Ho Phela Litlamong Tsa Setulo sa Lihole
“KE BONA eka u tla tlameha ho ananela hore batho ba bang ba tlangoa ke setulo sa lihole le pele ba e-ba lilemo tse 30.”
Ke ne ke sa kholoe ho hang. Ka phasoloha, “Bona, ke lilemo li 19, e seng 90!”
Karabelo e bonolo ea re: “Ha ho seo re ka se etsang. U tlameha ho ho amohela. Ho na le batho lefatšeng lena ba sitoang ho tsamaea le pele ba e-ba lilemo tse 30, ’me u tla ba e mong oa bona.”
Ke qalile ho tseba ka mantsoe ao a bohloko a setsebi sa mafu a holofatsang hore kholofalo ea lesapo la mokokotlo eo ke tsoetsoeng ka eona e tla qetella ka kholofalo e ke keng ea lokisoa. Ke sa kholoe ho hang ka hloella baesekeleng ea ka, ka ikela.
Ho Sebelisa Nako ea ka Hamolemo Haholo
Ka lilemo tse peli tsa thabo e khōlō ke ne ke le tšebeletsong ea nako e tletseng ke le pula-maliboho mona England. Pelo ea ka e ne e habile pele, empa mantsoe a ngaka a ’na a khutlela mohopolong. Na a tla netefala? Ke hopola ke itjoetsa hore: “Ebang ke ’nete kapa che, ha ho na lebaka la ho tlohella pele ho nako, na ha ho joalo?” Ke ne ke tla tsoela pele ke le pula-maliboho.
Ka lilemo tse latelang tse leshome kholofalo ea mokokotlo oa ka ea ’na ea totobala. Ke ile ka thusoa le ho khothatsoa haholo ke Elsa, motsoalle oa ka oa pulamaliboho hore e be ke ’nile ka tsoela pele boboleling ba nako e tletseng. Re ne re tsamaea limaele tse telele ka libaesekele, re paka metseng e sekileng le leoatle, re tsamaea moo naha e leng ntle, re sebetsa metseng e ka thōko ’me qetellong re tsitsa bohareng ba motse oa London. Re ne re ikutloa re thabile haholo, re khotsofetse ke ho sebelisa nako eohle ea rōna mosebetsing oa ho bolela ka Lentsoe la Molimo tšepiso ea oona e babatsehang ea ho tla ha Paradeise ea lefatše.
Le hoja mosebetsi oa ka o ne o kenelloa ke linako tsa ho ba sepetlele moo ke ileng ka buuoa ka makhetlo-khetlo, ka ’na ka bula maliboho. Lilemo tse peli tse qetellang tšebeletso ea ka ea bopula-maliboho ke ne ke tsamaea ka lintho tse tšehetsang litlhafu le melamu e kenang tlas’a mahafi. Batho ba ne ba le mosa. Moqhobi e mong oa koloi ea baeti o ne a nqamaka, e be o mpalamisa feela pakeng tsa batho bao ke ba etelang. Batho ba bang ba bangata ba ne ba mpulela matlo a bona hore ke phomole neng le neng ha ba mpona.
Qetellong mantsoe a ngaka a bohloko a netefala. Mokokotlo oa ka oa pelekana ka tšohanyetso. Kamorao ho nako e telele sepetlele le likhoeli tse ling tse ngata ke kentsoe samenteng, ka kena litlamong tsa setulo sa lihole. Ke ne ke ee ke itjoetse hore, “etlare ka tsatsi le leng ha ke re phapha, ke fumane hore hase ’nete.” Ka ikutloa hore ke hlile ke tšoaile nako ea ha ho tla ba joalo.
Ho Mamella Kholofalo ea ka
Ke ile ka qala ka ho hlonama. Ke ne ke hloka ho nahaneloa ke ba bang ka sebele le hore ba nthuse empa ke ikutloa ke soaba, le hore ekare ha ke na botho, ha ke tlameha ho ho amohela. Empa le teng ke ne ke hlonama joalo ha ho se ea nthusang. Mohlomong ke feela motho ea kileng a feta nthong e tjena ea ka utloisisang ka botlalo hore na ke ile ka ikutloa joang ka tšohanyetso ha ke tlameha ho itšetleha ka batho ba bang hakaalo. Ke ne ke pata masoabi a ka a maholo le hore ha ke na thuso ka hore ha ke le har’a batho ke ’ne ke bososele.
Ka morao ho nako ka intša maikutlong ana a mabe ka ho fetisisa. Ha ke hetla morao, litaba li ile tsa fetoha ha Paki e ’ngoe e mpalla 2 Ba-Korinthe 12:8-10 ho The Living Bible, eo karolo ea eona e reng: “Ke thabela ho ba pontšo e phelang ea matla a Kreste, ho e-na le ho iponahatsa ke le bohlale.” Paki e ileng ea mpalla mantsoe ana a moapostola Pauluse e ne e tsoile kotsi e mpe haholo, ’me ke ne ke bona hore e pakile hore mantsoe ao ke ’nete.
Ka kōpa Jehova Molimo hore a mpontše ntho e ’ngoe e hahang eo nka e etsang hore ke ’ne ke mo sebeletse kamehla le ba bang, ho e-na le ho ba moikhabi. Bophelo bohle ba ka ba fetoha.
Thabo ea ho Thusa ba Bang
Ha ke qamaka, ka qala ho bona hore batho ba bangata ba panehile ’me ha baa lokoloha ho etsa seo ba se ratang. Ka mohlala, basali ba nang le malapa a maholo ao ba a hlokomelang, basali ba tšoarehileng letšehare lohle mosebetsing o tenang, le batho ba hōlileng ba seng ba feletsoe ke matla a ho sebetsa haholo. Ka qala ho nahana ka bona, ho bona hore na ba tsoella joang.
Kamorao ho nakoana ka botsoa: “Na u rata ho tsamaisa thuto ea Bibele le mosali ea ka itlisang ho uena?” Ke khothatso e kaakang! Ea e-ba eena oa pele ho bao ke ileng ka ithuta le bona ka tsela ena. Ka thabela ho bona hore boemo ba ’mele oa ka ha boa fetola matla a ka a ho sebelisa tsebo eo ke e ruileng ka lilemo ke etsa barutuoa.
Kamehla ke ne ke batla litsela tse ncha tsa ho etsa barutuoa. Ka qala ka ho ngola mangolo haholo. Ke abetsoe ho sebetsa matlo a hirisoang ao ho leng thata ho a kena ka bopaki ba ntlo le ntlo. Ha ke ngola ke leka ho nahana ka mong a ntlo ea fapaneng bakeng sa ntlo e ’ngoe le e ’ngoe ’me ke sebelisa neelano e fapaneng ea Mangolo bakeng sa mong a ntlo e mong le e mong. Ke kamoo ke phelisang kelello ea ka, ke ikhannela tšebeletsong ea pontšeng ea Lentsoe la Molimo.
Qetellong, ka fihlela qeto ea ho hlōla mokoallo oa ka oa ho qetela le hore ke kopanele hape ho bolela evangeli ka ntlo le ntlo. Ke thabetse hore ke ile ka ho etsa. Ha ho letho le tiisang tumelo joaloka ho bolela tumelo ea hao ka molomo. Hona joale metsoalle ka phuthehong e nkuka hangata ka setulo sa ka, joale ke tseba ho sebeletsa ke le pula-maliboho ea thusang nako le nako.
Ke ne ke qetelle baesekele ea ka lilemong tse fetileng tse tšeletseng. Ka linako tse ling ke laba-labela ho itsamaela ka bolokolohi hoo ke neng ke e-na le hona ka nako eo, moea o pholileng le bophelo bo tšoarehileng tseo ke neng ke li thabela. Leha ho le joalo, molemo oo ke ileng ka o ruoa ka ho tsoela pele ke le pula-maliboho ke hore ha ke ne ke baletsoe hore ke tla holofalla ruri kamorao ho lilemo tse 10, li bile 15.
E se e le lilemonyana joale ke phela ke le mong. Empa Elsa le lelapa la hae ba ntšoere joaloka karolo ea lelapa la bona. Bana ba hae ba nthata joalokaha eka ke ba ka.
Hape ke ee ke ikhopotse hore ke na le melemo eo ke neng ke e hloka pele. O moholo ho eona ke nako. Kamehla ke na le nako ea ho mamela ba mathateng. Qenehelo ea ka e eketsehile bakeng sa ba mathateng. Ho feta tsohle, ke ntse ke hōla katamelanong ea ka le Jehova Molimo, eo ka lerato le lekana a nthutileng ho thabela bophelo kamoo bo leng kateng le ea mphileng matla le morero oa ho tsoela pele ke mo sebeletsa.