Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w84 5/15 maq. 25-30
  • Le ’ne le Lumise Litlatse Hammoho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Le ’ne le Lumise Litlatse Hammoho
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Limakasine ka Pele-Pele!
  • Lithuto tsa Mahae tsa Bibele Lia Eketseha!
  • “Fallang, Fallang”
  • “Le Hoeletse ka Thabo le Kopane”!
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho II
  • Ho Thusa ba Bang ho Ithuta Lintho Tseo Molimo a li Hlokang
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Bonngoe Ho Boleleng Lentsoe la Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Ho Phatlalatsa Litaba Tse Molemo Tsa Lintho Tse Molemo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
w84 5/15 maq. 25-30

Le ’ne le Lumise Litlatse Hammoho

“Lumisang litlatse hammoho le nyakallo.”—ESAIA 52:9.

1. Ke hobane’ng ha hona joale Lipaki tsa Jehova li tlerola “hammoho”?

HAMMOHO! Buka e hlalosang mantsoe e hlalosa lentsoe lena e le “ka tumellano e feletseng: hore ntho e ’ngoe e lumellane”. Lipaki tsa Jehova li sebetsa hammoho hobane li e-na le khopolo ea Kreste, ’me li kopane ho phahamiseng lebitso la Jehova. Ka lebaka la tlhohonolofatso ea Jehova ho tsona, le eona naha ea tšoantšetso eo li phelang ho eona e nyakalletse, tšobotsi e ’ngoe le e ’ngoe ea eona e tlerola thabo. Hona hohle ho tumellanong le mantsoe a thapelo a moapostola Pauluse: “Molimo oa mamello le oa tšeliso o ke o le nee ho ba le khopolo e le ’ngoe e mong ka nqa ho e mong, ho Jesu Kreste, bohle hammoho le tle le tlotlise Molimo, e leng Ntat’a Morena oa rōna Jesu Kreste, ka molomo o lemong.”—Ba-Roma 15:5, 6; Johanne 17:4, 6, 20, 21.

2. (a) Ho latela 1 Ba-Korinthe 1:10 le Ba-Efese 4:4-6, ke hobane’ng ha liboholi “li bona ka mahlo”? (b) Litlatse li amoheloa ke bafe hape, hona joang?

2 ‘Tlotlisang Molimo.’ Ke sona se etsoang ke “liboholi” tse kopaneng tsa Jehova kajeno. Kahoo li phethahatsa boprofeta: “Utloa liboholi tsa hao! Li phahamisa lentsoe, li etsa mohoo oa nyakallo hammoho, hobane li bona ka mahlo kamoo Jehova a khutlelang Sione.” (Esaia 52:8) ‘Li bona ka mahlo,’ hobane li ‘phethehile boikutlong bo le bong le khopolong e le ’ngoe.’ (1 Ba-Korinthe 1:10; bona le Ba-Efese 4:4-6.) ’Me hona joale, ha “bongata bo boholo” bo pheta ’mohoo oa thabo,’ mohoo o etsoang lefatšeng lohle o lumaella holimo.—Tšenolo 7:9, 10, 15.

3. Phutheho ea Jehova e lefatšeng e bonahalitse thabo ea makhotla a leholimo joang?

3 Phutheho ea Molimo ea leholimo, ho akarelletsa “likete tsa likete” tsa mangeloi a halalelang, e phahamisa “lentsoe” ho rorisa Jehova e le ’Mōpi e moholo, le “Konyana” Jesu Kreste. (Tšenolo 5:11, 12; 4:11) Ka ho tšoanang, batho ba Molimo ba lefatšeng kajeno ba hlophiselitsoe tšebeletso e halalelang e thabileng. Le naha ea tšoantšetso eo ba phelang ho eona e ‘nyakaletse.’ Moprofeta o re: “Lumisang litlatse hammoho le nyakallo, lōna masupi a Jerusalema, hobane Jehova o hauhetse sechaba sa hae, o lopolotse [“o khutletse,” NW] Jerusalema.” (Esaia 52:9) Jehova o khutliselitse ‘batho ba hae,’ baemeli ba lefatšeng ba “Jerusalema oa holimo,” phutheho ea hae ea leholimo, tšenyehong eo ba bileng ho eona Ntoeng ea I ea Lefatše, ’me ho ‘lumisa litlatse’ ha bona hammoho ho felletse ka katoloho lefatšeng lohle e tsoelang pele ho tla fihlela kajeno!—Ba-Galata 4:26, 27; Esaia 52:8.

4. Jehova o se a “bonahalitse letsoho la hae” le halalelang ka tsela efe, a re nea tšepo efe bakeng sa hosesane?

4 Joale boprofeta bo re: “Jehova o bonahalitse letsoho la hae le halalelang mahlong a lichaba kaofela, ’me lipheletso tsohle tsa lefatše li tla boha poloko ea Molimo oa rōna.” Ruri Jehova o nkile bohato lebitsong la batho ba hae mathoasong a ‘mehla eo ea qetello,’ ’me haufinyane, ka Harmagedone, o tla boela a ‘bonahatse letsoho la hae le halalelang,’ a boloke batho ba hae ba hlophisitsoeng. Ka nako eo, ‘lichaba tse ngata li tla tlameha ho tseba hore ke Jehova.’—Esaia 52:10; 12:2; Ezekiele 38:23.

5, 6. (a) Ke hobane’ng ha ho potlakile hore mosebetsi oa Molimo o phethoe? (b) Phutheho e nkile bohato joang ka maikutlo a ho fana ka bopaki bo pharaletseng?

5 Letsatsi la Jehova la kahlolo le haufi! “Le akofa ka ho fetisisa.” (Sofonia 1:14) Khabareng, ‘litaba tse molemo tsa lintho tse molemo’ li tlameha ho phatlalatsoa ka bophara lefatšeng lohle. (Esaia 52:7) Hore mosebetsi o phethoe, phutheho ea Jehova e sebelisa mekhatlo e mengata e ngotsoeng molaong, e kang Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania, ’me mekhatlo ena e laola mosebetsi oa liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova lefatšeng lohle makaleng a eona a ka bang 94. Lilemong tse fetileng tse hlano, katoloho ea ho hatisa le mesebetsi e meng makaleng ana e bile khōlō hoo Mokhatlo o leng boemong bo molemonyana ho feta pele ho ‘bolela khotso le poloko.’

6 Ngohola, fektri ea Mokhatlo e Mapolasing a Watchtower, Seterekeng sa New York e ile ea atolosoa ’me le lehae la Bethele lea eketsoa hona moo. Ho kentsoe mochine o moholo oa khatiso ea limakasine o lebelo, o nang le matla a ho hatisa bonyane limakasine tse 400 000 ka letsatsi. Boholo ba mechine ea khale ea khatiso ea Mokhatlo ea M.A.N. e qhaqhollotsoe le ho hahuoa ho ba mechine e likarolo li peli e hatisang ka lebelo. Ena hona joale e sebelisoa makaleng a Watch Tower lefatšeng lohle, hammoho le Brooklyn le Mapolasing a Watchtower. Katoloho e lefatšeng lohle. Ka mohlala, lekala la Jeremane hona joale le na le mochine oa Iona oa bobeli o hatisang ka lebelo le leholo, ’me lekala la Japane le tloha le qala ho hatisa ka mochine oa Iona oa boraro o hatisang ka lebelo le leholo, o ka ntšang limakasine tse 60 000 ka hora.

Limakasine ka Pele-Pele!

7. Ke tsoelopele efe e entsoeng ho tsamaiseng lipeeletso ka 1983?

7 Katoloso ee eohle khatisong ea puso ea leholimo e bakoa ke eng? Ke ka lebaka la tšebetso e mafolo-folo ea lōna baena bohle ba tšimong. Ngohola, le fumane palo-kholo e babatsehang ea lipeeletso tse ncha tse 1 756 153 tsa limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! keketseho ea 28 lekholong ho tsa selemo se ka pele ho seo.

8. Ho ela hloko bohlokoa ba limakasine tsa rōna ho tlisitse litholoana joang?

8 Molebeli oa potoloho oa United States o ngotse hore kenyeletso e khethehileng ea maqephe a mane e neng e bua ka mosebetsi oa limakasine, e hatisitsoeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea May, 1983, “e bile le phello e sebetsang ho rōna bohle.” O re ho ne ho tloaelehile hore sehlopha se koloing se khutle tšebeletsong se fumane lipeeletso tse ’nè kapa tse hlano. Paki e ’ngoe ea hlōla pelaelo ea eona ’me ea fumana lipeeletso tse robong ka beke. Lekala la Japane la tlaleha hore lipeeletso tse ncha khoeling ea Motšeanong le Phuptjoane li bile 70 115 ha li bapisoa le tse 49 016 phutuhong e fetileng ea likhoeli tse peli—leha peeletso ea selemo e le “yen” tse 1 800 (R7,88)! Empa bohlokoa ba limakasine tsa rōna moeeng, bo ke ke ba lekanngoa ka chelete, leha e le ka silevera kapa gauda. (Liproverbia 8:10, 11) E se eka re ka tsoela pele ho bontša cheseho ha re fana ka lipeeletso ka 1984!

9. Kabo e eketsehileng ea limakasine e ka finyelloa joang?

9 Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka kabo ea rōna e akaretsang ea limakasine ka 1983? E ne e le ntle, empa ke tšobotsi e ’ngoe ea tšebeletso ea rōna e sa eketsehang. Re ka etsa joang ka eona? Hape, kananelo e tebileng bakeng sa se ka limakasineng tsa rōna e lokela ho re susumelletsa ho li nka le ho fana ka tsona ka linako tsohle, haholo ka Letsatsi la rōna la beke le beke la Makasine. Re re Letsatsi la “beke le beke” la Makasine, hobane baena ba rōna ba bangata haholo lefatšeng lohle ba thabela ho kopanela kamehla joalo. Makala a arohaneng joaloka Kenya le Hong Kong a kōpile hore mosebetsi oa Moqebelo oa bobeli le oa bone oa limakasine o tloheloe almanakeng ea Mokhatlo, kaha hona ho ka ’na ha fella ka ho fokotsa kabo ea limakasine libakeng tsa bona ka halofo. Ka mekhoa eohle, e mong le e mong a ke a kopanele tšebeletsong ena e thabileng ka Moqebelo oa bobeli le oa bone, empa hape ke eng ha joale le sa tsoele pele pakaneng ea Moqebelo o mong le o mong tšebeletsong ea limakasine—ka ntlo le ntlo, literateng le limmarakeng le litselaneng tsa makasine!—Moeklesia 11:1.

10. ’Mali e mong oa Tsoha! o ile a tleloa ke molemo ofe?

10 Hangata ke makasine e le ’ngoe e qalang cheseho, ka phello ea hore “mohlape” oa “molisa ea molemo” o eketsoa ka “nku” e le ’ngoe. (Johanne 10:14, 16) Phihlelo e latelang e bontša taba:

Ka letsatsi le leng mohoeletsi oa ’Muso oa Réunion o ne a feta lapeng ha letahoa le leng ’me monna eo a mo bitsa. A re ka thabo, “Monghali, ha ke sa noa.” Kaha Réunion batho ba bangata ba ea sepetlele ho ntšuoa tahi, Paki ea mo botsa, “U tsoa sepetleleng sefe?” Monna eo a arabela, “Ha kea ea sepetlele; ke ile ka bala Tsoha! ea January 8, 1983, e buang ka tahi eaba ke khaotsa ho noa.” Ka likhoeli tse peli, nakong ea ha ho ngoloa, Paki e ’nile ea tsamaisa thuto ea Bibele le lelapa lena ka buka U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society. Makasine o le mong oa finyella hoo!

Hona ho kenyelletsa tabeng e ’ngoe:

Lithuto tsa Mahae tsa Bibele Lia Eketseha!

11. Buka ea Phela ka ho sa Feleng e bile le matla afe tšimong ea lefatše?

11 Ka Phuptjoane 1982, Mokhatlo oa Watch Tower o ile oa lokolla buka ea ho ithuta e nang le litšoantšo U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng. Bohareng ba Loetse 1983, lifektri tsa Mokhatlo lefatšeng lohle li ne li hatisitse libuka tsena tse 14 663 229. Hona joale e fumaneha ka lipuo tse 55. ’Me buka ena e bile le phello efe tšimong ea lefatše? Matla a maholo haholo! Lekala la Watch Tower le Puerto Rico le ngola tjena mabapi le tšimo ea Spanishe moo:

‘Re amohetse libuka tse 30 000 tsa buka ea Phela ka ho sa Feleng ka Phato, empa tsa fela kapele, joale ka Mphalane ra amohela tse ling tse 30 000. Ka Tlhakola 1983 tsa be li felile hape, empa ka Tlhakubele le Phuptjoane ra amohela tse ling tse 40 000. Hape li theohetse ho tse ka bang 10 000, empa re lebelletse libuka tse ling tse 35 000 haufi.’

12. (a) Kananelo e bontšitsoe joang bukeng ee? (b) U supa chateng e maqepheng a 20-23, na u bona linaha tseo ho tsona lithuto tsa Bibele li fetang bahoeletsi ka palo?

12 Lapland monna-moholo e mong, e se Paki, a ngolla lekala la Watch Tower la Finland:

“Ke balile libuka tse ’maloa tsa bolumeli. Leha ho le joalo, ke nahana hore buka ea Iona U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng ke e ’ngoe ea tse molemo haholo ho tsona. Ke lakatsa hore le nthomelle tse 11 ke tle ke li fe metsoalle ea ka.”

Ha ho pelaelo hore buka ena e tlatselitse haholo keketsehong ea lithuto tsa Bibele tsa mahae ka selemo sa tšebeletso sa 1983. Lefatšeng lohle, ho ile ha tsamaisoa lithuto tse 1 797 112 tsa Bibele le batho ba khahlehang bocha—keketseho ea 13,3 lekholong lithutong tse 1 586 293 tsa 1982.

13. Buka ea Phela ka ho sa Feleng e ka thusa bao e seng Lipaki tse mafolo-folo joang?

13 Na u rata ho tseba hore na u ka loana joang ka katleho le mathata a bophelo? Bonana le Lipaki tsa Jehova Holong ea ’Muso ea heno ’me u kope ho rutoa Bibele ka buka ea Phela ka ho sa Feleng. Na ho nako joale u thahasella boprofeta ba Bibele joalokaha bo hlalosoa ke Lipaki tsa Jehova, empa hona joale u se Paki e mafolo-folo? Le uena, u lokela ho ithuta buka ena le e mong oa Lipaki.

14. Lipaki tsohle tse mafolo-folo li ka sebelisa buka ea Phela ka ho sa Feleng hamolemo joang?

14 Na u Paki e s’o tsamaise thuto ea Bibele le motho ea sa tsoa khahleha? Ke eng ha u sa tsose thahasello ea e mong bukeng ee—ka ho eta ka ntlo le ntlo kapa bopaki bo sa rereloang—’me u etse tlhahiso ea hore le bale buka hammoho? Ho bonolo ho ho etsa ka hore le bale lirapa feela e be le buisana ka tsona ka thuso ea lipotso le litšoantšo tse ho eona. Joalokaha Jesu ka boeena a itse, ha re amohela joko ea borutuoa ba Bokreste re ‘fumanela meea ea rōna phomolo,’ ’me thabo eo re nang le eona e eketsoa ke ha re kopanela ho thusa ba bang hore e be barutuoa. (Mattheu 11:29, 30; 28:19) ’Me lithuto tse joalo li tla re bulela tsela ea hore hamorao, re sebelise taba e tiisang tumelo e bukeng ea rōna e ncha e fellang ka pokothong, Ho Kopana Borapeling ba Molimo o le Mong oa ’Nete.

15. Bukana ea Thabela Bophelo e bile le molemo ofe o tebileng?

15 Ngohola, bukana e maqephe a 32 e litšoantšo Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng! e bile kofuto e ’ngoe e matla lenaneong la Lipaki tsa Jehova la ho ruta lefatšeng lohle. Naha e khōlō ea Afrika ea Zaire, moo tlhoro e ncha ea bahoeletsi e leng 28 126, keketseho ea 14 lekholong holim’a karolelano ea 1982, e tlaleha se latelang:

Bukana Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng! ka maleme a rōna a mangata mona e bile le phello e matla mosebetsing oa boboleli. Ba bangata ba hlalositse hore ke eona ntho e loketseng sebaka sa bona moo batho ba sa tsebeng ho bala le ho ngola kapa ba balang hampe. Liphutheho li aba tse teng ka potlako. Kereke ea Boprostanta e Isiro e ile ea kōpa phutheho ea moo hore e e fepele ka tseo e tla li sebelisa Sekolong sa Sontaha. Moruti oa Katholike oa Medje a khanna likilomethara tse telele ka “Land-Rover” ea hae hore a e’o li fumanela sekolo sa moo. Ha ho makatse ho bona baeti ba nkile bukana ena ka letsoho.

16. (a) Bukana e abiloe hakae? (b) Tumellanong le Moeklesia 11:6, bana ba banyenyane ba ka sebelisa bukana joang?

16 Likhatiso tsa Watch Tower tse lokisang buka ena hona joale li hatisitse tse fetang 17 000 000 ka lipuo tse 111, ’me e ntse e hlokahala haholo lefatšeng lohle. Bana ba bangata ba fumane bukana ena e le thuso e ntle ea ho jala lipeo tsa ’nete ho metsoalle ea sekolo, ho qetella ka lithuto tsa Bibele le bona.—Moeklesia 11:6.

17. Ke phihlelo efe e bontšang molemo oa ho ruta oa bukana ena le litšoantšo tsa eona?

17 Naha eo mosebetsi oa rōna o thibetsoeng ho eona e rōmetse tlaleho ena:

Khaitseli oa Paki ea sebelisang bukana Thabela Bophelo ho ruta bana ba banyenyane ba bararo o ne a sa tsoa qeta puisano e buang ka litšoantšo tse rapeloang. Kamorao ho thuto bana ba tsoa ka potlako ho kena ka phaposing e ’ngoe. Ba hlaha hape kamor’a nakoana, matsoho a bona a tletse mapolanka a rathiloeng, lifapano le lintho tse ling tse sa tšoaneng. Tsa beoa tafoleng ka pel’a Paki. Ea ba botsa ka ho makala hore na ba etsa joang. Ngoana e moholo a arabela, “Re qeta ho ithuta hore Bibele e re tlama ho lahla litšoantšo tsa borapeli.”

Ivory Coast e romela taba ena:

Mosali oa molebeli oa potoloho o tlaleha hore o atisa ho sebelisa bukana litabeng tse sa tšoaneng, tse kang sethepu, ho lula hammoho ha batho ba sa nyalanang, bonohe le thapelo, ka hore feela a supe lintlha tse seng kae le litšoantšo tse entsoeng hantle. E, o re, “Setšoantšo se lekana le mantsoe a sekete.”

“Fallang, Fallang”

18. Batho ba Jehova ba lokela ho “falla” ho eng haholo-holo?

18 Hase Afrika feela empa lefatšeng lohle, bohle ba lakatsang ho rapela Molimo oa ’nete, Jehova, ba tlameha ho falla bolumeling ba bohata ba Babylona le litsela tse litšila tsa bolumeli bo joalo tseo bo li jetseng kapa bo li lumellang. Moprofeta oa Molimo o re: “Fallang, fallang, le tlohe mona; le se ke la ama litšila, tsoang har’a bona! Itlhatsoeng, lōna ba jarang lipitsa tsa Jehova.”—Esaia 52:11.

19. Re lokela ho itšoara joang ha bakoenehi ba leka ho re tlosa tšebeletsong e halalelang ea rōna?

19 Ho tloha ka 1919, batho ba Jehova ba hlatsoitsoe mashano a bolumeli ba Bojakane. Empa, nako le nako, e mong a ka ’na a khutlela borapeling ba litšoantšo ’me a khaoloa phuthehong. A ka ’na a leka ho hula ba jereng “lipitsa tsa Jehova”—litokisetso tsa bohlokoa tseo Molimo o li etsetsang tšebeletso e halalelang ka ntlo le ntlo, limakasine, thuto ea Bibele le liketso tse ling tsa Bokreste. Empa Lipaki tse tšepahalang ha li batle feela le ho “ama” bokoenehi bo joalo.—2 Ba-Korinthe 6:17; 2 Johanne 9-11.

20. Lentsoe la Molimo le re’ng ka litšila tsa boitšoaro, ’me re ka li qoba joang?

20 Leha ho le joalo, kajeno ho na le litšila tse ling tse tšoasang batho ba bangata haholo ho feta bokoenehi—litšila tsa boitšoaro! Ho hlokahala re ikalose hore lefatše le se re hatelle hore re itšoare hampe! Moapostola Pauluse o lemosa hore “ha e le babōki le bafebi, leha e le basodoma, . . . ba joalo ba ke ke ba rua lefa la ’muso oa Molimo,” ’me letotong la limpe o phaella ‘ho boka, le bonyala.’ (1 Ba-Korinthe 6:9, 10; Ba-Galata 5:19-21) Ha ho na sebaka sa batho ba boitšoaro bo bobe ka paradeiseng ea moea eo Jehova a e hlommeng har’a batho ba hae kajeno, leha e le hore sebaka se joalo se tla ba teng ’Musong kapa lefatšeng la Paradeise, le haufi hakana. Batho bohle ba Molimo ba hloekileng ba ke ba tšoarelle sebakeng sa bona ka paradeiseng ea moea ka ho latela keletso e hlakileng ea Pauluse: “Tšabang bofebe,” “le tšabe tšebeletso ea litšoantšo.”—1 Ba-Korinthe 6:18; 10:14.

21. (a) Tumellanong le Esaia 52:12, ke tšepo efe eo re lokelang ho ba le eona joale? (b) Re ka bontša joang hore re na le ‘maoto a matle’?

21 Ha batho ba tlotsitsoeng ba Jehova ba lopolloa botlamuoeng ba bolumeli ba Babylona, ba ile ba utloa matla a mantsoe a builoeng ke moprofeta oa Molimo: “Hobane le ke ke la tloha ka potlako, le ke ke la tsamaea joale ka hoja le baleha, hobane Jehova o tla le etella pele, Molimo oa Iseraele o le sireletse kamorao.” (Esaia 52:12) Kajeno, “bongata bo boholo” ba “linku tse ling” tsa Morena le bona bo thabela topollo ena. Bahoeletsi bohle ba tšepahalang ba ’Muso ba 2 501 722 ba na le tšepo e feletseng ea hore Jehova o tla ’ne a ba etelle pele, le hore o tla ’ne a ba sireletse kamorao, ho isa ntoeng ea Harmagedone le ho fetela ka nqane ho eona. (Tšenolo 16:13-16) Ka lebaka leo, lōna lipaki tsa Molimo oa ’nete, Jehova, ‘lumisang litlatse, le nyakalle hammoho.’ ‘Maoto a lōna a matle’ a le potlakisetse ho ea bolela litaba tse molemo tsa lintho tse molemo, hobane ‘Molimo oa lōna oa busa!’—Esaia 52:7-9.

U ka arabela joang?

◻ Jehova o hlomelletse batho ba hae ho ‘tlerola hammoho’ joang?

◻ Ke ka litsela life tse ntle re ka bontšang ho ananela limakasine tsa rōna?

◻ Bohle re ka sebelisa hamolemo joang lingoliloeng tsa morao tjee tsa ho ithuta?

◻ Re lokela ho arabela keletso le khothatso ea Esaia 52:11, 12 joang?

[Lebokose le leqepheng la 26]

Ka Phuptjoane, Korea e tlalehile tlhōrō e ncha ea lipeeletso tse 6 656, kaholimo ho Phuptjoane ea 1982 ka 110 lekholong. Bahoeletsi ba ’Muso ba Greenland ba fumane lipeeletso tse ncha tse 510 ngohola, keketseho ea 71 lekholong ho tsa 1982

[Lebokose le leqepheng la 27]

Hona joale “Tsoha!” e hatisoa ka lipuo tse eketsehileng e le makasine e tsoang hang ka likhoeli tse ’nè—Searabia, Bicol, Croatian, Sefiji, Seheberu, Hiri Motu, Icelandic, Kikamba, Kikuyu, Serussia, Seshona, Sinhalese, Turkish le Urdu, hammoho e lipuo tse ling tsa Bochabela. Le hoja li ke ke tsa beeletsoa, li ka fumanoa ka bonngoe ka liphutheho. Likhatiso tsena tse khethehileng li amohetsoe ka thabo e khōlō

[Lebokose le leqepheng la 29]

Lelapa la falla France ho ea sehleke-hlekeng sa Mooréa French Polynesia ho ea thusa phutheho e nyenyane moo. Kamorao ho likhoeli tse seng kae, hona joale ba tlaleha bo-pula-maliboho ba 4, bahoeletsi ba 5 le lithuto tsa mahae tsa Bibele tse 51. Ho boleloa hore sehlekehlekeng se haufi sa Raiatéa, lelapa le leng le le leng le ithutile le Lipaki tsa Jehova. Lefatšeng ka bophara, “kotulo e kholo ruri.”—Mattheu 9:37.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela