‘Tokelo ea Lipaki ka Mali’
Selemo le selemo ho sebelisoa li-lithara tse 150,000 tsa mali lipetleleng tsa Italy, peho ena e fanoe ke Lefapha la Bophelo bo Botle. Dr. Cesare Buresta, ngaka e khōlō ea sepetlele sa Ripatransone se mane Ascoli Piceno, Italy, o boletse hore “ho ntse ho e-ba thata le ho feta hore batho ba fane ka mali, ’me mali a batho a sebelisoa habohlasoa lipetleleng, ’me sena se baka mafu a sebete le ho etsa hore ’mele oa motho o hlōlehe ho iphekola mafung a itseng.”
Hape Dr. Buresta o itse: “Ntho e bohloko ke hore. . . . Lipaki tsa Jehova li hana mali a batho ba bang ka baka la thibelo ea Bibele, ’me hoo ho bolela hore ba khahlanong le tšelo ea mali.” Leha ho le joalo, hoba sehlopha sa lingaka se sebelise mali a iketselitsoeng ka makhetlo a mararo ’me sa atleha, Dr. Buresta a qeta ka hore: “Joale ho se ho bonahala hore bohlalefi bo re [Lipaki] li nepile.”
Lipaki tsa Jehova li latela taelo ea Bibele feela: “Hanang . . . mali.” (Liketso 15:29, “NW”) Ho rata ha bona ho latela tataiso e tobileng ea Bibele tabeng ea mali ho ba sireletsa likotsing tse ling tsa bophelo bo botle. Empa ba amehile haholo ka ho khahlisa Jehova, ’me ba ela hloko keletso ea Liproverbia 3:5, 6: “U tšepe Jehova ka pelo ea hao eohle, u se ke ua itšepa hlalefo ea hao. U mo kenye mererong ea hao eohle, ’me o tla u tsamaisa litseleng tsohle tsa hao.”