Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w84 2/1 leq. 31
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Buka ea Bibele ea 19—Lipesaleme
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Lipina Tse ka Mangolong Tse Khothatsang Ebile e le Tse Rutang
    Bibele—E na le Molaetsa Ofe?
  • Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Pele ea Lipesaleme
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
w84 2/1 leq. 31

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

■ Ho belehoa ha ngoana ke ntho ea tlhaho, ka baka leo na ho phoso hore Mokreste e be ’melehisi, le ha a se na mangolo kapa litlhokahalo tse itseng tse tiisang hoo?

Ke ’nete hore ho beleha ke ntho ea tlhaho, ke mohlolo oo re lokelang ho leboha Monei-bophelo oa rōna, Jehova Molimo, ka oona. (Genese 1:27, 28; 49:25) Ho tloha mehleng ea pele babelehisi ba nang le phihlelo ba ’nile ba thusa batho ba bangata. (Exoda 1:15-20) Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo bo Botle (WHO) o tlalehile hore babelehisi ba thusitse bo-’mè ba 60-80 lekholong ba le malapeng a bona ho tsoa Linaheng tse Fokolang Moruong. (“Medical Tribune,” January 26, 1983) Esita le linaheng tse tsoetseng pele ho bile le lenane le phahameng la bo-’mè ba ileng ba belehisoa litsing tsa pelehiso kapa mahaeng a bona ke babelehisi ba baoki ba koetlisitsoeng.

Leha ho le joalo, pale ea Bibele e bontša hore mathata a ’nile a ba teng ho belehuoeng ha masea, ’me ha qetella ka ho shoa ha lesea le ’m’a lona. (Genese 3:16; 35:16-19) Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo bo Botle o tlaleha hore “bo-’mè ba 500 000 ba shoa selemo le selemo ka baka la mathata a pelehi.” Ka baka leo, batsamaisi ba bangata ba khothaletsa hore motho a belehele sepetlele kapa moo ngaka e leng teng. Hape ho na le mananeo a thuto a neoang babelehisi le mangolo ao ba a neoang ho tiisa hore ba tšoanelehela mosebetsi oa ho belehisa.

Koana, ho na le maikutlo a loantšanang a ho rata lintho kapa mokhoa: Na ’mè a ka khetha ho belehela hae haeba ho se mathata a lekanngoang; ’mè ea belehang a ka Iula ka tsela efe e molemo; na lesea le tla belehoa hamolemo boemong bo thobang, esitana le katlas’a metsi; na ho tla sebelisoa lemao le thethefatsang; mokhubu oa lesea o lokela ho ponngoa neng?

Phutheho ea Bokreste ha e nke boemo ba molao litabeng tse joalo, kahobane ke litaba tsa botho. Hape ha e khothaletse basali ho khetha ngaka ea setsebi litabeng tsa pelehiso kapa ho ikhethela ’melehisi oa mooki. Qeto eo le eona ke ea botho. Empa monna le mofumahali oa hae ba lokela ho batla seo ba ikutloang hore se loketse kapa se tla ba molemo bakeng sa ’mè le ngoana, ba rate hore ka bobeli ba phelele ho sebeletsa Jehova ka bophelo bo botle.

Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo bo Botle o tlaleha hore “thupelo [ea babelehisi] e hatella mekhoa e sireletsehileng le e hloekileng ea ho beleha.” Mananeo a ho ngolisa le ho fana ka mangolo a bopaki ho batho ba ka thusang ka ho belehisa a etselitsoe ho tiisa hore ’mè le lesea la hae ba fumana thuso ea matsoho a rupetsoeng ho e-na le ho itšetleha ka batho kapa lingaka tse se nang mangolo. Ho ka etsahala hore molao oa naha o laele hore e be feela batho ba nang le mangolo ba ka thusang ka ho belehisa. Motho ea hlokomolohang molao oo a ka ba kotsing ea tlōlo ea molao, ’me a ka ba le molato oa mali haeba motho eo a ka shoa ka baka la bohlasoa ba hae kahobane a se na mangolo a molao.—Ba-Roma 13:1-4.

Ha ho tluoa tabeng ea ho batla tlhokomelo ea bophelo, ho sa tsotellehe hore ke tabeng ea ho beleha kapa mefuteng e meng ea phekolo, Bakreste ba lokela ho hopola polelo ea Jesu: “Ntšetsang Cesare tse e leng tsa Cesare, le ntšetse Molimo tseo e leng tsa Molimo.”—Mattheu 22:21.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela