Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w84 2/1 maq. 5-8
  • Jesu o Pholosa Lefatše—Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jesu o Pholosa Lefatše—Joang?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “E ka Khona ke Etse Joang ho Bolokeha?”
  • Karolo ea Jesu ho Pholosoeng ha Hao
  • Ho Pholosetsoa Taolong e Ncha
  • Seo re Tlamehang ho se Etsa Hore re Pholosoe
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Jesu o Pholosa Batho Joang?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Poloko Seo e Hlileng e se Bolelang
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Na Lipaki Tsa Jehova li Lumela Hore ke Tsona Feela Tse Tla Pholosoa?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
w84 2/1 maq. 5-8

Jesu o Pholosa Lefatše—Joang?

HO SA tsotellehe botšo boo baeta-pele ba lefatše ba bangata ba nang le tsebo ba bo bonang (ho akarelletsa ba bang ho Machaba a Kopaneng) ka bokamoso ba motho, Mangolo a bululetsoeng a re tiisetsa hore Molimo o tla e namola hore a pholose lefatše. Empa e mong le e mong ho rōna o batla ho tseba hore na re ameha joang le hore na re ka rua molemo joang. Hore re etse joalo, ho hlokahala re hlahlobe lentsoe “lefatše” ka Bibeleng.

Mangolo a Bakreste a Segerike a sebelisa lentsoe kosmos, leo hangata le fetoleloang e le “lefatše,” ka makhetlo a 187. Lentsoe lena la Segerike le bolela lintho tse sa tšoaneng ’me kahoo le ka sebelisoa ka litsela tse sa tšoaneng. Ha re utloisisa tse ling tsa litlhaloso tsena re tla thusoa ho ananela hamolemo hore na Jesu ke “’Moloki oa lefatše” joang. (Johanne 4:42) Hape re tla utloisisa hamolemo hore na ho ameha eng hore motho a pholosoe.

Qalehong ea Evangeli ea Johanne re fumana serapa sena se nang le mantsoe a monate: “Le [ke hore, Jesu] ne le le lefatšeng, ’me lefatše le hlahile ka lona, ’me lefatše ha lea ka la le tseba.” (Johanne 1:10) Ka ho hlakileng, temana ena ha e bue ka qitikoe lefatše, letsatsi, khoeli, mafatše le linaleli, tseo batho ba bang ba li akarelletsang ha ba bua ka “lefatše.” Ho e-na le hoo, Johanne o ne a ngola ka batho, batho ka kakaretso. Jesu o tsoaletsoe lefatšeng lena, ’me batho ka kakaretso ha baa ka ba mo amohela kapa ba mo tseba. Empa hape ke ’nete hore “lefatše le hlahile ka” Jesu. Joang? Kahobane khale pele e e-ba motho oa nama o ne a sebetsa le Ntate oa hae Jehova Molimo, leholimong. E le Mora oa letsibolo oa Ntate oa hae o nkile karolo mosebetsing o moholo oa ho bōpa batho ba babeli ba pele, bao e bileng batsoali ba batho bohle, hammoho le rōna kajeno.—Genese 1:26; Liproverbia 8:22, 30, 31; Ba-Kolosse 1:15-17.

Bakeng sa tlhaloso e fapaneng le e lekanyelitsoeng haholoanyane ea “lefatše,” hlokomela seo Jesu a se boleletseng barutuoa ba hae hore se tla etsahala lefung la hae, “Le tla lla, le be le lle, ’me lefatše le tla thaba.”—Johanne 16:20.

Temaneng ena ho etsoa phapang pakeng tsa barutuoa ba Jesu le “lefatše.” Ka ho hlakileng, mona lentsoe “lefatše” le bua feela ka batho bao ba ikarotseng ho Molimo. Motheong oona ona re ka utloisisa se neng se boleloa ke Jesu ha a re balateli ba hae “hase ba lefatše.” (Johanne 17:14, 16) Le hoja Bakreste ka ho tiileng e le karolo ea “lefatše” la batho ka kakaretso, ho ea ka mantsoe ana a Jesu e ke ke ea e-ba ‘ba lefatše’ le ikarotseng ho Molimo. Re sa lahle ntlha ea rōna ea hore ho amohela Jesu ke moko oa pholoho ea rōna, re ke re hlahlobe hore na ho ‘se be karolo ea lefatše’ ho bolela eng ho rōna.

“E ka Khona ke Etse Joang ho Bolokeha?”

Molebeli oa teronko ea tšohileng ha a bona hore batšoaruoa bohle, ho akarelletsa moapostola Pauluse le molekane oa hae Silase, ba lokolohile ka mohlolo, a botsa, “Benghali, e ka khona ke etse joang ho bolokeha?” Karabelo ea re: “Lumela ho Morena Jesu Kreste, ’me u tla bolokeha, uena le ba ntlo ea hao!” (Liketso 16:30, 31) Ho ‘lumela ho Morena Jesu le ho bolokeha’ ho ne ho ama eng? Na e ne e le feela hore motho a ipolele hore o na le tumelo le ho lumela hore Jesu ke “’moloki oa lefatše”? Re ka lemoha se amehang ka ho sheba tlaleho ea Bibele ea batho ba likete ba ileng ba pholosoa lekholong la pele la lilemo C.E.

Mehato e meng ea bohlokoa ea ba ileng ba pholosoa ka nako eo e bontšoa bukeng e bululetsoeng ea Liketso. Rea bala: “Ba amohela lentsoe ka cheseho e kholo, ba botsisisa Mangolo ka matsatsi ’ohle, ho tseba hore na litaba tseo li joalo ruri na.” “Eaba ba amohetseng polelo ea hae ka thabo ba kolobetsoa . . . Ba ne ba tiisetsa thutong ea baapostola.”—Liketso 17:11; 2:41, 42.

Ho totobetse tlalehong ena e bululetsoeng hore ho pholosoa ho ne ho ama ho ithuta ’nete ea Lentsoe la Molimo, ho ithuta Mangolo kamehla le ho a sebelisa bophelong ba bona. Ba ileng ba pholosoa ka nako eo ba ne ba sa ikutloe hore ho ithuta Bibele tsatsi le leng le le leng e ne e le pontšo ea hore ke mahlanya kapa ba sa tsitsang. Ho e-na le hoo, ho ithuta ha bona Bibele ha fetola pono ea bona ka ho feletseng, mekhoa ea bona le meetlo bophelong. Ha bolela tsela e ncha ho hang ea bophelo, e thabileng haholo.

Moapostola Pauluse hamorao a ho bolela ka tsela ena: “Le hlobole, kamoo metsamao ea lōna ea pele e neng e le kateng, motho oa khale, . . . le ho nchafala mehopolong ea lipelo tsa lōna, le ho apara motho e mocha, ea bopiloeng ka setšoantšo sa Molimo, ho lokeng le khalalelong ea ’nete.” (Ba-Efese 4:22-24) Ba bang ba tla hlokomela phetoho mokhoeng oo Mokreste a phelang ka oona, joalokaha moapostola Petrose a ngotse: ‘Hobane li lekane linako tse fetileng tseo re li phetseng re ntse re etsa ho ratoang ke bahedene, ha re ne re itsamaela ka bootsoa, le ka litakatso, le ka botahoa, le ka meharo ea lijo le ea lino, le ka tšebeletso e manyala ea melimo ea bohata. Ke moo ba makalang ha le sa mathe le bona . . . ’me ba le nyefola ke hona.’ (1 Petrose 4:3, 4) Ke kamoo Bakreste ba pele ba ileng ba pholosoa tsamaisong e mpe ea lintho eo ba neng ba phela ho eona.

Ba pholositsoeng joalo ba ne ba ntse ba lokela ho ea pejana. Ba ne ba hlokomela hore “lefatše lohle le rapaletse ka tlase ho e mobe,” Satane Diabolose, “molimo oa lefatše lena.” (1 Johanne 5:19; 2 Ba-Korinthe 4:4) Ba ikutloa ba lakatsa ho thusa ba bang hore ba tsoe tlas’a puso ea hae. Ka hona, ba etsa joang? “Ha ba ka ba phetsa ka matsatsi ’ohle ho ruta le ho bolela tempeleng le ka matlung, hore Jesu ke Kreste.” “Ba ne ba tsamaea ba ntse ba bolela lentsoe.” “ ’Me Morena a ’na a eketsa kereke ka tsatsi le leng le le leng ka batho ba bolokehang.”—Liketso 5:42; 8:4; 2:47.

‘Ho se be karolo ea lefatše’ e ne e le ntho e kholo ho Bakreste bao ba pele. Libuka tse sa tšoaneng tsa histori li fana ka litlaleho tse latelang ka boitšoaro ba Bakreste ba pele: “Ba ne ba phela bophelo bo khutsitseng, bo nang le boitšoaro, bophelo bo beang mohlala ka sebele . . . Ka mahlakoreng ’ohle ruri e ne e le baahi ba beang mohlala ha e se feela tabeng eane e le ’ngoe [borapeli ba litšoantšo ba ho rata naha] ea ho chesa libano.” “Bakreste ba ne ba hana ho kopanela mesebetsing e meng ea baahi ba Roma . . . Ba ne ba sa amohele litulo tsa bopolotiki.” “Bakreste ba chesehang ba ne ba sa sebeletse mabothong a hlometseng kapa ho amohela litulo tsa bopolotiki.”

Ha moapostola Pauluse a ngola ho hlalosa lebaka la phetoho ena e matla bophelong ba bao e neng e e-ba Bakreste, a re: “O re ntšitse matleng a lefifi, oa re falletsa ’musong oa Mora oa oona ea ratoang.” (Ba-Kolosse 1:13) Ka hona Mangolo le mohlala o ileng oa beoa ke Bakreste ba pele li totobatsa hore ho pholosoa tsamaisong ea joale ea lintho ho bolela hore Bakreste ba ne ba sa nke lehlakore ho hang litabeng tsa lipolotiki le tsa sesole. Jesu o itse, “’Muso oa ka ha o tsoe lefatšeng lena.” (Johanne 18:36) Na ke sona seo u se bonang kajeno har’a batho ba limillione ba ipolelang hore ba pholositsoe? Na u hlokomela eka bophelo ba hao bo hloka ho lokisoa ntlheng ee?

Karolo ea Jesu ho Pholosoeng ha Hao

Motho ea pholositsoeng o na le tšepo e ncha le lipakane. Ho e-na le ho bea tšepo ea hae ho se finyelloang ke tsamaiso ena ea joale ea lintho, o lebelletse ka tšepo ho phethahala ha seo Mopholosi oa hae, Jesu Kreste, a mo tšepisitseng sona. Ho tsoa Bibeleng o hlokomela hore kaha lefatše lohle la batho, ke bana ba moetsalibe oa ka boomo Adama, le tsoung ea sebe le lefu. Adama ka ho sitoa o ile a “rekisa” bana bohle ba hae bohlankeng ba sebe le lefu.—Ba-Roma 3:23, 24; 5:12.

Leha ho le joalo, Jesu Kreste o nyehetse bophelo ba hae bo phethahetseng e le sehlabelo sefateng sa tlhokofatso ho rekolla seo Adama a se lahlileng, kahoo a lopolla batho. Jesu o lefile hantle se neng se hlokahala—bophelo bo phethahetseng ba botho bo lefa bophelo bo phethahetseng ba botho—ha hoa fetisoa ka letho ’me ha hoa theoloa ka letho. Pauluse o itse: “Hobane Molimo o mong feela, le ’Muelli mahareng a Molimo le batho o mong, e leng Jesu Kreste motho, ea ineetseng ho ba topollo ea bohle.” (1 Timothea 2:5, 6) Joale u na le lebaka la tšepo. Ha u amohela topollo ea Jesu, u ka ‘holloa molaong oa sebe le lefu.’ (Ba-Roma 8:2) Batho ba pholositsoeng ka lebaka leo ba na le tšepo e ncha ea bophelo. Ke tebello ea bophelo bo sa feleng, joalokaha tšimolohong Adama a ne a lebelletse ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise.

Melemo e babatsehang ea ho pholosoa ka Jesu Kreste ha e itlise ho mang kapa mang. Ho Ba-Heberu 7:25 Pauluse o bontša hore Jesu ‘o tseba ho pholosa ba atamelang Molimo ka eena.’ Tumellanong le sena, hore motho a pholosoe o tlameha ho ananela phapang pakeng tsa Molimo le Kreste. Hase likarolo tse lekanang tsa molimo o hararo empa ke batho ba arohaneng. Jehova Molimo ke Ea Holimo-limo. O lokiselitse hore Mora oa hae a fane ka topollo. Ka ho hlakileng, hore motho a bolokehe o tlameha ho ikarola bolumeling boo ba Bojakane bo rutang leshano la hore Jesu le Molimo ke ntho e le ’ngoe. Jesu ka boeena o itse: “Bophelo bo sa feleng ke hore ba u tsebe, uena Molimo o ’notši oa ’nete, le Jesu Kreste eo u mo romileng.”—Johanne 17:3.

Leha ho le joalo, ho hlokahala ho eketsehileng hore u pholosoe. Moapostola Pauluse o ngolile: “[Jesu] ha a phethehile, o entsoe moetsi oa poloko e sa feleng ho bohle ba mo utloang.” (Ba-Heberu 5:9) Kutlo e joalo ha e bonolo lefatšeng lena le ikarotseng ho Molimo. Jesu o itse: “Ke le nea molao o mocha, ke hore le ratane; joale ka ha ke le ratile, ratanang joalo le lōna.” (Johanne 13:34) Hona ka ho totobetseng ho bolela hore ba pholositsoeng ha ba utsoetsane, ha ba phele ka boitšoaro bo bobe, ha ba thetsane kapa hona ho qhekellana. Pholoho ea rōna ea ka ho sa feleng e itšetlehile ka ho utloa Molimo linthong tse joalo.

Ho Pholosetsoa Taolong e Ncha

Ho na le tšobotsi e ’ngoe ea ho pholosoa e hlileng e amang moloko oa hona joale. Mangolo a supa hore tsamaiso ea hona joale ea lintho e haufi le ho fela ho seo Jesu a se hlalositseng e le ’mahlomola a tla ba maholo, ha e sa le le tšimolohong ea lefatše, ’me ha a ka ke a boela a e-ba teng le ka mohla o le mong.’ (Mattheu 24:21) Hona ho tla etsahala ‘ntoeng ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle.’ (Tšenolo 16:14-16) Ka nako eo Jesu ha a na ho nka bohato e le ’moleli e moholo le moruti, empa e le Morena oa Jehova le Motumisi oa hae. O tla felisa lira tsa Molimo empa a boloke bophelo ba ba pholositsoeng ke eena bao Tšenolo 7:9 e reng e tla ba “bongata bo boholo.” Batho bao ba tla bolokoa ’me ba nkoa ba lokela ho fetisoa “mahlomoleng a maholo,” ba tla hoa ka mantsoe a phahamileng: “Poloko ke ea Molimo oa rōna, . . . le ea Konyana.” (Tšenolo 7:10) Ba tla be ba pholositsoe timetsong ’me ba lebelletse bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise.—Bapisa Tšenolo 7:16, 17; 21:1-5.

Na u tla batla ho ba teng pholohong eo e babatsehang? U ka ho etsa ka ho rua tsebo e nepahetseng ea se hlileng se hlokahalang hore u pholohe. Ha u ntse u etsa joalo, latela mohlala oa Bakreste ba pele ba ileng ba khothalletsoa ‘ho sebeletsa polokeho ea bona ka tšabo le ka thothomelo.’ (Ba-Filippi 2:12) Ithute haholoanyane hore na hona joale Jesu o pholosa joang. Hona hase phihlelo ea nakoana e ferekanyang maikutlo, empa e ama hore re amohele e be joale re latela tsela e ncha ea bophelo ea ho etsa thato ea Molimo. Leha u ka ba mathateng, ua ba ua hanyetsoa ha u tsamaea tseleng e tšesaane ea bophelo, hopola mantsoe a Jesu, “Ea tiisetsang ho isa qetellong, ke eena ea tla bolokeha.”—Mattheu 10:22; 7:13, 14.

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

Molebeli oa teronko oa Filippi a botsa, “E ka khona ke etse joang ho bolokeha?”

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Jesu a nyehela ‘topollo e lekaneng’

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela