Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w84 1/15 maq. 3-6
  • Ke Eng e Atisitseng ho Ipolaea?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Eng e Atisitseng ho Ipolaea?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Maikutlo a Bolaeang
  • Ho Khathala Matla, Ho Ikutloa Molato le ho Tepella
  • Mabaka a Mang a ho Ipolaea
  • Tsela ea ho Tsoa
  • Ho Ipolaea—tlokotsi ea Bacha
    Tsoha!—1998
  • Bothata ba Lefatše ka Bophara
    Tsoha!—2001
  • Lebaka Leo ka Lona Batho ba Telang Bophelo
    Tsoha!—2001
  • Ho Ipolaea—Seoa se Ipatileng
    Tsoha!—2000
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
w84 1/15 maq. 3-6

Ke Eng e Atisitseng ho Ipolaea?

NTATE oa Bruce e ne e le mohoebi ea atlehileng bophelong bohle ba hae. Pelenyana, lenyalo la hae le ’mè oa Bruce le ne le ile la qhalana ’me a nyala mosail e monyenyane. Empa a ’na a bontša hore o thahasella bana ba hae, ka lekhetlo le leng a bile a leka ho thea khoebo le bona. Eare ha a le lilemong tse 50, bophelo ba hae ba fetoha haholo. Khoebo e ’ngoe ea hae ea oa, ’me a qoela melatong. A kenngoa sepetlele ka matsatsi a seng makae empa a hana ho bolella mang kapa mang hore na molato ke eng. Eaba mosali oa hae e monyenyane o-oa ikela. Eena a ipolaea.

Bruce o re: “Ke lakatsa eka nka be ke ile ka etsa ho hoholoanyane ho mo thusa. Hore a boele a qalise hape ho nyoloha khoebong lilemong tseo a neng a le ho tsona e tlameha e be ho ile ha bonahala ho le boima haholo. Joale, khopolo ea ho tsofala, a lula a le mong ’me a phela bohlokong—a bona hore ha ho thuse letho.”

Ka masoabi, tlokotsi ena e tloaelehile kajeno. United States feela, lipalo-palo li bontša hore ka selemo se le seng feela banna, basali le bana ba 27 294 ba ipolaea ka boomo. Ntle ho mona, ba bang ba bolela hore bonyane ho batho ba leshome ba lekang ho ipolaea, ke a le mong ea atlehang.

Empa lefatšeng lohle, tlas’a maemo a nyahamisang ka ho fetisisa, batho ba loantša lefu ka matla. Batho ba opeloang, batšoaruoa ba ahloletsoeng linako tse telele chankaneng, batho ba phelang bofumeng—boholo ba nako kaofela ba loanela ho phela. E be ke hobane’ng ha joale ba bang bao mohlomong ba seng boemong bo bobe hakaalo nameng ba leka ho ipolaea?

Ho thata haholo ho araba potso ena linaheng tseo batho ba ipolelang hore ke Bakreste. Bibele e ruta hore bophelo boa halalela, ke mpho ea bohlokoa e tsoang ho Molimo. (Pesaleme ea 36:9) Lefu ke sera, ’me Jehova Molimo, ka boiteko bo boholo le boitelo, o re buletse monyetla oa hore re fumane bophelo bo sa feleng. (Johanne 3:16) Empa leha ho le joalo le hona linaheng tse ipolelang hore ke tsa Bokreste batho ba bangata ba ntse ba ipolaea, kapa ba leka ho etsa joalo. Hobane’ng? Ke likhatello tsa mofuta ofe tse ka etsang hore letlotlo la bohlokoa ka ho fetisisa la motho—bophelo ba hae—bo fetohe moroalo hoo a batlang ho bo felisa?

Maikutlo a Bolaeang

“Ho tsieleha . . . ho khathala matla . . . ho khena . . . ke ne ke imetsoe ke lintho tsohle.” Ke kamoo ho hlalosang mosali ea ileng a susumeletseha hore a noe lipilisi ho tlōla tekanyetso a leka ho ipolaea. Ngaka e sebelitseng le bakuli ba neng ba batla ho ipolaea e eketsa ka hore: “Hangata ba ikutloa ba sa tšoanelehe, ba se na molemo oa letho kapa ba khathetse matla. ’Me mohlomong ba ka ba ba ikutloa ba le molato haholo.”

Kahoo mabakeng a mangata ba susumelletsoa ho ipolaea ke maikutlo a seng matle le a bolaeang ao ba sitoang ho a laola. Hangata sesosa sa bothata ke ho khathala matla. Ea rerang ho ipolaea ha ho letho le leng leo a le bonang tseleng ea hae. Ho hang ha ho bonahale ho e-na le molemo oa letho hore a tsoelepele.

Ho khathala matla ho tjena ho bakoa ke eng? Batho ba bangata ntle ho pelaelo ba imetsoe ke maemo a bona, joalokaha ho bile joalo ka ntate oa Bruce. Sehlopha se seng se hlileng se kenelletseng haholo ho sena ho bonahala e le batho ba tsofetseng. Dr. Nathan S. Kline, setsebi boithutong ba ho tepella, o re: “Botsofali bo baka bolutu ka ho khethehileng, ’me keketseho ea ho ipolaea e nyoloha le lilemo.” (From Sad to Glad, ea Nathan S. Kline) Empa ho ka ’na ha e-ba le lisosa tse ling.

Ho Khathala Matla, Ho Ikutloa Molato le ho Tepella

Ka mohlala, ho thata haholo hore motho a phele ka maikutlo a hore o molato. Ha motho a entse ntho e ’ngoe e fosahetseng ka matla, letsoalo la hae le ka mo hlorisa, haholo haeba sebe sa hae se ntšitse e mong kotsi. Morena Davida oa sechaba sa boholo-holo sa Iseraele o ile a hlalosa kamoo ho ikutloa molato ho ileng ha mo ama: “Ha ho bophelo masapong a ka, ka baka la sebe sa ka. Melato ea ka e mpupelitse hlooho, e nkimela joaloka mojaro o boima.”—Pesaleme ea 38:4, 5, Phet. e Ncha.

Boikutlo ba molato ka lebaka la letsoalo le lebe bo entse hore ba bangata ba ikutloe hore ha ba na bokamoso, ’me, ka baka leo, ba rera ho ipolaea. Ke kahoo mohlankana e mong ea ileng a etsa bohlola a ileng a ipolaea. Lengolong leo a ileng a le sia a hlalosa hore o ne a sa batle ho tlisetsa ba bang hape thohako.

Ba bang ba ikutloa ba khathetse matla hobane ba ikutloa ba tšohile. Ba ka ’na ba ameha kamehla ka lebaka la phihlelo e mpe eo ba sitoang ho e lebala. E mong ea joalo ke mosetsana eo ntat’ae a neng a ile a mo silafatsa bonyenyaneng. Le hoja joale e ne e le motho e moholo, boikutlo ba hore o molato le ho se tšoanelehe bo bakiloeng ke ketso ena bo ne bo le matla hoo a ileng a leka ho ipolaea.

Ba bang ba ka ’na ba ikutloa ba khathetse matla hobane ba tepeletse ka matla ’me ba sa kholoe hore ho na le ho tla ke ho loke. Ho thata bakeng sa ba s’o tepelle ka matla ho hlokomela kamoo hona ho senyang kateng. Hase feela hore motho a ikutloe ‘a tetebetse.’ Bohle re ’ne re ikutloe joalo nako le nako. Ho e-na le hoo, ke maikutlo a tebileng a ho tepella a tšoenyang motho nako le nako ho sa tsotellehe hore na o etsa’ng le hore na o hokae. Ho hang ho bonahala ho se moo motho a ka balehelang.

Ho tloaelehile ho ba joalo hore ba nahane ho ipolaea. Mosali e mong ea ileng a tepella ka ho fetisisang o ile a bolela hore, ka nako eo, o ne a tlameha ho ba hlokolosi haholo. Ha a ntse a tola, o ne a tleloa ke monahano: “Ho ka mpotlakela ha nka bupetsa hlooho ea ka ka tlas’a metsi, etlaba ke phetho.” Kapa ha a tsamaea tseleng, a bona koloi e tlang, a nahane: “Ho ka ba bonolo hakaakang!”

Batho ba tepeletseng hape ba ka ikutloa ba le molato ka ho tebileng. Hobane’ng? Mosali e mong oa Mokreste ea ileng a tepella ka matla o ile a ikutloa a le molato hobane o ne a sitoa ho hlokomela lelapa la hae kamoo a neng a kile a le hlokomela ’me a nahana hore o ba thibela ho etsa lintho tseo ba batlang ho li etsa. ’Me o ne a ikutloa hore Molimo o mo amohile moea oa oona kaha o ne a se na khotso ea kelello kapa thabo. (Ba-Filippi 4:7; Ba-Galata 5:22) Ebile ka boiteko bo matla a ileng a tseba ho bua ka Jehova Molimo. Ba bangata baa ho tseba, ba bang ba bile ba nahana hore ba entse sebe se sa tšoareloeng.

Mohlomong ha ho thata ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha ba bangata ba nang le maikutlo a mabe joalo ba qetellang ba ipotsa hore na e be ho molemo hore ba ’ne ba phele. Leha ho le joalo, tsena hase tsona lintho feela tse khannelang batho ho leka ho ipolaea.

Mabaka a Mang a ho Ipolaea

Litsebi tse ling tsa kelello li lumela hore boiteko bo bong ba ho ipolaea ke ho leka ho hapa tlhokomelo. Ea batlang ho ipolaea o llela thuso, kamoo ho leng kateng. Mohlomong o bile o leka ho utloisa e mong bohloko—oona monahano o bontšoang ke bana ha ba re: “Le tla ikutloela bohloko ha ke shoele!”

Ka linako tse ling, le teng, ho na le boikutlo ba hore motho ea ipolaeang o leka ho susumetsa ba mo potileng. Ka mohlala, ngoanana ea hlaliloeng ke mohlankana a ka ’na a iteka ka pelo e sa fellang hore a ipolaee, a tšepile hore hona ho tla fetola maikutlo a mohlankana. Kapa motsoali ea tsofetseng a ka leka ho ipolaea a leka ho qobella bana ba hae ba baholo hore ba mo ele hloko le ho ipha nako e ngata ba e-na le eena.

Mehlala e joalo e fana ka leseli la likhatello tse ka ’nang tsa ameha. Boemo bo thatafatsoa ke ’nete ea hore hangata ea mahlomoleng o pata mathata a hae. A ka ’na a iponahatsa ho batho e le motho ea se nang khathatso, empa ka hare a eba-eba. Tlas’a khatello e joalo ho hlokahala nthonyana e fokolang, khothalletso e tla etsa hore motho a ipolaee.

Ke kahoo monna a ka ’nang a leka ho ipolaea ha a senyeheloa ke mosebetsi, kapa mocha a ka ’na a etsa joalo kamor’a ho bona liphetho tse lihlong tsa tlhahlobo, ho shoa ha phoofolo eo a e ratang, ho hlaloa ke mohlankana kapa moroetsana, kapa kamor’a ho tseba hore mosuoe eo a mo ratang oa tsamaea. Lintho tse joalo hase tsona lisosa tsa sebele tsa boiteko ba ho ipolaea. Empa e le mokhoathatsa oa ho qetela, boima ba ho qetela letotong la likhatello.

Mosali eo morali oa hae ea tlase lilemong a ileng a leka ho ipolaea o ile a nyaroha habohloko ha ho etsahala. Empa hamorao a ithuta ka likhatello tsa lekunutu tse ka ’nang tsa ama bacha. O re: “Joale, kea tseba hore na ngoanana a ka ba har’a moferefere o mokaakang. O ne a le boimeng bo boholo ’me ’na joale ke tšoarehile haholo ke lintho tse ling hore nka mo thusa. Joale ke leka hore ke mo tsebe hamolemo haholo, ke buisane le eena haholoanyane. ’Me hoa sebetsa. Joale morali oa ka o boetse o-oa ntšehisa le ho soasoa le ’na joaloka pele.”

Tsela ea ho Tsoa

Ha ho mohla ho ipolaea ho nang le lebaka. Empa ho ba maikutlo a bohloko, ho ka ’na ha fetoha moleko ka linako tse ling, ho tšoana le tsela e potlakileng ea ho felisa mahlomola. Leha ho le joalo, Jehova, eo Lentsoe la hae le re bolellang hore bophelo boa halalela, o fana ka thuso tlas’a khatello e joalo. Bibele e-ea tšepisa: “O ke ke oa lumela hore le hlaheloe ke moleko o ka le sitang.” Lengolo leo le bua ka ho eka ha “tse mpe,” tse kang borapeli ba litšoantšo le boitšoaro bo bobe. (1 Ba-Korinthe 10:6, 13) Ha ho letho, leha ho le joalo, le kotsi ho feta ho ipolaea. Ka baka leo, ho na le tsela ea ho ho qoba bakeng sa ba lekang ho ipolaea. Jehova o fane ka thuso ka Lentsoe la hae, Bibele, le ka phutheho ea Bokreste.

[Lebokose le leqepheng la 5]

Na ho na le ea Ipolaileng?

Ba setseng joale ba hloka ho tšehetsoa ka matla. Mohlomong ba tla ikutloa ba ferekane, ba le molato, ’me ba ipotsa hore na ba ka be ba ile ba etsa joang ho thibela tlokotsi. Ho hlokahala ba hlokomelisoe hore mohlomong ha ho letho leo ba neng ba ka le etsa haeba motho a ne a hlile a ikemiselitse hore o tla felisa bophelo ba hae.

Ka ho tšoanang, ha ho thuse letho ho lohotha hore na motho ea ipolaileng o na le bokamoso ba mofuta ofe. Ke Jehova feela le Jesu Kreste, Moahloli eo a mo khethileng, ba ka bolelang se neng se le ka pelong ea motho ea ipolaileng. Ntho ea bohlokoa ke ho furalla tlokotsi le ho sia ea shoeleng ho Jehova, “Ntat’a mehauhelo, Molimo oa matšeliso ’ohle.”—2 Ba-Korinthe 1:3.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela