Lefatše le ka Pholosoa ke Mang?
BA BANG ha ba arabela potso ena ba ka ’na ba re, ‘Ha ho motho ea ka le bolokang.’ ’Me ha ho lea mong ho rōna ea ka latolang hore mathata a lefatše a eketseha ka potlako haholo, ’me a ntse a rarahana le ho feta, hoo mosebetsi oa ho pholosa lefatše ho bonahalang o phahametse matla a mebuso ea hona joale ea batho kapa oona Machaba a Kopaneng.
Empa kaha bophelo ba rōna le bokamoso lia ameha, ke hantle ha re batla ho tseba, Na ho na le tsela eo le ka pholosoang ka eona? Haeba e teng, ka mang?
Ho bonahala baeta-pele ba lefatše ba feletsoe ke tšepo ka bokamoso. Eo e neng e le Mongoli-Kakaretso oa Machaba a Kopaneng Kurt Waldheim o itse, tlalehong e maqephe a 26 ea se bonahalang lichabeng tsohle: “Selemo se fetileng se tlile le litlokotsi tse ncha le khothatso e fokolang . . . Mokhoa oa litaba tsa lefatše o ile oa fetoha ka litsela tse sa lebelloang ’me ka linako tse ling li bile li tla le bomalimabe, . . . ho bonahala li feteletsa mathata a mangata a ntseng a le teng.” A phaella ka hore batho ba nepile ha ba “amehile ke boemo bona.”
Qetellong ea selemo sa 1981 ho ile ha tojoa potso e latelang tabeng ea mohlophisi ho Daily Post ea Latin-Amerika: “Ha u tsoha hoseng hona, u bala lihlooho tsa litaba na ho ile ha u tlela ka tšohanyetso hore ho bonahala lefatše e le sebaka se kotsi ka ho fetisisang le se sa tsitsang mehleng ee?” Hoba a nahane ka litšobotsi tse ngata tsa mathata a machaba, mohlophisi a qetella ka hore: “Re lakatsa hore ha re tsoha hosesane, ’me re phetla lihlooho tsa litaba re be le boikutlo ba hore lintho lia ntlafala. Empa, hoa hana hore re nahane hore ho tla ba joalo.”
Bacha ke bona bao ho hlileng ho bonahalang ba e-na le maikutlo a seng matle ka boemo ba lefatše. Jeremane-Bophirima ho tlalehoa hore e tšoenyehile ke “lebotho le ntseng le hōla la bacha ba liilang, bao ka linako tse ling ba befileng, ba felloang ke puo, ka tloaelo ke bacha ba se nang mosebetsi ’me mabakeng a mangata ke bacha ba ke keng ba hiroa.” Mosebeletsi oa kahisano o ba hlalositse e le ba “se nang lipheo, litebello le eona tšepo.” E mong oa bacha bana o itse: “Pelong ea ka, ke lumela hore lefatše le ke ke la tšoarella ka lilemo tse ling hape tse hlano kapa tse leshome. Empa re tlameha ho etsa ho hong ka masoabi a leng teng. Re fihlile moo joale re hanang ho jara boikarabelo bakeng sa tsamaiso eo re sa e ananeleng.”
Uena u ikutloa joang? Na u ka hetla morao nakong e khutšoanyane eo u e phetseng ’me ua re kajeno lefatše ke sebaka se molemonyana ho phela ho sona? Batho ba bangata baa ho latola. Ho e-na le hoo ho hlakile hore le lebile timelong. Na le ka pholosoa? Ha ho pelaelo hore u lumellana le hore lefatše lena ke sebaka se babatsehang haholo ho phela ho sona, ’me u etsa sohle se matleng a hao ho lelefatsa bophelo ba hao kamoo ho ka etsahalang. E be bothata bo hokae? Na u hlokometse mantsoe a mocha eloa serapeng se fetileng? O buile ka “tsamaiso” eo a sa e ananeleng. Ho khahlisang, baapostola ba Jesu Kreste ba ile ba botsa Jesu ka “Ho fela ha tsamaiso ea lintho.” (Mattheu 24:3-14, NW) Ha a arabela a fana ka boprofeta bo bolelele bo phethahalang mehleng ea rōna. Ka hona ha re bua ka ho pholosa lefatše, re se ke ra nahana ka ho pholosa qitikoe ena. Kapa ra nahana ka ho pholosa tsamaiso ea hona joale ea lintho eo Lentsoe la Molimo le reng e ahloletsoe pheliso. Ho e-na le hoo, potso e likoloha bathong—lefatše la batho.
Ke mang, he, ea tla pholosa lefatše la batho? Ha rea sala litlallong, hobane Lentsoe la Molimo le re: “Molimo o romile Mora oa oona lefatšeng, e seng hore ahlole lefatše, empa e le hore lefatše le bolokoe ke eena.” (Johanne 3:17; 12:47) E, ke ’Mōpi oa motho ea nkileng mehato ea ho pholosa lefatše ka Mora oa hae, Jesu Kreste. Esita le sehlopha sa Basamaria ba neng ba hloile Bajode pele, ba re ka Jesu, “Rea tseba hobane enoa ke Kreste ruri, ’Moloki oa lefatše.”—Johanne 4:42.
Mehleng ea rōna ho bonahala phetoho ea bolumeli ea lihlopha tse ngata tseo ho thoeng ke tsa Jesu. U bona lebitso Jesu le khoramelitsoe makoloing le mehahong, le ngotsoe mafikeng har’a naha feela. U bala ka liboka tse khōlō tse entsoeng pooaneng tsa batho ba “Jesu.” Ka kakaretso, batho bana ba tlohetse likereke tsa neano. Ba bolela ka mantsoe a phahamileng hore tšepo ea batho ke Jesu Kreste. Boholo ba bona bo lumela hore, hoja Jesu o ne a phela kajeno, o ne a tla ema lehlakoreng la bona boitsekong le hore o ne a tla loantša ho silafatsa le ho hloka toka ha “tsamaiso” ena.
Sehlopha sa batho ba joalo sa Brazil se ile sa kōpuoa hore se ngole maikutlo a sona ka Jesu. Maikutlo a bona e bile hore Jesu e ne e le monna ea nnang le sepheo se setle ea neng a bolelela lerato lefatšeng le sehlōhō le le se nang lerato. Ba bolela hore o ne a ruta hore batho baa lekana, a ba a bea mohlala o motle oa sebete, tumelo le tšepo. Leha ho le joalo, ba ikutloa hore Jesu ha a ka a atleha hakaalo thōmong ea hae. Joalokaha moprista e mong oa K’hatholike a itse, “Bona Jesu. O ne a buisana le baprista ka mehla, ’me ntho feela eo a e fumaneneng ka hona ke sefapano.”
Uena u nka Jesu Kreste joang? E le le rabele le matla? E le mohlalefi e moholo le moprofeta? Ha ho pelaelo hore lithuto tsa hae li bile le tšusumetso e matla ho batho ka lilemo tse fetileng tse 1 950. Ha e le hantle, batho ba limillione kajeno ba ipolela hore o se a ba pholositse.
Joalokaha re hlokometse ho Johanne 3:17, ho ke ke ha latoloa hore batho ba bang ba tla pholosoa ka Jesu. Moapostola Petrose o ho tiisitse, a re: “Ha ho lebitso le leng tlas’a leholimo, leo batho ba le neiloeng, leo re ka bolokehang ka Iona.” (Liketso 4:12) Empa Jesu o tla pholosa lefatše joang? Haeba hase batho kaofela ba tla amohela Jesu le ho phetha se hlokoang ke Molimo hore ba bolokehe, motho o tla bolokeha joang? Haeba motho eo ke uena, u lokela ho pholosoa ho eng, hona u pholosetsoa ho eng? A re hlahlobeng lipotso tsena tse nakong.