Ho Nka Leoto le Phutheho ea Molimo
Kamoo ho boletseng Grant Suiter
KA 1922 ha ke le lilemo li 14, lelapa leso la fallela California le tloha Chicago, Illinois. Tseleng ra etela metsoalle ea khale Idaho. Ba re bolella hore California ho na le batho ba bolelang hore, ho ea ka Bibele, batho ba limillione ba phelang ba ke ke ba hlola ba e-shoa.
Nakoana hoba re fihle California ra bona tsebiso leselinyaneng la litaba e reng “Limillione tse Phelang Hona Joale li ke ke tsa Hlola li E-shoa.” E ne e le sehlooho sa puo ea phatlalatsa San Jose. Ke tsela eo ka eona ntate a ileng a fumana Liithuti tsa Bibele (kamoo Lipaki tsa Jehova li neng li tsejoa ka nako eo), ’me a qala ho ea le rōna libokeng tsa tsona tsa phatlalatsa.
’Mè o ne a batla ha nka kena sekolo sa Sontaha sa kereke e ’ngoe. Le hoja ntate a ne a nyatsa baboleli ba mekhatlo eohle, a lumela hore hona ho ka ’na ha e-ba molemo bakeng sa ka. Eaba ke qala ho kena kamehla sekolo sa Sontaha sa Methodiste. Ka qetella ke le ramatlotlo oa sekolo ’me ke bapala sehlopheng sa sona sa “basketball.” Ka eona nako eo, lelapa leso le ne le e-ba teng libokeng tsa phatlalatsa tsa Liithuti tsa Bibele San Jose, lik’hilomithara tse seng kae ho tloha lapeng Santa Clara.
Ntate o ne a batla ho bona maemo a ntlafala ’me kahoo o ne a buella bonkhetheng ba fapa-fapaneng ba lipolotiki, a bile a ngola lebitso la e mong oa bona galaseng e ka pele ea koloi ea hae. Libokeng Liithuti tsa Bibele li ne li mo bolella ka mosa hore tšepo ea sebele bakeng sa batho ha e boitekong ba lipolotiki empa ’Musong oa Molimo ka Kreste Jesu. Ntate o ne a lumela ka lekhonono, a boele a re, le hoja hoo ho lokile bakeng sa nako e tlang, hona joale o rata hore a lokise lintho ho fella moo matla a hae a ka khonang ka lipolotiki. Leha ho le joalo, kamorao ho nako lelapa leso kaofela—’mè, ntate, khaitseli ea ka le ’na—ra ananela haholoanyane ’nete ea Bibele le se hlokoang ke Lentsoe la Molimo.
Khōlo ea Moea
Joale ke ne ke hlōleha ho tsoela pele ka letsoalo le khutsitseng sekolong sa Sontaha sa Methodiste, eaba kea itokolla. Ka 1923 lelapa leso le ne le se le lula Oakland, moo ntate a neng a e-na le lebenkele le lenyenyane ’me ke ne ke kena sekolo se phahameng. Ha ke bala hore Liithuti tsa Bibele ha li tsube, ka leka ho phehella ntate hore a tlohele ho rekisa koae lebenkeleng la hae. A hana ho ntumela, empa a buisana taba ena le e mong oa Liithuti tsa Bibele, Robert Craig.
Hoba ba buisane, ntate a rera ho rekisa lebenkele la hae a bile a tloha Oakland. Hape qeto ea hae e ne e susumetsoa ke boiteko ba sehlopha se seng se neng se batla hore a rekise lino tse tahang ntle ho tumello ea molao, ’me ho mo kenya mosebetsing oa ho mokola joala, oo a ileng a hlokomela hore o ne o hanana le seo a ithutang sona phuthehong ea Oakland ea Liithuti tsa Bibele. Hona nakong eo, ka lebaka la tšusumetso ea boitsoaro bo bobe likolong, batsoali ba ka ba ntumella ho tsoa sekolong se phahameng kamor’a ho kena selemo le likhoeli tse tšeletseng.
Ra fallela Mountain View, haufi haholo le San Jose hore re tsebe ho ea libokeng tsa phutheho ea teng. Ntate a bula lebenkele le leng, ’me ka sebetsa ho loha, ke sa lefuoe ke mpa ke thusa feela. Ntate a beeletsa Molula-Qhooa le The Golden Age (e bitsoang Tsoha! hona joale), ’me ke ne ke thabela The Golden Age haholo! Ka ikutloa hore boitsebiso boo ke bo fumanang ka eona bo feta boo nka beng ke bo fumane hoja ka tsoela pele sekolong se phahameng.
Ke ne ke thahasella liboka tsa phutheho haholoanyane joale. Ka hla ka khahloa haholo ke sehlooho sa Molula-Qhooa oa March 1, 1925 se neng se re, “Ho Tsoaloa ha Sechaba.” Boitsebiso bo moo ba tšoaea tsoelopele e khōlō kutloisisong ea Liithuti tsa Bibele ea ’Muso oa Jehova Molimo ka Kreste Jesu, hore o thehiloe kapa o hlomiloe leholimong ka selemo sa 1914. Ka nako ena lelapa leso le ne le fetoha metsoalle e haufi ea Liithuti tsa Bibele tsa Mountain View, boholo ba nako re e-ba le tsona malapeng a tsona.
Ra qetella re tsebile hore thapelo ha e felle libokeng tsa phutheho feela empa metsoalle e boetse e rapela le malapeng a eona, ho akarelletsa ho leboha linakong tsa lijo. Ntate o ne a batla ho ba le pono e nepahetseng ka thapelo. Ka kakaretso o ne a talima thapelo e le boikaketsi. Ke sa hopola hore ke ne ke le teng ha a bua ka thapelo le e mong oa Liithuti tsa Bibele ea neng a etetse lebenkeleng la hae. Moeti a supa kamoo re ka lebohang Jehova Molimo ka mahlohonolo a rōna. Empa ntate a mo botsa hore re ka leboha Jehova joang ka mahlohonolo ’ohle a rōna hobane ruri ha re mo bee molato ka mathata ’ohle a rōna. Qetellong, leha ho le joalo, ra utloisisa thapelo re le lelapa ’me ra sebelisa tokisetso ena e lerato.
Tokisetso ea phutheho eo ke neng ke fumana molemo haholo ho eona e ne e le Sekolo sa Baprofeta. Sena e ne e le seboka sa baholo le litho tse ling tse tona se entsoeng ka morero oa ho koetlisetsoa ho bua phatlalatsa. Seithuti se ne se fana ka puo tabeng eo se e abetsoeng, e be ba bang ba se thusa ka keletso. Leha ho le joalo, keletso e ahang eo ke neng ke e fumana sekolong e ne e fokola ha e bapisoa le eo ke e fumaneng ho ntate kamor’a ho ba sebokeng se seng ’me a mamela ha ke leka ho bea puo.
’Na le lelapa leso re ile ra thusoa haholo ke baena ba tsamaeang, bao e neng e le baemeli ba khethehileng ba Mokhatlo oa Watch Tower. Liphutheho li ne li kenya likopo tsa selemo bakeng sa maeto a bona. J. A. Bohnet o ne a nkhahla ka ho khethehileng ’me a nthusa haholo. O ne a e-na le litšobotsi tse mo etsang ea ratehang ho batho ba bang empa li etsa ho fapaneng ho ba bang. O ne a rata Jehova ’me ka ho totobetseng a le khabane, empa tšoaneleho ena o ne a e pata ka ponahalo e lehoali.
Kolobetso le Tšebeletso ea Bokreste
Ke puo ea Moena Bohnet lapeng ha seithuti sa Bibele Mountain View e ileng ea ama bophelo ba ka ka botebo. Ha ke mo mametse a bua ka litokelo tsa ho sebeletsa Jehova le boikarabelo ba ho etsa joalo, ka hlokomela seo ke lokelang ho se etsa le seo ke batlang ho se etsa. Kahoo ka ineela ho Jehova, ’me hoo ra batla re ho etsa ka nako e le ’ngoe re le lelapa kaofela. Kaofela ha rōna ra tšoantšetsa boineelo ba rōna ho Jehova Molimo ka ho qoelisoa metsing ka la 10 Mphalane, 1926, San Jose, California.
Ka nako eo kolobetso e ne e etsoa ka mokhoa o batlang o fapane le kajeno. Moholo ea neng a kolobetsa a re ho ’na: “Moena Grant, ka lebitso la Ntate le la Mora le la moea o halalelang, joale ke u kolobelletsa ho Kreste.” E mong le e mong ho rōna ba kolobetsoang o ne a apara seaparo se selelele, se setšo se tlohang molaleng ho ea fihla maqaqailaneng. Ho tiisa hore seaparo ha se phaphamale ’me se sala se koahetse mokolobetsuoa ka bokhabane, se ne se kenngoa litšepe momenong.
Kamor’a ho kolobetsoa, ’me re se re apere, ntate a re ho moholo ea okametseng kolobetso: “Le tsoa le nkile libuka, na ha ho joalo? Le rōna joale re batla ho etsa mosebetsi oo.” Eaba lelapa leso le qalisa tšebeletsong ea tšimo.
Lekhetlo la pele leo ke bileng tšimong ka Iona moholo H. O. Lawrence a lokisetsa ho nkisa. A ntlhomella ka libukana ’me a nkisa ka koloi tšimong e San Jose. Ke ne ke nahana hore o tla sebetsa le ’na ka ntlo le ntlo, empa a re ke tsoe ka koloing ’me a re, “U theose le matlo ana.” Eaba o-oa ikela. Eaba ke theosa le matlo ao ’me ka tsamaisa libukana tse tharo ka moneelo oa lisente tse 25 ’me ka thaba haholo. Ka hore ke kopanele joalo tšebeletsong ea Bokreste, ka ikutloa ruri ke le karolo ea phutheho ea Molimo.
Hoo e ka bang nakong eona ena ra fumana litaelo ho The Bulletin (hona joale Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso) leselinyana la rōna la litaelo tsa tšebeletso la khoeli le khoeli hore re bolelle beng ba matlo ho hong ka phutheho ea Diabolose. Kahoo ha batho ba nteleka ka hore ha ba thabele ke ne ke qophella ho ba bolella hore ho na le phutheho ea Diabolose le hore e tla timetsoa. Hona ho ne ho batla ho fapane le neelano ea rōna ea mehleng e buang ka ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la Paradeise ho se ho se lefu.
Phutheho ea San Jose e ne e tsamaea libaka tse telele ho fihla ho batho ka molaetsa oa ’Muso. Lihlopha tsa boboleli li ne li tsoa kamehla ho ea Sekhutlong sa Santa Clara le maralleng a thōko le moo. Ke sa hopola naha eohle e khabile ka lifate tsa morara tse thunyang. Re ne re inkela lijo tsa motšehare ’me re sebetse letšehare lohle, ka linako tse ling re tsamaea likilomithara tse 121 kapa ho feta ho fihla sebakeng seo re tla paka ho sona.
Sea-le-moea sa KFWM sa Oakland sa sebelisoa ka lilemo tse telele ho hasa molaetsa oa ’Muso, ’me liphutheho tse tikolohong eo li ne li fana ka mananeo bakeng sa sea-le-moea mafelong a beke. Ka ba le tokelo ea ho bala lipuo tsa Bibele tse kang ea la 24 Phupu, 1927. Liletere KFWM tsa sea-le-moea e ne e le khutsufaso ea ‘Kingdom For World of Mankind’ (’Muso Bakeng sa Lefatše la Batho).
Ho Atolosa Tšebeletso ea ka
Ka letsatsi le leng ha re e-ea lapeng re tsoa sebokeng, Moena Lawrence, ea neng a ile a nkisa tšebeletsong ea tšimo ka lekhetlo la pele a ’nea foromo ea kōpo ea ho sebeletsa ntlo-khōlō ea Mokhatlo e Brooklyn, New York. Nakoana kamor’a hore re kolobetsoe, ka utloa ha ntate a re ho ’mè hoja a ne a le boemong ba ka o ne a tla etsa tšebeletso ea Jehova mosebetsi oa bophelo ba hae. Ke sona seo ke neng ke se batla, ’me ka ikutloa hore ha ke etsa kōpo ea Bethele ke neoa monyetla oa ho etsa joalo. Molula-Qhooa oa Senyesemane oa May 15, 1928, oa tsebisa hore ho tloha ka la 30 Phupu ho ea ho la 6 Phato ho tla ba le kopano ea machaba ea Liithuti tsa Bibele Detroit, Michigan. Ke ne ke batla haholo ho ea, ’me lelapa leso le metsoalle ba ’nolofaletsa ho ea. Nakong ea kopano Donald Haslett, mongoli oa J. F. Rutherford, mookameli oa Mokhatlo, a tsebisa sethalleng hore ho hlokoa baena ho kenela tšebeletso ea Bethele. A bolela hore ba batlang ho kenya likopo ba ka buisana le Moena Rutherford. Ka ea, ka tlatsa kōpo e ’ngoe ea Bethele, ’me Moena Rutherford a mpolella hore ke fihle Bethele ka la 13 Phato, 1928.
Beke kamorao ho kopano ea Detroit, ra itlaleha re le 13 bakeng sa tšebeletso ea Bethele, ka la 13 Phato. Ka nako eo litho tse 95 tsa lelapa la Bethele li ne li sebetsa moo ho etsoang ho bileng ho ntšoang lingoliloeng tse buang ka Bibele fektring e ncha e 117 Adams Street, ’me palo e ka tlasenyana ho eo e ne e sebetsa lehaeng la Bethele le liofising tse ling tsa Mokhatlo. Mosebetsi oa ka oa pele Bethele e ne e le ho tlosa libukana mochineng o neng o sebelisetsoa ho koba libukana kamor’a hore li rokelloe maqephe a ka ntle. Ka sebetsa ka khatisong nako e ka tlase ho libeke tse peli eaba ke isoa ofising, Lefapheng la Tšebeletso. Ho kopanela mosebetsing ona ha mpha kutloisiso ea hore ke nkile leoto le phutheho ea Molimo.
Kaha ho ne ho se moo nka eang teng bakeng sa phomolo ea ka ea pele, ka 1929, ka itulela Bethele. Kahoo ke ne ke le teng ha Moena Rutherford a fana ka puo Tempeleng ea Masonic e Brooklyn ka ho lumella ha Jehova bokhopo le ho tumisoa ha lebitso la Hae. Pele ho mona re ne re sa utloisise taba ena, ’me kahoo puo ea Moena Rutherford ea hlakisa ka mokhoa o thabisang taba ea bohlokoa le e ka sehloohong.
Ho Nka Leoto ka bo-1930
Tlhoro ea sebele ka 1931 ea e-ba ho amohela lebitso Lipaki tsa Jehova, kahoo ho fanoa ka lebitso le kopanyang bakeng sa batho bohle ba Molimo. Selemong se latelang lentsoe le khethollang liphutheho tsa batho ba Jehova la fetoleloa ho “sehlopha,” phetoho e neng e theiloe ho Pesaleme ea 68:11) Authorized Version). Eaba lefatšeng lohle re ba le “lihlopha” tsa Lipaki tsa Jehova e seng liphutheho.
Ka 1932 ntate a rekisa lebenkele la hae le California ’mè a kenela tšebeletso ea bopula-maliboho le ’mè le khaitseli ea ka. Ba ikahela ntlo-koloi, ’me ka lilemo tse latelang tse 20 ea sebeletsa e le lehae la bopula-maliboho bakeng sa batsoali ba ka. Khaitseli ea ka, Grace, a sebeletsa le bona ho fihlela ka 1939 ha a memeloa ho ba setho sa lelapa la Bethele ea Brooklyn. O ntse a sebeletsa teng, ’me ho tloha ka 1959 e le mosali oa Simon Kraker.
Mookameli oa fektri, Robert J. Martin, a shoa ka la 23 Loetse, 1932, ’me Moena Rutherford a khetha Nathan H. Knorr bakeng sa hae. Moena Knorr o ne a kile a sebetsa lefapheng le posang.
Selemong se latelang ha qaleha likhathatso tsa sebele ho batho ba Molimo. Ka la 30 Pherekhong, 1933, Adolf Hitler ea e-ba mookameli oa Jeremane, ’me ka la 28 Phuptjane, 1933, lekala la Jeremane la Mokhatlo oa Watch Tower le Magdeburg la hapuoa la ba la koaloa. Mopapa Pius XI a bitsa 1933 “Selemo se halalelang,” ’me hang kamor’a moo Moena Rutherford a phakisa a bua lia-lemoeeng tse 55 ka taba e reng “Liphello tsa Selemo se Halalelang Khotsong le Naleng.” Ea e-ba tokelo ea ka ho mo bitsetsa sethalleng lenaneong leo.
Mathoasong a bo-1930 khanyetso ea e-ba khōlō mosebetsing oa rōna ’me mahloriso a e-ba hohle. Lipaki tsa Jehova tsa hlophisoa ka “likarolo” ka sepheo sa ho paka ka matla libakeng tse khathatsehileng. Jeremane matšoenyeho a phahama hoo ka la 7 Mphalane, 1934, linaheng tse ngata lihlopha tsa batho ba Molimo li ileng tsa romela mehala ho Hitler ho mo lemosa hore a ke a emise.
Hoo e ka bang nakong eona ena lipuisano li ne li le ngata har’a batho ba Molimo ka hore na “bongata bo boholo” ba Tšenolo 7:9 ke bofe. Tumelo e akaretsang e ne e le hore ke sehlopha se seng sa leholimo empa e le se sa tšepahaleng hakaalo. Thutong e ’ngoe Bethele, e neng e tsamaisoa ke Moena T. J. Sullivan, ka botsa: “Kaha bongata bo boholo bo fumana bophelo bo sa feleng, na bao ba sehlopheng seo ba lula ba tšepahetse?” Litlhaloso tsa e-ba ngata empa ho se karabo e tobileng. Eare ha ho thoe ke itlhalose ka bolela hore ke ne ke mpa ke leka hore ke fumane karabelo ea e, kapa che.
Eare ka la 31 Motšeanong, 1935, kopanong ea Washington, D.C., Moena Rutherford a bua ka taba eona ena. Ke ne ke lutse sebakeng se holimo, ke shebetse bongata tlase, ’me ea e-ba thabo e kakang ha puo e phuthulla taba! Ha hlakisoa ka Mangolo hore bongata bo boholo ke ba phonyohang Harmagedone ka tebello ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng. E, e ne e le boitsebiso bo tsoelang pele ka ‘limillione tse phelang hona joale li ke ke tsa hlola li e-shoa.’
Ka la 12 Phupu, 1937, Moena Rutherford a nkhethela ho ba mohlanka oa Bethele. Ka lilemo tse ’nè le likhoeli tse tšeletseng tse qetellang bophelo ba Moena Rutherford, ka ba le tokelo ea ho sebetsa haufi haholo le eena. Qetellong ea 1937 lebitso la The Golden Age la fetoleloa ho Consolation (matšeliso), ho etsa hore ha re feta Scranton, Pennsylvania, haufi le hahabo C. J. Woodworth, mohlophisi oa makasine, Moena Rutherford a soasoe ka lebitso leo. Ho ne ho le thata ho fumana tsela e tsoelang ka ntle ho Scranton ka koloi mehleng eo, ’me ha a bua ka Moena Woodworth a re ke “Woody,” Rutherford a re: “Hase feela Woody a batlang matšeliso (consolation), ha a phela sebakeng se kang sena.”
Ntoa ea II ea Lefatše—Nako ea Teko
Ntoa ea II ea Lefatše ea qhoma ka Loetse 1939. Ka Mphalane ofisi ea rōna ea lekala e Paris ea koaloa ’me mosebetsi oa rōna oa thibeloa France. Ka selemo se latelang Canada ea thibela mosebetsi oa rōna. Selemo ka 1940 Moena Rutherford o ne a kula, ’me re sa tsebe hore na o tla ba teng kopanong e lokiselitsoeng Detroit, Michigan. A ea, empa nakong ea puo ea phatlalatsa a re ke fuoe molaetsa oa hore o khutlela Bethele hang-hang le hore ke lokisetse taba eo.
Lehlabuleng le latelang ea e-ba kopano e khōlō St. Louis, Missouri, e khōlō ho tsohle tse neng li kile tsa tšoaroa ke Lipaki tsa Jehova ho tla fihlela nakong eo. Ka abeloa ho amohela thepa ea lijo ’me ka ba le sebaka sa ho kena ka lebaleng bakeng sa karolo ea ho qetela ha ho lokolloa buka Children. Kopanong ena ha lokolloa le bukana Jehovah’s Servants Defended, e fana ka boitsebiso bo re thusang ho hlōla khanyetso ea sepolesa e hanyetsang tšebeletso ea rōna ea ntlo le ntlo.
Bukana e ne e tsoile ka nako e ntle haholo. Hamorao hona selemong seo ntate a tšoaroa le ho kenngoa litlamong ka lebaka la ho kopanela tšebeletsong. ’Mè a sala a le mong ka ntlo-koloing, a fethetsoa ka majoe. Le hoja a sa ka a tsoa kotsi, bafethetsi ba majoe ba nka lintho ka tlung, eaba ’mè o tlameha ho balehela ho Lipaki tsa moo.
Ka la 1 Mphalane, 1941, bosieong ba Moena Rutherford, ka ba le tokelo ea ho okamela seboka sa selemo sa Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania. Ke sebokeng seo moo ke ileng ka khetheloa ho ba mookameli oa mokhatlo ea Pennsylvania.
Likhoeli tse peli hamorao, ka Sontaha, ka la 7 Tšitoe, 1941, ’na, N. H. Knorr le G. E. Hannan re ne re khutla ka koloi tšebeletsong ea tšimo karolong e haufinyane ea Long Island. Re ne re mametse sea-le-moea sa koloi ’me ra utloa tsebiso e sisimosang ea hore Majapane a qhomisitse Pearl Harbour. Hona ho ne ho ama batho ba Jehova haholo—United States e ne e le ntoeng, mookameli oa Mokhatlo o ne a kulela lefu ’me lira li hatelletse ka mahohle ho emisa mosebetsi oa rōna oa ho bolela.
Le hoja Moena Rutherford a ile a shoa kamorao ho khoeli le letsatsi le le leng, mosebetsi oa ’Muso oa tsoela pele o sa thijoe. Moena Knorr a khetheloa bookameli, ’me kamorao ho selemo ka la 2 Tlhakola, 1943, a tsebisa hore ho tla buloa Sekolo sa Bibele sa Watchtower sa Gileade, bakeng sa ho koetlisa baromuoa.
Ka la 8 Motšeanong, 1945, Mookameli oa U.S., Harry S. Truman, a phatlalatsa hore Jeremane e ineetse. Ka Phato United States ea lihela seqhomane sa athomiki metseng ea Majapane ea Hiroshima le Nagasaki, ’me re ne re le nakong ea kamorao ho ntoa.
Liphetoho Kamorao ho Ntoa
Baokameli ba Motse oa New York ba re tsebisa hore ba nka karolo e kamorao ea lehae la rōna la Bethele le Columbia Heights e fellang seterateng sa Furman bakeng sa ho haha tsela e ncha e khōlō le sebaka sa ho phomola. Leha ho le joalo, Mokhatlo oa khona ho reka sebaka Columbia Heights bakeng sa ho atolosa lehae la Bethele, ’me tumello ea molao ea fumanoa ka la 22 Mphalane, 1946, bakeng sa ho haha. Kahoo ka la 27 Pherekhong, 1947, ha qala ho heletsoa karolo e kamorao ea mohaho oa rōna o seterateng sa Furman, ’me ka 1948 le 1949 ha etsoa mohaho o mocha oa Bethele oa ba oa buloa ka 1950. Ha phethoa mohaho o mong hape o mocha o mekato e robong oa fektri 117 Adams Street.
Mongoli le ramatlotlo oa Mokhatlo, W. E. Van Amburgh, o ne a sitoa ho sebetsa ka lebaka la ho hōla le ho kula eaba o itokolla setulong sa hae. Ka khetheloa ho mo hlahlama ka la 6 Tlhakola, 1947, ’me Moena Van Amburgh a shoa ka letsatsi le hlahlamang.
Nakoana kamorao ho moo, selemo ka 1947, Mokhatlo oa nthomela ho ea sebeletsa linaha tse ngata tsa Europe tse neng li futuhetsoe ke Ntoa ea II ea Lefatše. Ruri ea e-ba tokelo ho kopana le bahlanka ba khabane ba Jehova ba neng ba sa tsoa lokolloa kamorao ho lilemo tse telele likampong tsa Nazi tsa mahloriso. Ka thabela ho ba khothatsa moeeng ke le sebui se ka sehloohong likopanong tse ileng tsa tšoaroa ka nako eo.
Esale ke ne ke tle Bethele ka 1928 ke ne ke s’o khutlele California. Batsoali ba ka ba ne ba bula maliboho haholo ka Bochabela, kahoo ke ne ke khona ho ba bona nako le nako, haholo likopanong tse khōlō. Empa lehlabuleng la 1947 ha hlaha monyetla oa hore ke nke leeto le khutlelang California. Ho ne ho lokiselitsoe kopano bakeng sa Los Angeles, ka la 13 ho ea ho la 17 Phato, ’me Mokhatlo oa lokisetsa mokhoa oa ho tsamaea bakeng sa bao e bileng litho tsa lelapa la Bethele ka lilemo tse 15 kapa ho feta. Ea e-ba kopano e monate le leeto le monate hakaakang!
Litokelo Tse Khethehileng Tsa Tšebeletso
Ka lilemo-lemo ke ’nile ka boela ka thabela litokelo tse ikhethang mabapi le ho atoloha ha phutheho e bonahalang ea Molimo. Har’a thepa e ngata eo Mokhatlo o ’nileng oa e reka ke sa tsoa kopanela ha Mokhatlo oa Watchtower o reka thepa e 175 Pearl Street le 360 Furman Street, Brooklyn. Ke tšepo e tlohang botebong ba pelo ea ka hore thepa ena e atolositsoeng e ncha e tla sebelisetsoa ho ntšetsa pele katoloho e khōlō ea boboleli ba ’Muso lefatšeng lohle.
Ke tsamaile likilomithara tse makholo a likete linaheng tse ngata e seng United States feela ke fana ka lipuo likopanong tse khōlō tsa batho ba Molimo ho ba khothatsa tšebeletsong ea bona ea Bokreste. Ka mohlala, kopanong e neng e pota lefatše ea “Litaba tse Molemo tsa Kamehla le Mehla” ea 1963, ke ile ka sebeletsa ke le e mong oa baemeli ba molao ba Mokhatlo; e le e ’ngoe feela ea litokelo tse ngata tseo ke lebohang Jehova ka tsona. Ke sebeletsa ke le sebui likopanong tse ngata tse khōlō tsa Lipaki tsa Jehova Yankee Stadium, moo e kang ka 1958 ha batho ba kotara ea millione ba ne ba le teng, le hona e bile tokelo e khethehileng.
Phutheho e Tsoelang Pele
Liphihlelong tsa rōna tsa botho, lilemo li tla le liphetoho, ka linako tse ling ka masoabi li nka ha tsona, joaloka tabeng ea lefu la ntate ka la 31 Tšitoe, 1954, Illinois, setereke sa ho qetela seo a sebelitseng e le pula-maliboho ho sona. Selemong se latelang ’na le khaitseli ea ka, Grace, ra tlosa ’mè Illinois ra mo tlisa New York, moo a ileng a phela teng ho fihlela lefung la hae ka la 6 Motšeanong, 1962. Empa phetoho e thabisang haholo bakeng sa ka e bile ha Edith Rettos, pula-maliboho ea chesehang, e e-ba mosali oa ka ka la 12 Motšeanong, 1956. Ho tloha ka nako eo o sebelelitse le ’na ka bokhabane mona Bethele.
Ha ke tsoela pele lilemong tsa tšebeletso mona ntlo-khōlō ea phutheho e bonahalang ea Jehova, ho hlileng ho nthabisang pelo haholo ke bopaki bo tsoelang pele ba tlhohonolofatso ea Molimo mosebetsing oo o romileng batho ba oona hore ba o etse oa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso lefatšeng lohle pele bofelo bo hlala. (Mattheu 24:14) Ke bone ha sehlopha se Busang se hōla ka 1971 le ka 1974, ’me ho tloha ka nako eo ke kopanetse liqetong tse ngata tsa bohlokoa tse ’nileng tsa ama makala le mosebetsi oa boboleli lefatšeng lohle. Hape ke bone ha palo ea baboleli ba ’Muso e eketseha ho tloha ho 44 080 lefatšeng lohle ha ke fihla Bethele ka 1928 ho ea ho hoo e ka bang 2 500 000 ba kopanelang mosebetsing kajeno. Ruri phutheho ea Molimo e ’nile ea tsoela pele, ’me ke leboha litokelo tse ngata tsa tšebeletso tseo ke ileng ka li tšepeloa hore ke li etse mabapi le ho fana ka bopaki bo boholo ba ho qetela.
Tumelo ea ka litšepisong tsa Bibele tsa ’Muso oa ho loka oa Molimo le mahlohonolo ao o tlang ho a tlisa lefatšeng e matla ho feta leha e le neng pele. Hoja e be ne nka phela hape bocha, ha ho tsela e ’ngoe eo ke neng ke tla e khetha. Ke thabo e kakang ho ba le tokelo hore e be ke sebelelitse mona Bethele ka lilemo tse fetileng tse 55 le lelapa le leholo ho ’ohle le le babatsehang haholo la Bakreste lefatšeng!
[Lebokose le leqepheng la 15]
Ka May 30, 1983, Moena Suiter o ile a hlaheloa ke kotsi, ’me ea utloisa lesapo la hae la mokokotlo bohloko. Le hoja a batlile a holofala ’mele ’ohle, Moena Suiter o ile a loanela ho phela ka likhoeli tse tšeletseng. Kaha o ne a holofetse habohloko, ’me a se na matla a ho bua, o ile a tsoela pele ho bontša khahleho e khōlō tsoelo-peleng ea phutheho ea Jehova lefatšeng, eo a e sebelelitseng e le mongoli le ra-matlotlo ka lilemo tse 36. Leha ho le joalo, o qetile tsela ea hae ea lefatšeng ka November 22 hoseng, ’me tsebiso ena e ile ea bolelloa lelapa la Bethele e Brooklyn le Watchtower Farm kamor’a borapeli le lijo tsa hoseng hona letsatsing leo.
Laboraro mantsiboea, November 23, tšebeletso ea sehopotso e ile ea tšoareloa Holong ea ’Muso e Bethele ea Brooklyn, ’me ea bontšoa ka thelevishene liphaposing tse ling tsa ho jela ’me ea hokahanngoa ka mohala le Watchtower Farms. Ka baka leo boholo ba lelapa la Bethele la litho tse 3,123, ho kopanyelletsa le liithuti tsa Gileade, hammoho le baeti ba bangata, ba ile ba khona ho utloa lipuo tse neng li fanoa ke litho tse sa tšoaneng tsa lelapa. Lipuo tsena e ne e se tsa ho roka mofu. Ho e-na le hoo li ile tsa khothalletsa bohle ba neng ba le teng ho rua molemo ka tsela e tšepahalang ea bophelo ba Moena Suiter, ea hlileng a ipaka e le ‘sehlare se seholo sa ho loka’ le mohlōli ho loaneleng lithahasello tsa ’Muso. (Esaia 61:3; Tšenolo 14:13) Ho ile ha boleloa hape le kananelo le tšehetso e tšepahalang ea mosali oa hae, Edith, matsatsing a ho qetela a Moena Suiter tšebeletsong ea hae ea boineelo lefatšeng.
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
J. A. Bohnet a susumetsa bophelo ba ka haholo
[Setšoantšo se leqepheng la 11]
Ke ’na le khaitseli ea ka le batsoali ba ka
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Batsoali ba ka ba bula maliboho ka lilemo tse 20 ka ntlo-koloing ena
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
W. E. Van Amburgh eo ke ileng ka mo hlahlama e le mongoli-ramatlotlo oa Mokhatlo oa Watch Tower ka 1947
[Setšoantšo se leqepheng la 14]
Ka bua ka makhetlo a mangata likopanong tse khōlō—joaloka mona Yankee Stadium ka 1958
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Edith ebile molekane ea tšepahalang ho tloha ka 1956