngola. Ke kolobelitsoe ka Tšitoe 1981 ’me ka ithatela eona. Empa monna oa ka, ea neng a lekile ho mamela libuka tse ling empa tsa se ke tsa mo khahla, o mamela khaolo hoo e ka bang mantsiboea a mang le a mang ’me o e rata haholo! Mokhoa oo e ngotsoeng ka oona o ipiletsa haholo, o-oa utloahala, o-oa khahlisa hoo u nyakallelang ho bona se tlang khaolong e latelang. Ke le leboha hape ka buka e ntle hakana.”
Hona joale, ka selemo se le seng feela, ho se ho hatisitsoe tse fetang limillione tse 12 ka lipuo tse fetang 30. Iphumanele ea hao, ’me u tla utloisisa hore na ke hobane’ng ha e rateha hakana.
Ka kōpo, nthomelleng, poso e lefelletsoe, buka e sekoahelo se thata e maqephe a 256, U ka Phela ko ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng. Ke kentse R3.